Ho nyoloha ha ditjeho tsa ho iphedisa ho hloka karabelo ya kopanelo



Dikgweding tse mmalwa tse fetileng, bareki ba Afrika Borwa ba tobane le keketseho ya ditheko e hlweleng mokwalaba e ameng boleng ba maphelo a bona hampe haholo. Jwale ho se ho tura haholo ho reka dijo le dintho tse ding tsa bohokwa, ho lefella ditshebeletso tsa motheo le ho sebedisa dipalangwang tsa setjhaba kapa tsa poraefete.
Le hoja ditjeho tsena tse ntseng di nyoloha di ama motho e mong le e mong, malapa a nang le meputso e tlase ke ona a utlwang ka letlalo ka ho fetisisa.
Tshupane ya moraorao ya Ditheko tsa Bareki ya Mmesa 2022 e phatlaladitsweng ke Lekala la Dipalopalo tsa Afrika Borwa (Stats SA) e bontsha hore ho bile le kimollo e nyenyane ho Maafrika Borwa a jereng ka thata. Infleishene ya dijo e nyolohetse ho 6.2%. Boholo ba dijo tse jewang haholo di bitsa tjhelete e ngata ho feta selemo se fetileng, moo dijo tsa bohlokwa tse kang mafura a phehang di nyolohileng haholo ho feta tse ding kaofela.
Theko ya mafura, e amang theko ya ntho e nngwe le e nngwe, e nyolohile ka makgetlo a mararo dikgweding tse 12 tse fetileng ho fihlela ka Hlakubele 2022.
Afrika Borwa ha se yona feela e bothateng bona.
Hlahlobo e sa tswa phatlalatswa ya Foramo ya Lefatshe ya Moruo e bontsha hore hoo ka bang kotara ya batho lefatsheng ka bophara, ho akarelletsa le dinaha tsa morou o tswetseng pele, di hula ka thata ditjheleteng ka lebaka la ho phahama ha ditheko.
Dikeketseho tsena, haholoholo ya theko ya mafura, ke ditlamorao tsa diketsahalo tseo re nang le taolo e fokolang hodima tsona. Kgohlano e ntseng e tswela pele dipakeng tsa Russia le Ukraine e bile le kgahlamelo e kgolo ho theko ya mafura le dijo. Dinaha tsena ka bobedi ke barekisi ba ka sehloohong ho dimmaraka tsa matjhaba tsa menontsha, dijothollo le dipeo tsa mafura tse hlokehang bakeng sa mefutafuta ya dintho tse kang mafura a phehang.
Lebaka le leng ke la tlhahiso ya temothuo e fokotsehileng ka lebaka la maemo a mabehadi a lehodimo a bakwang ke phetoho ya tlelaemete, jwalo ka dikgohola le komello.
Le hoja boholo ba diketsahalo tsena di se matleng a rona, mmuso o etsa seo o kgonang ho se etsa ho sireletsa Afrika Borwa ho nyolloheng ha ditheko hajwale le nakong e tlang.
O mong wa melemo ya rona e meholo re le naha ke Banka ya Poloko ya Ditjhelete e matla, e ikemetseng, e kgonneng ho boloka infleishene e le ka hara tekanyo e tlase haholo ho feta e leng dinaheng tse ding.
Re sa tswa phatlalatsa hore lekgetho la lefii ya mafura le tla fanyehwa dikgwedi tse ding tse pedi ho fihlela ka Phato, e leng se tla imollang malapa mojaro hanyane. Ho fanyehwa ha lekgetho la lefii ho fane ka kimollo e bohlokwa ho Maafrika Borwa ho tloha ka Mmesa.
Kaha ho fanyehwa ha lekgetho la lefii ho tla ka ditshenyehelo tse kgolo tsa ditjhelete tsa setjhaba, tse amang mananeo a mang a mmuso, ho tla ba thata ho tswelapele ka sena ka ho sa feleng.
Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse ding tseo re ka di etsang.
Ho ntlafatsa polokehelo ya dijo tsa naha ya rona ho bohlokwa haholo bakeng sa ho mamella ditshenyehelo tsena le tse tlang. Re na le lekala le matla la temothuo le ntseng le tswela pele ho hola le ho theha mesebetsi.
Ho eketsa tlhahiso ya temothuo le ho matlafatsa boikemelo ba rona tlhahisong ya dijo, re tsetela haholo ho ntlafatseng bokgoni ba tlhahiso ba lehae, ho tshehetsa dihwai tsa kgwebo le tse nyane ka ho tshwana le ho thusa batho ba bangata ho itemela dijo tsa bona.
