Ho ntshuwa ha mpa ho bolokehileng le ho molaong ha ho lefellwe

Allison Cooper

Ha ho lebaka la hore basadi ba sebedise ditliliniki tsa ho ntsha mpa tse seng molaong le tse sa bolokehang ha ba batla ho fedisa boimana ba bona.
Maikutlo ana a hlahisitswe ke Motlatsi wa Letona la Bophelo, Ngaka Sibongiseni Dhlomo, ya hlalosang hore, ho ya ka molao, basadi bohle ba na le tokelo ya ho fedisa boimana ba bona, kantle ho tefo, dipetleleng kapa ditliliniking tsa mmuso nakong ya dibeke tsa pele tse 12.
“Re le baetapele ba mmuso re utlwa bohloko ha re bona batho ba habo rona ba siya ditshebeletso  tse bolokehileng le tse sa lefellweng, le ha e le ka lebaka le ha e le lefe, ba ya moo ba ilo ntsha tjheletana ya bona ya ho qetela eo ba sa hlokeng ho e sebedisetsa ho lefa motho ya tla beha bophelo ba bona kotsing.
Ha ho lebaka la hore basadi ba lokise phoso ya boimana bo sa rerwang ka ho latela metjha ya ho qhala mpha e seng molaong, hape e sa bolokehang, hobane bohle re a di etsa diphoso. Ho qhala mpa ka mokgwa o seng molaong ha se tharollo,” o rialo Ngaka Dlomo.
Lefapha la Bophelo le na le ditsha tse 346 tsa mmuso tse fanang ka ditshebeletso tsa ho fedisa boimana tse bolokehileng, o boetse a rialo. Ho tsena, tse Kapa Botjhabela di 46, Freistata di 16, Gauteng di 25, KwaZulu-Natal di 56, Limpopo di 54, Mpumalanga di 27, Kapa Leboya di tsheletse, Leboya Bophirima di 26, mme Kapa Bophirima di 90.
Mathata a bakwang ke ho ntshuwa ha mpa ho seng molaong
Molaodi ya Tshwaretseng wa lekala la Bophelo ba Batswetse le Basadi Lefapheng la Bophelo la KwaZulu-Natal, Phalanndwa Muthupei, o re basadi ba ka tjamelana le mathata ha ba qhala mpa tliliniking e seng molaong ya ho qhalwa ha mpa.
“Mathata a a tla bonahala kapelepele a kenyeletsa ho lahlehelwa ke madi a mangata ho taboha ha molomo wa popelo, ho lemala ho matla ha ditho tsa botshehadi le mpa, tshwaetso ka mpeng le tjhefo ya madi.
“Mathata a ka iponahatsang ka morao honako e telele, basadi ba ka shebana le kotsi e batlang e le kgolwanyane ya ho hloka pelehi, ho ima ho etsahalang sethong se sa tshwanelang, ho senyehelwa kapa pelehi e tlang pele ho nako, kapa le lona lefu,” o rialo Muthupei.
“Basadi ba ka boela ba tshwarwa ke ditlamorao tse amang maikutlo tse bakilweng ke ho ntshuwa ha mpa ho seng molaong, tse kenyeletsang lefu la kgatello ya maikutlo, kgatello ya maikutlo ya nako e telele e matla le mathata a dikamano le batho ba bang.
“Diketso tsa ho qhalwa ha mpa tse seng molaong di ka boela tsa kgannela kgahlamelong ya mathata a maphelong le boiphedisong ba basadi, bana, malapa le setjhaba sa bodulong,” o tswetse pele a rialo.
Metjha e molaong ya ho ntsha mpa 
Muthupei o re basadi ba batlang ho fedisa boimana ba bona ba na le metjha e bolokehileng le e sa lefellweng eo ba ka e nkang ditliliniking le dipetleleng tsa mmuso.
“Mekgwa ya boikgethelo e tshwanela ho ba teng, eo kaofela ha yona e tshwanelang ho phethahatswa ke ngaka e kwetlisitsweng, hape e nang le boiphihlelo, kapa mooki ya nang le boitsebelo,” o tswela pele jwana.
Mekgwa ena, e ka ba ya tshebediso ya meriana kapa ya ho buuwa, e  itshetlehile tabeng ya hore na boimana bona bo se bo hatetse pele hakae.
Ho ntshuwa ha mpa ka meriana, ho etsuwang ka ho kenngwa ha mefuta e mmedi ya dipidisi tsa ho qhala mpa, ho ka etswa ha mpa e sa fete dibeke tse robong tsa boimana.
“Moimana o tla sebedisa dipidisi tsena tse tla ntsha mpa a le hae, e seng tliliniking kapa sepetlele,” o rialo Muthuphei.
Ho ntshuwa ha mpa ka ho buuwa ho ka etswa ke mooki ya ingodisitseng (haeba mpa ya moimana e so qete dibeke tse 12) kapa ngaka (haeba mpa ya moimana e na le nako ya dibeke tse 12 ho ya ho tse 20).
Ho ya ka Molao wa Boikgethelo ba Ho Ntsha Mpa wa 92 wa selemo sa 1996 (Molao wa 92 wa 1996), ho ntshuwa ha mpa ho ka boela ha etsuwa ho tloha dibekeng tse 13 ho ya ho tse 20 haeba ngaka, ka morao ho ho rerisana le moimana, e dumela hore:
• Ho tswela pele le boimana bona ho bonahala ho ka beha kotsing bophelo ba moimana enwa mmeleng wa hae kapa kelellong.
• Ho na le kotsi e kgolo eo senamane sena se ka tshwarwang ke bokowa bo matla ba mmele kapa ba kelello.
• Boimana bo etsahetse ka lebaka la peto kapa thobalano le mong ka motho.
• Ho tswela pele ka boimana bona ho ka ba le dipoelomorao maemong a mosadi a ho iphedisa le ho phedisana le ba bang.
Ho ntshuwa ha mpa ho ka boela ha etsuwa ha moimana a na le nako ya dibeke tse 20 a imme haeba ngaka, ka morao ho therisano le mmelehisi ya ingodisitseng, e dumela hore ho tswela pele le mpa ena ho ka ba kotsi bophelong ba mosadi ya immeng, ha baka bofokodi leseeng kapa lesea la ba kotsing ya ho lemala.
Ho ya ka Molao, basadi bohle, le ha e ka ba bana ba dilemo di ka tlase ho 18, ba na le tokelo ya ho kgaola boimana.
Ha ba hloke tumello ya motswadi kapa mohodisi. Ho ya ka Lefapha la Bophelo la Kapa Bophirima, haeba o le ngwana ya tlase dilemong, o tla eletswa hore o bue le motho e moholo eo o ka mo tshepang, mme o felehetswe ke motho e mong ha o se o bitsitswe.
Le ha ho le jwalo, ha o a tlameha ho etsa jwalo.