Matlafatso ya batho ba batsho moruong ke setlamo kgodisong ya moruo

Vukuzenzele Unnamed

Kgweding ya Mmesa selemong sena, kgwebisano eo e leng mohato wa bohlokwahlokwa wa matlafatso e metheo e batsi ya batho ba batsho moruong e phethahaditswe Kapa Botjhabela. Mohato ona o tla ntlafatsa haholo seabo sa dikgwebo tsa basadi ba batsho lekaleng la eneji.
Theminale ya mafura a mangata e sebediswang ke BP Southern Africa motseng wa East London e rekiseditswe Wasaa, eo e leng khampani e ikemetseng ya dihlahiswa tsa dikhemikhale tsa peterole. Wasaa e rekile diasete tsohle tse tsamayang le 20% ya dishere metjheng e kopanyang kou le boemakepe.
Ho latela tlaleho ya selemo sa 2020 ya Khomishene ya Matlafatso e Metheo e Batsi ya Batho ba Batsho Moruong, e bontshitseng hore bongata ba makala a moruo bo hlolehile ho fihlella dipakana tsa ona tsa borakgwebo ba basadi ba batho ba batsho, thekisetsano ena e unnweng ke khampani, eo beng ba yona e leng basadi ba batho ba batsho, ya kou ya mafura ke ya pele paleng ya naha ya rona.
E thusana le matsapa a rona a naha a ho etsolla ho hloka tekatekano le ho netefatsa hore ho be le seabo se bonahalang sa batho bao e leng bona ba bangata naheng ya rona moruong wa rona.
Haufinyane, ke ile ka phatlalatsa kgiro ya Lekgotla la Boeletsi la Matlafatso e Metheo e Batsi ya Batho ba Batsho Moruong, e thehilweng ka ditho tse tswang lekaleng la mmuso, lekaleng la kgwebo, lekaleng la basebetsi le ho bankakarolo ba bang. E thehetswe ho tshehetsa ka matla morero  wa phetolo ya moruo.
Sesosa sa ho thewa ha lekgotla lena e bile tlaleho ya selemo sa 2001 e ntshitsweng ke Khomishene ya BEE.
Tlaleho ena e tswetswe ke diphuputso tse matla tse fupuditseng sebopeho sa moruo wa Afrika Borwa, le hore na ho ne ho hlokeha eng bakeng sa ho fetola moruo ona, ho hodisa boitsebelo ba kgwebo ho batho ba batsho, ho netefatsa hore ho eketsehe batsamaisi le borakgwebo ba batho ba batsho, le ho tlisa basadi ba batho ba batsho kgubung ya moruo.
Selemong se tlang, ho tla be ho fela dilemo tse mashome a mabedi tsa ho pasiswa ha Molao wa Matlafatso e Metheo e Batsi ya Batho ba Batsho Moruong (B-BBEE) – o ileng wa theha lekgotla lena.
Boitlamo ba rona ba ho tsetselela le ho tebisa matlafatso ya moruo ha bo thekesele. Ke ka hona matlafatso ya batho ba batsho moruong e leng karolo ya bohlokwa ya kahobotjha le tsosoloso ya moruo nakong ena eo re thefutsweng ke sewa sa COVID-19.
Ena ke e nngwe ya dinetefaletso tseo ke di etseditseng Lekgotla la Kgwebo la Batho ba Batsho pejana kgweding ena, moo re neng re buisana ka boemo ba B-BBEE ka hara naha, tswelopele e seng e entswe le seo re tshwanelang ho se etsa mmoho ho aha hodima dikatleho tsa rona.
Le ha ho ile ha ba le tswelopele e kgolo nakong ya dilemo tsena tse mashome a mabedi, empa ho ntse ho na le dibaka tse ding tseo ho bonahetseng ho ritsa ho tsona. Dibaka tseo re kgutletseng morao ho tsona di kenyeletsa ho eketswa ha taolo ya botsamaisi ho batho ba batsho, ho ntlafatswa ha  ntshetsopele ya bokgoni, ho tsetselela ntlafatso ya dikgwebo le katoloso ya tshebetso ya theko ho fumantsha basadi ba batho ba batsho le batjha menyetla.
Mmuso wa kgethollo o ne o ho etse ka boomo ho bopa moruo o sothehileng, e le hore o tswele ba basweu molemo. Boholo ba Maafrika Borwa bo ile ba qhelelwa ka thoko ho kgubu ya moruo, e le moo borakgwebo ba batsho ba neng ba qobelletswe dikgutlwaneng tse nyenyane tsa diindasteri tsa thekiso malokeisheneng.
Nakong ya ho fela ha kgethollo, dikhampani tsa batho ba batsho tse ngodisitsweng ho JSE di ne di le ka tlase ho 1%. Lenane lena ha le a eketseha hakaalo dilemong tsena tse 28 tse fetileng.
Le ha ho le jwalo, ho nnile ha eba le boikitlaetso ba bohlokwa ba lekala la poraefete, esita le mehato e bonahalang ya mmuso ya ho thusa hore ho be le seabo se seholwanyane le se bonahalang sa batho ba batsho moruong.
Pakeng tsa selemo sa 2017 le sa 2020, dikgwebisano tse batlang di le 500 di ile tsa romelwa Khomisheneng ya B-BBEE bakeng sa ho ngodiswa. Makaleng a sehlooho a kang a kaho, thepa, theknoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano, bohahlaodi le dipalangwang, leruo la batho ba batsho le ile la ba ka hodimo ho dipakana tse behilweng.