Ka Lenaneo la Moporesidente la Kgothalletso ya Khiro, divautjhara tsa dithuso di fuwe dihwai tse thuthuhang tse fetang 65 000, mme mosebetsi o ntse o tswela pele ho fihella dihwai tse jwalo tse 250 000.
Mmuso o boetse o fa dihwai tse iphedisang ka thuso ya menotsha le disebediswa tse hlahisang dijo, le ho thusa dihlopha ka batho ho iqella dirapa tsa meroho. Diprofenseng tse kang Leboya Bophirima, dihwai tse thuthuhang di tshehetswa ka “di-starter-pack” tsa temothuo tsa dipeo le dikgoho, tse tswang dikoletjheng tsa moo tsa temothuo tse sebedisanang le mmuso. 
Ka Leano le Tswelang Pele la Kabelo ya Mobu le phano ya mobu wa mmuso bakeng sa tsa temothuo, re tshehetsa dihwai tse ngata tse thuthuhang ho atolosa dikgwebo tsa tsona le ho di atlehisa kgwebong. Re boetse re tsepamisitse maikutlo ho theheng dikamano tse ngata tsa setjhaba le tsa poraefete ho tshehetsa katoloso ya bohwai ba batho ba batsho temothuong ya lekeno ka mananeo a kang Bomphato ba Ditharollo tsa Mobu wa Temothuo le Kemedi ya Ntshetsopele ya Temothuo. 
Ho matlafatsa tshireletso ya tlhaho le ho sireletsa maphelo a diphoofolo kgahlano le mafu a kang mokaka, re matlafatsa mehato ya rona ya taolo ya metsamao wa mehlape le bokgoni ba tlhahiso ya ente. 
Ho tlatselletseng matlafatso ya tlhahiso ya dijo tsa lehae, tshebetso e pharelletseng ya dithuso tsa matlole a setjhaba le ho se be le lekgetho ho thepa ya motheo ho thuso ho sireletsa mafutsana kgahlanong le ditshenyehelo tse ntseng di phahama. Ka ditshebeletso tsa motheo tsa mahala tse kang ka metsi le motlakase bakeng sa malapa a hlokang, re ka netefatsa ha ho lelapa le hlokang ditshebeletso tsa motho. 
Ho feta nakong ena e boima, setjhaba sohle se lokela ho nka karolo. 
Ho tswa lehlakoreng la rona, mmuso o tla tswelapele ho beha maemo leihlo ka kelahloko mme o tla etsa sohle se matleng a ona ho sireletsa Maafrika Borwa kgahlano le keketseho e sa tsitsang ya ditjeho tsa ho iphedisa. 
Lekala la Koporasi la Afrika Borwa le hloka ho netefatsa hore bareki ha ba lefelle dijo ho feta kamoo ba tlamehang ho di lefella. Re amohela ditshupo tse tswang ho bahlahisi le barekisi ba dijo tsa hore ba kenya mehato ya ho thusa barekisi ho fumana tse ngata bakeng sa tjhelete ya bona. 
Ka Hlakubele monongwaha Komishene ya Dikgabisano e ile ya lokolla tshwaelo ho ya ka setjhaba ka dipehelo tsa dipatlisiso tsa mmaraka mabapi le mmaraka wa dihlahiswa tse foreshe. E hlokometse hore ditshenyehelo tsa dihlahiswa tse foreshe di ntse di eketseha ho feta infleishene, le hore sena se bile le kgahlamelo e sa lekanyetswang ho ba futsanehileng. Patlisiso e tla hlahloba hore ho na le diphetoho tse seng tsa nnete tsamaisong ya boleng ba tlhahiso le thekiso ya dihlahiswa tse bakang hore dijo di ture. 
Re tla sebedisa leano la rona la tlhodisano ho sireletsa bareki kgahlano le nyollo ya ditheko e hlokang mabaka le ditlwaelo tse kgahlanong le tlhodisano ya dikgwebo e hantle, jwalo ka ha re entse nakong ya sewa sa COVID-19. 
Tshebetso e tswelang pele ya ntlafatso ya sebopeho sa moruo wa rona e tla tshehetsa matsapa ana. Diphethoho makaleng a eneji, dipalangwang le a dikgokahano di ikemiseditse ho fokotsa ditshenyehelo tsa motlakase, thepa le datha nakong e telele ka tlhodisano e kgolokgolo e nang le bokgabane. Re lokela ho lefa hanyane, eseng ho feta bakeng sa ditshebeletso tsena nakong e tlang. 
Le ha ditheko tsa mafura le maemo a lehodimo a mpefetseng e le diketsahalo tseo re sa kgoneng ho di laola, ho sa na le ho hongata hoo re ka ho etsang, jwaloka mmuso, dikgwebo, basebetsi le setjhaba, ho thusa batho ba Afrika Borwa nakong ena e boimo.
