Monkeypox Afrika Borwa

Vukuzenzele Unnamed

Letona la tsa Bophelo Ngaka Joe Phaahla, o netefaditse taba ya hore Monkeypox e fumanehile Afrika Borwa sebokeng sa boraditaba, Tshwane, Gauteng.
O boletse hore o fumane tlaleho ho Mokgatlo wa Naha wa Ditshebeletso tsa Dilaboratori (NHLS) hore ditekong tsa bona ba fumane hore Monkeypox e se e le teng Afrika Borwa.
Kokwanahloko ena e fumanehile profensing ya Gauteng le ya Kapa Bophirima.
Monkeypox ke bohloko bo seng matla, bo hlahella ng e le matjhatjhetsi kapa diso letlalong la motho. Ke bohloko bo seng bohale mme sekgahla sa bona sa ho bolaya ke persente feela.
Mathwasong a dilemo tsa bo 2000, bohloko bona ho ile ha tlalehwa ha bo atile dinaheng tsa Afrika tse kang Nigeria, Democratic Republic of the Congo, Central African Republic le Ghana.
Hona jwale bohloko bona bo atile haholo Yuropa mme UK ke yona e nang le palo e hodimo ya bakudi ba fetang 700, ho latele Spain ka ba fetang 500 mme ho latele Jeremane, Portugal le Fora.
Letona le boletse ha Mokgatlo wa Naha wa Mahloko a Tshwaetsanang (NICD) o rupella basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ka inthanete hore ba kgone ho bona matshwao a bohloko bona mme ho etsuwe diteko tse tlamehileng ho etsuwa tsa bohloko bona dilabora -toring. “Bohloko bona, bo tshwaetsana feela ka ho thetsana, ka hoo, o ke se tshwaetsehe ka ho ba ka tlung le mokudi wa bohloko bona,” Letona le boletse jwalo.
Letona Phaahla o netefaleditse Maafrika Borwa hore Monkeypox ha se kokwanahloko e ntjha, ka hoo, borasaense ba rona ba na le tsebo ka yona.
Modulasetulo wa Komiti ya Matona ya Dikeletso Mabapi le COVID-19, eo hape e boetseng e le setho sa NHLS, Profesara Koleka Mlisana, o re Monkeypox ke sewa haholo dinaheng tse Bohareng le Leboya ho Afrika mme le teng ha e matla hakalo.
Bohloko bo sa atang ke boo hangata bo fumane hang bathong ba itseng kapa sebakeng se itseng feela.
O boletse ha Monkeypox kae kae e ntse e itshwanela le Smallpox.“Monkeypox e na le ente le meriana ya yona. Bohloko bona bo itlhahisa e ka mokgohlane le Legionnaires. Se molemo ke hore ha o kgona ho hlalosetsa ngaka bothata ba hao, ho ba bobebe hore o etswe diteko tsa bohloko bona mme hape ha ho bobebe hore e tshwaetsane jwalo ka kokwanahloko tsena tse amang matshwafo, yona e tshwaetsana ka ho thetsana. O tshwaetseha feela ha o ile wa thetsana le mokudi wa bohloko bona,” o boletse jwalo.
Bohloko ba Legionnaires bo tshwana le ba nyomonia e matla.
Profesara Mlisana o boletse hore ho bohlokwa ho tsomana le batho ba ileng ba thetsana le bakudi ba bohloko bona, mme Lefapha la Bophelo bo Botle le tla tswela pele le ho etsa jwalo.
O netefaleditse Maafrika Borwa hore Dilaboratori tsa rona di na le disebediswa tse lekaneng ho ka kgona ho hlwaya ditshwaetso tse ntjha tse ka hlahang.
–SAnews.gov.za