Setjhaba sa rona se iletse koduwa ya ho hlokahala ha batjha tameneng ya Enyobeni

Vukuzenzele Unnamed

Dibekeng tse mmalwa tse fetileng, malapa a lekeishene la Scenery Park haufi le East London, a ne a fumane ditaba tseo ho seng motswadi ya ratang ho di utlwa.
A ne a bolellwe ha bana ba 21 ba fumanwe ba hlokahetse tameneng. E monyane ho bona kaofela o ne a le dilemo di 13 feela.
Diphuputso tsa sepolesa di tswelapele ka potloko e kgolo.
Ntle le diphuputso tsena, Mmasepala e Moholo wa Buffalo City, le ona o lekola taba ya hore na e be tamene eo ha e a tlola e meng ya melawana ya mmasepala.
Malapa ana re tla dula re a hopola mme re tla a beha le dithapelong hore a kgone ho amohela masisapelo ana.
Re leboha mmuso wa Kapa Botjhabela ka ho thusa malapa a amehileng le AVBOB ka ho thusa malapa ana mabapi le ho boloka bana bana.
Leha diphuputso di ntse di tswela pele ho netefatsa hore malapa a mahlatsipa a qetella a tsebile se etsahetseng, empa ho na le mathata ao re tlamehang ho tobana le ona jwalo ka setjhaba. Mathata ao ke pharela ya tahi baneng.
Ditshwantsho tse neng di tletse ho inthanete tsa moketjana ona wa ‘ho thabela ho qeta ho ngola ditlhahlobo’, di ne di bontsha batjha ba neng ba phahamiseditse dibotlolo tsa jwalo hodimo. Bongata ba bona bo ne bo bonahala hore bo dilemong tse ka tlase ho tse 18.
Bongata ba batjha ba Scenery Park ba neng ba bue le boraditaba ba ne ba bolele ha ba ne ba fumane molaetsa metjheng ya kgokahano ya hore bohle ba tla ya moketjaneng oo ba tla fumana jwala ba mahala.
Ho nwa ha batjha ke pharela e kgolo naheng ena, le Mokgatlo wa Matjhaba wa tsa Bophelo bo Botle o bolela ha naha ena e le e nngwe ya tse nwang haholo.
Botahwa batjheng bo tsamaisana le mathata a kang ho thisa sekolong, ho lemala ka lebaka la botahwa bona, ho ba le menahano ya ho ipolaya esitana le boitshwaro bo hlephileng.
Re tlameha ho kopana mmoho re le setjhaba ho lwantsha bothata bona bo senyetsang batjha ba rona maphelo, bo ba etse makgoba a tahi.
Jwalo ka malapa, re tlameha ho bua ka bothata bona ba jwala mme re nke le mehato e lokelang. Ke tlolo ya molao ho nwa jwala ha ngwana ya dilemo di ka tlase ho tse 18.
Jwalo ka batho ba baholo, re tlameha ho kgaotsa mokgwa wa ho roma bana jwala, kapa hona ho ba rekela bona.
Ha se kgetlo la pele re ba le koduwa e kang eo ya Scenery Park.
Ho ne ho etsahale se tshwanang tlelapong ya Throb mane Thekong ka selemo sa 2000, le tameneng ya Osi mane Khayelitsha ka selemo sa 2015.
Se tshwanang ka ketsahalo tsena le ena ya tameneng ya Enyobeni, ke ho rekisetsa batjha ba tlase dilemong jwala.
Ho sebetsa leha e le ha jwang ha dibaka tsena ho bontsha ho hloleha ha ba ka taolong ho qobella melao e behilweng.
Ka ho ya ka Molao o Laolang Jwala, beng ba dibaka tse rekisang jwala dilaesense tsa bona ha di ba dumelle ho rekisetsa batjha ba dilemo di ka tlase ho tse 18 jwala.
Re ipiletsa ho setjhaba ho sebedisana le ba ka taolong ho netefatsa hore ditamene, dishibini, dibaka tsa boithabiso le tse rekisang jwala hore di fumana kotlo e di tshwanelang ha di tlola molao.
Re ipiletsa le ho mapolesa ho netefatsa hore ha ho dibaka tse rekisang jwala haufi le dikolo le hore ha ho jwala bo rekisetswang bana.
E nngwe ntho eo re e hlokometseng ke hore mathata a tahi batjheng a atile haholo dibakeng tseo dibaka tsa boithabiso tsa batjha di leng mmalwa ho tsona.
Setjhaba sa Scenery Park se boletse ha dibaka tsa dipapadi, tsa thuto mmoho le tse thusang kgolong ya batjha e le leqeme feela, e leng se etsang batjha ba qetelle ba ‘kena ditameneng’.
Ho latela koduwa ena, setjhaba se boletse ha ho se na mabala a dipapadi Scenery Park, dilaeborari kapa tsona ditsi tsa batjha.
Jwalo ka mmuso boemong ba naha, profensi le ba mmasepala, re tlameha ho mamela sello sa setjhaba sena, le tse ding, ka hore re ahe dibaka tsa boithabiso, re thehe le mananeo le diprojeke tse tla tswela batjha ba rona molemo profensing.
Re ipiletsa le ho borakgwebo hore le bona ba kenye letsoho tabeng ena.
Re le setjhaba, re tlameha ho sebedisana le Mekga ya Setjhaba e shebaneng le Bonokwane mekgatlo ya setjhaba le ya taolo ya dikolo boitekong ba ho netefatsa paballo le tshireletso ya bana ba rona.
Re tlameha ho toboketsa mantsweng a reng “ngwana o hodiswa ke setjhaba”.
Ha re sebetseng mmoho ho sireletsa setjhaba sena sa kamoso ho bolaweng ke dithethefatsi le jwala.
Ha re kopaneng ho netefatsa hore bohle ba shebaneng feela le ho etsa tjhelete ba sa kgathalle maphelo a bana ba rona ha ba dumellwe ho rekisa moo re dulang.
Le rona ha re beng mohlala o motle tshebedisong ya jwala.
Ha re se keng ra qetella ka ho hlokomela bana ba rona feela, empa re hlokomele le ba baahisani ba rona.