Tshebediso e mpe ya letlole la dithuso tsa bana ha e molaong

More Matshediso 

Haeba o tseba hore letlole la dithuso tsa bana le fumanwang ke mohlokomedi e sebediswa hampe, o na le boikarabelo ba ho tlaleha ketso ena ho Kemedi ya Matlole a Dithuso tsa Setjhaba a Afrika Borwa (SASSA).
Ho ya ka Mmuelli wa SASSA, Paseka Letsatsi, letlole la dithuso tsa bana le lefuwa ho mohlokomedi, empa le rere- tswe tlhokomelo ya ngwana.
Ha jwale letlole leo ke R480 ka kgwedi ho ngwana ka mong.
Letlole la dithuso tsa bana le ile la thakgolwa ke mmuso ho fana ka tshehetso ya ditjhelete ho bana ba dulang malapeng a futsanehileng.
“Hang ha tshebediso e mpe e tlalehwa, ho etswa dipatlisiso. Haeba dipatlisiso di fumana hore tjhelete e fumanwang ha e sebedisetswe molemong wa ngwana, SASSA e ka kgetha motho e mong ya tlang ho amohela le ho sebedisa letlole leo lebitsong la ngwana.”
Haeba dipatlisiso di fumana hore tjhelete e fumanwang ha e sebedisetswe molemong wa ngwana, SASSA e ka kgetha motho e mong ya tlang ho amohela le ho sebedisa letlole leo lebitsong la ngwana,” ho rialo Letsatsi.
O tlatsetsa ka hore ho bohlokwa hore mohlokomedi wa mantlha, eo a hlokomelang ngwana letsatsi le le tsatsi, e be yena ya ngodisetsweng ho tla fumantshwa letlole.
“Boemong boo ngwana a tlohang ho mohlokomedi e mong ho ya ho e mong, le tlole le lokela ho latela ngwana morao. Mohlokomedi wa pele o lebeletswe ho ya tlaleha ho SASSA hore ngwana ha a sa le tlhokomelong ya hae, mme mohlokomedi e motjha wa mantlha o tlameha ho tla ho etsa kopo e ntjha ya letlole,” ho tlatseletsa Letsatsi.
Letsatsi o re batho ba ntseng ba tswela pele ho fumana le- tlole la dithuso tsa bana kamora hore bana ba se ba hlola ba eba tlasa tlhokomelo ya bona, ba tla tlameha ho lefa tjhelete eo ba e fumaneng ka mokgwa oo o seng molaong. Ba ka boela ba qoswa ka botlokotsebe haeba morero wa ho qhekella naha o ka netefatswa e le bobodu.
Ditlamorao tse tshwanang le tseo di sebediswa le ho batho ba sebedisang ha mpe matlole a ho hlokomela batho ba hlo kang hlokomelo e tebileng – a fanwang ke SASSA ho fana ka tshehetso ya ditjhelete ho bana ba nang le boqhwala bo mpefetseng bo hlokang tlho- komelo ya letsatsi le leng le le leng, matlole a boqhwala kapa matlole a maqheku.
“Haeba tjhelete e sebedisetswa jwala, dithethefatse le ho kembola eseng ho tshehetsa motho ya tshwanetseng bakeng sa dithuso tsa tjhelete, ho lokela ho latelwe mokgwa o tshwanang wa ho tlaleha,” ho rialo Letsatsi.
Ke mang ya ka kenyang kopo ya letlole la dithuso tsa bana? 
Ho ya ka Letsatsi, moahi ofe kapa ofe wa Moafrika Borwa, moahi wa moshwelella kapa mophaphathehi ya ngodisi- tsweng ka molao ya hlokomelang ngwana, ebang ke ngwana wa hae wa madi kapa tjhe, a ka kenya kopo ya letlole la dithuso tsa bana, ha feela a ikamahantsha le ditekanyetso tse thathamisitsweng ka tlase:
• Ngwana le mohlokomedi ba tlameha ho dula Afrika Borwa ka ho sa feleng.
• Mohlokomedi o tlameha ho ba le dilemo tse 16 (maemong a malapa a ete lletsweng pele ke bana) kapa ho feta.
• Ngwana o tlameha ho ba ka tlasa dilemo tse 18.
• Moamohedi wa letlole o tlameha ho ba mohlokome -di wa mantlha wa ngwana mme ngwana o lokela ho dula le yena.
• Moamohedi o tlameha ho fihlella ditlhoko tsa tlhahlobo ya mekgwa ya ho iphedisa (tlhahlobo ya lekeno).
Haeba mohlokomedi wa mantlha a sa nyala/nyalwa (a so nyale/nyalwe ho hang, kapa a hlalane le molekane wa hae kapa a hlokahalletswe ke molekane), moputso wa hae ha wa tlameha ho feta R4 800 ka kgwedi.
Haeba mohlokomedi wa mantlha a nyetse/nyetswe, tjhelete ya makeno a mokopi le molekane wa hae ha ya tlameha ho feta R9 600 ka kgwedi ha a kopantshitswe.
Lekeno la molekane le tla shejwa maemong ohle – ho sa tsotelehe hore na banyalani ba nyalane ka kopanelo ya thepa kapa kantle ho kopanelo ya thepa, tlasa meetlo ya setso kapa ka ditso tsa Seasia, ba lenyalong la batho ba bong bo le bong kapa mokopi le molekane wa hae ha se batswadi ba ngwana ba madi.
Ho tlaleha tshebediso e mpe ya letlole, letsetsa SASSA ho 0800 60 10 11 (nomoro ya mahala).