Phetolo ya moruo le kgolo ya moruo di hokelane. Ha ho e ka bang teng ha e nngwe e le siyo.
Ka ho kopanya phetolo le tshebetso ya diindasteri, re ntshetsa pele motlolo wa kgolo o kenyeletsang bohle haholo, o abang, ho ena le o bokellang maruo nqa e le nngwe. Lefapha la Kgwebo, Diindasteri le Tlhodisano (dtic) le ntshetsa pele morero ona ka mananeo a fapafapaneng. Ona a kenyeletsa lenaneo la tshehetso bakeng sa dikgwebo tsa malokeisheneng, kwetliso e amanang le thomelontle e fanwang ke Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) dikgwebong tsa batho ba batsho, basadi le batjha, le bajete e eketsehileng ya metheo ya tshebetso ya moruo e fuwang di-SMME Sebakeng se Ikgethang sa Moruo sa Tshwane.
Ka meralo e meholo ya makala re ntshetsa pele leano la ditheko tsa lehae le tla tswela dikgwebo tsa batho ba batsho molemo. Ho tea mohlala, dikonteraka di nehilwe bahodisi ba bommaditshibana ba 10 ba batho ba batsho moo ho kentsweng matsete a dimilione tse 336 tsa diranta, e le karolo ya moralo o moholo wa thuo ya bommaditshibana.
Mmuso o boetse o thakgotse marangrang a baromellintle ba batsho a tla hokahanya dihlahiswa tsa dijo, dihlahiswa tsa boinjinere, dikarolo tsa dipalangwang, dihlahiswa tsa botle le dikarolo tse ding tsa moruo.
Jwalo ka karolo ya letsholo la rona la ho hlahisa moloko o motjha wa boradiindasteri ba batsho, mmuso o ananetse tshehetso e ntjha ya dibilione tse 2.5 tsa diranta ho thusa boradiindasteri ba batho ba batsho ba ka bang 180. Tshehetso ena e tla tla ka sebopeho sa dikadimo tsa ditjhelete ho tswa ho IDC le Letlole la Naha la Matlafatso (NEF) le diphallelo ho tswa morerong wa meropotso wa dtic. Nakong ya dilemo tse tharo tse tlang, boitlamo ba tjhelete e nngwe hape ya dibilione tse 21 tsa diranta bo se bo entswe ke IDC, NEF le mekgatlo e meng bakeng sa ho tshehetsa boradiindasteri ba batsho. Tjhelete e nngwe hape ya dibilione tse 25 tsa diranta e reretswe ho tshehetsa dikhampani tsa batho ba batsho, basadi le basebetsi.
Ho hlakile hore mosebetsi o sa ntse o le mongata o hlokang ho etsetswa ho kgahlametsana le diphephetso tseo batho ba batsho ba tjamelaneng le tsona. Tsena  di kenyeletsa bothata ba ho fumana ditjhelete tsa ho qala le ho atolla di-SMME, esita le bokgoni ba tsona ba ho fumana mebaraka bakeng sa dihlahiswa tsa tsona. Dikgwebo tsa basadi ba batho ba batsho, ka ho qoolleha, di thulana le mathata a ho hloka bokgoni ba ho iketela dikgwebisano tsa matlafatso tsa tekanyo e kgolo.
Ho kgaola lebidi la ntshetsopele e tlase ha se feela setlamo sa ho sebeletsa toka; empa ke mohopolo o motle wa kgwebo.
Taba e ntseng e tswela pele ya ho qhelela ka thoko batho ba batsho, bao e leng bona ba etsang palo e kgolo, kgubung ya moruo, ho kgina kgolo ya moruo, e le ntho eo qetellong e amang kgwebo yohle. Katoloso ya motheo wa kgwebo ke ntho ya bohlokwa kgolong ya moruo.
Re na le boikarabelo boo e leng ba rona bohle ba ho ntshetsa pele matsapa a ho tsetselela B-BBEE hobane e reretswe ho fedisa ho se lekalekane. Meruo e hlokang tekatekano e tswala ditjhaba tseo ho seng tekatekano ho tsona, ditjhaba tse hlokang tekatekano ha di hole, mme ha di atlehe.
Ha se feela hobane ho le phoso, empa ho boetse ho hloka mokoka, hore e be di kgwebo di bolokile dibopeho tsa tsona tsa botsamaisi le thuo ka kakaretso e le batho ba basweu kapa ba batona.
Hantlentle, ke setjhaba sa Maafrika Borwa seo e leng bona bareki ba mantlha ba thepa le ditshebeletso.  Sena se tshwanetse ho bonahala ho fapapfapaneng ha ditlwaelo tsa kgiro le botsamaisi, thuong le tshebetsong ya theko.
Matlafatso e metheo e batsi ya batho ba batsho moruong e tla atlehiswa feela ka bolekane le boitlamo bo kopanetsweng ba ho tlisa diphetoho.
Kgiro ya Lekgotla le letjha la B-BBEE e tla re thusa ho atolla madiboho a matlafatso e metheo e batsi ya batho ba batsho moruong. Ke ipiletsa ho lekala la kgwebo, la basebetsi le la diinasteri hore a sebedisane le lekgotla lena nakong ena eo le kenang mosebetsing ona wa bohlokwahlokwa.
