Lata karete ya hao ya laesense ya ho kganna 

Vukuzenzele Unnamed

Bakganni ba entseng dikopo tsa dilaesense tsa ho kganna kapa ho ntjhafatsa dikarete kapa diphomete tsa seporofeshenale tsa ho kganna (PrDP) pakeng tsa Mphalane le Tshitwe ngwahola ba kgothaletswa ho ya di lata.
Ho ya ka Koporasi ya Bolaodi ba Sephethephethe Mebileng (RTMC), ke feela 42% ya dikarete tsa dilaesense tsa ho kganna tse 32 748 tse hlahisitsweng nakong ena tse latuweng.
Letona la Dipalangwang Fikile Mbalula le butse ditsi tsa phano ya dilaesense tsa RTMC Midrand le Eco Park ngwahola, e le karabelo ya tshallomorao ya dilaesense tsa ho kganna tse felletsweng ke nako ka lebaka la COVID-19.
Akhaonte ya Dikarete tsa  Dilaesense tsa ho Kganna, e hatisang dilaesense, e sebetsa bosiu le motsheare ho akofisa tlhahiso mme e ntse e le motjheng wa ho fedisa tshallomorao mafelong a Phuptjane.
RTMC e re batho ba lokela ho lekola boemo ba dikopo tsa bona pele ba leba ditsing tsa diteko ba ilo di lata.
Sena se ka etswa ka SMS kapa ka inthanete.
Ho lekola ka SMS boemo ba dikopo tsa bona tsa dilaesense tsa ho kganna
Bakeng sa bothata ba dilaesense tsa ho kganna, baikopedi ba ka romela dinomoro tsa bona tsa ID ka SMS ho 33214. Ebe ba tla fumana e nngwe ya di-SMS tse ka tlase mona: 
• Application received: The application was received, but has not yet been processed.
• Production queue: The card is still being processed and manufactured.
• Produced and ready for collection: The card will be ready for collection in 21 days. However, due to the high number of cards being processed, the RTMC advises you to wait 35 days before going to collect.
• Problem card: There is a  problem with the production of your card. Please return to the testing centre.
Ho lekola boemo ba kopo ya hao ya PrDP, romela nomoro ya ID ka SMS ho 44220.
Ho lekola ka inthanete boemo ba dikopo tsa bona tsa dilaesense tsa ho kganna
O ka boela wa tseba boemo ba kopo ya hao mahala ka  inthanete.
• Etela online.natis.gov.za.
• Iketsetse porofaele mme o kene websaeteng.
• Tobetsa boemo ba kopo ya hao websaeteng.
Bao dilaesense tsa bona di felletsweng ke nako pakeng tsa Tlhakubele 2020 le 31 Phato 2021, ba tlotsweng ke letsatsi la ho qetela la ho ntjhafatsa la 5 Motsheanong, ba eletswa ho iphumanela laesense ya ho kganna ya nakwana ha ba etsa kopo ya ho ntjhafatsa bakeng sa ho dula ba ntse ba imatahantse le molao.
Leha ditsi tsa RTMC di butswe Mantaha ho isa Sontaha ho tloha ka hora ya bosupa hoseng ho fihlela ka hora ya borobong bosiu, setjhaba se kgothaletswa ho nka monyetla wa mela e mekgutshwane ka boLabohlano le mafelong a beke.