Ho aha maphelo botjha le boiphediso kamora dikgohola

Vukuzenzele Unnamed

E se e ka ba dikgwedi tse pedi dikgohola tse matla di bakile mahlomola ho parola le dikarolo tsa KwaZuluNatal, Kapa Botjhabela le Leboya Bophirima, le ho baka tahlehelo e kgolohadi ya bophelo le tshenyo ya thepa le infra straktjha.
Haufinyana tjena ke ne ke etetse Thekong ho la KwaZulu-Natal ho kopana le beng ba dikgwebo motsemoholo bakeng sa ho fana ka tshehetso bakeng sa maiteko a bona a ho tsoseletsa botjha ditshebetso tsa bona.
Ha koduwa ena ya tlhaho e ne e hlasela, ho bile le ngongoreho ya hore ba ka maemong a hodimo ba hloka bokgoni kapa maikemisetso a ho arabela ka nepo le ka bokgabane boemong bona bo nyarosang ba batho ba lahlehetsweng ke tsohle.
Kamora leeto la ka la bobedi motsemoholo esale kamora dikgohola, ke hlaketswe hore ngongoreho ena e ne e se yona. KwaZulu-Natal, jwaloka Kapa Botjhabela le Leboya Bophirima, bankakarolo bohle esale ba semelletse bakeng sa ho hlaphohelwa diketsahalong tsena tse bohloko.
Setsi sa Naha sa Bolaodi ba Dikoduwa esale se hokahanya mafapha ohle a mmuso maitekong a bona a ho fana ka kimollo malapeng a mangata a neng a anngwe ke taba ena. Ho ne ho thabisa ho bona mekgatlo eo e seng ya mmuso, badudi, dikgwebo le mekgatlo ya kimollo e kenella bakeng sa ho sebetsa le mmuso mabapi le ho fana ka thuso ya kimollo e batlehang haholo.
Bankakarolo bana kaofela ba fanne ka dijo, diaparo, dikobo, dipakana tse busetsang seriti le diaparo tsa sekolo malapeng a tsietsing bakeng sa ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bona tsa mantlha.
Ditshebeletso tsa bodulo hajwale di a nehelanwa bathong ba fetang 7 000 diterekeng tse nne tse amehileng ka ho fetisisa KwaZulu-Natal. Mosebetsi wa ho aha dibaka tsa  bodulo tsa nakwana o se o qadile bakeng sa malapa a amehileng mobung wa puso mme ho na le ditsha tsa mobu tse hlwauweng KwaZulu-Natal bakeng sa hore ba ka fallisetswa moo.
Lefapha la Merero ya Lehae, la Bophelo bo Botle le la Ntshetsopele ya Setjhaba a ne a ntse a thusa metse e amehileng ho fihlella ditshebeletso tsa bohlokwa. Ho tea ka mohlala, diyuniti tsa hloma-o-hlomolle di thusa ba lahlehetsweng ke ditokomane tsa bohlokwa dikgoholeng bakeng sa ho fumana dismart ID tse ntjha le ho ntshuwa botjha  ha mangolo a tlhaho.
Ditshebeletso tsa kalafo tsa hloma-o-hlomolle, ho kenyeletswa diente tsa COVID-19, di a nehelanwa bathong ba dibakeng tseo ditsha tse tshwarehang di so kang di sebetsa ka botlalo. Ditsela tsa ho lefa dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso di teng bakeng sa ba amehileng.
Diphaposi tsa borutelo tsa hloma-o-hlomolle di a rekwa bakeng sa hore ho ithuta le ho ruta di seke tsa sitiseha ho feta dikolong tse anngweng ke dikgohola.
Mosebetsi o motjheng bakeng sa ho lokisa dibaka tsa tlhwekiso ya metsi, diteishene tse pompang metsi le marangrang a tsamaiso ya metsi. Ditsela tse senye hileng di a lokiswa.
Marokgo a matjha a 18 a rerilwe e le karolo ya lena neo la Marokgo a Dibaka tsa Mahae la Welisizwe.
Ho boetse ho bile le kgatelopele e matla bakeng sa ho lokisa infrastraktjha e ka sehloohong e tshehetsang Boemakepe ba Durban. Ka lebaka la bohlokwa ba boemakepe moruong wa naha le wa kontinente, sephethephethe sa boemakepeng se buseditswe madulong, ditshebetso tsa theminale di kgutlile ka botlalo le mosebetsi wa ho lokisa infrastraktjha ya diporo tse senyehileng o mo tjheng.
Mehato ya tlatsetso e kentswe bakeng sa ho fana ka tshehetso ya  ditjhelete ho ka bobedi dikgwebo tse nyane le tse kgolo tse mathateng. Sena se a hlokeha kaha e le taba e potlakileng bakeng sa ho netefatsa hore dikgwebo di a phela le mesebetsi e a baballwa.
Ka dinako tse fapaneng nalaneng ya demokerasi ya rona, esale re tobana le diketsahalo le maemo a behileng boitseko ba batho ba bo rona le bokga bane ba ditheo tsa rona ditekong tse matla.
Re bone bonngwe bo sa tlwaelehang le tshehetso metseng e amehileng KwaZulu-Natal, Kapa Botjhabela le Leboya Bophirima. Mebuso ya bomasepala le ya diprovense esale e sebetsa mmoho le mafapha a naha le makala a mang bakeng sa ho thusa batho ho aha botjha maphelo a bona le ho etsa hore mesebetsi ya moruo ya lehae e boela motjheng.
Esale ba sebetsa le bankakarolo bohle dibakeng tsena kaofela ho netefatsa hore re hokahanya ka bokgabane maiteko a ho hlaphohelwa le hore re etsa meralo le ho aha botjha ka tsela ya boitseko mabapi le diketsahalo tse mahlonoko tse tshwanang le tsena kamoso.
Mamello ya badudi ba amehileng, maikemisetso a bona a ho atleha le bokgoni ba bona ba ho ipopa mmoho dinakong tsa tlokotsi e bile kgothatso.
Re hlompha bohle bao e bileng karolo ya boiteko ba ho thusa batho ba diprovense tse amehileng.
Re le mmuso, re sebedisa mehlodi kaofela e teng le ho etsa boiteko bohle ba ho netefatsa hore, ha re aha botjha, ha ho ya sa llang morao.
