Baoki ba pele ba diphoofolo ba Afrika Borwa ba fumana mangolo a thuto

Allison Cooper

Ho ba dirutehi tsa ho qala ho ba baoki ba diphoofolo ke toro e phethahetseng bakeng sa modudi wa Randburg Phumelela Mthimkhulu (21), eo esale a na le lerato la diphoofolo ho tloha bongwaneng.
Mthimkhulu haufinyana tjena o fumane mangolo a thuto Yunivesithing ya Pre toria (UP), e leng sona feela setheo sa thupello ya bo ngaka ba diphoofolo Afrika Borwa, ka lengolo la kgerata ya Bachelor of Veterinary Nursing.
“Ke ntse ke sa kgolwe hore ke nna enwa. Ho tseba hore ke ne ke le karolo ya sehlopha sa pele sa ho etsa lengolo lena, e leng se nkukileng dilemo, ke tlotla.
“Ke lebohela menyetla le mamati a tla buleha bakeng sa rona baoki hore re ntshe tse dithuto tsa rona pele le ho ipabola ka hara lekala la rona, e leng se neng se le boima ho se etsa nakong e fetileng,” o rialo.
Tamarin Fisher, e leng  Moporesidente wa Mokgatlo wa Baoki ba Diphoofolo wa Afrika Borwa, o re ona ke mokolokotwane o moholo ka ho fetisisa nalaneng ya dilemo tse 42 lekaleng lena.
“Lengolo lena le letjha la dilemo tse tharo le tla neha baoki ba nang le mangolo monyetla wa ho ingodi-setsa dithuto tsa kamora dikgerata, moo re tshepang hore ba tla qetella ba fumane mangolo a honours, masters le a bongaka (PhD).” 
Baalafi ba diphoofolo ba alafa maqeba a diphoofolo le mahloko, ho tshwana feela jwaloka ha ngaka e fana ka kalafo ya bophelo bo botle bathong. Baoki ba diphoofolo ba bohlokwa dihlopheng tsa seporofeshenale tsa dingaka tsa diphoofolo, ho rialo Mthimkhulu.
“A mang a maitsebelo a bohlokwa ao mooki a lokelang ho a bontsha ke tlhokomelo ya bakudi, ho buisana le ditlelaente, ho thusa dingaka tsa diphoofolo ka ditsamaiso, le ntho e nngwe le e nngwe e tla thusa sepetlele sa diphoofolo ho sebetsa ka tsela e hlwahlwa ka ho fetisisa.
“Ke le leng la makala a putsang ka ho fetisisa.
Haeba o batla ho ba mooki wa diphoofolo, o se ke wa dumella tshabo kapa kgaello ya tsebo ho o thibela ho le leka le ho le thabela hobane le tla fetola bophelo ba hao hore e be bo betere,” ho rialo Mthimkhulu.
Dibasari bakeng sa ho tobana le kgaello ya maitsebeloKa lebaka la kgaello e kgolo ya maitsebelo lekaleng lena, Mthimkhulu ha a ka a sokola ho fumana mosebetsi.
“Ke bile lehlohonolo haholo hore ke fumane mosebetsi Sepetlele sa Diphoofolo sa Fourways selemong sa ka sa ho qetela.
Ke qadile ho sebetsa moo ntho e ka etsang kgwedi kamora ditlhahlobo tsa makgaolakgang mme esale ke thabela motsotso o mong le o mong,” o rialo.
Bolaodi ba Lekala la Thuto le Thupello la Kalafo le Thekolohelo (HWSETA) le itlametse ho tobana le kgaello ya maitsebelo e fetelletseng ka hara lekala la kalafo ya diphoofolo le ho netefatsa diphethoho.
Haufinyana tjena bo tha kgotse Letsholo la Tataiso ya Lekala la Saense ya Kalafo ya Diphoofolo, ka semphato le Lefapha la Thuto le Thupello e Phahameng, mme bo tla etela dikolo tsa metseng ya mahae ho kgothaletsa baithuti ho nahana ka ditshebeletso tsa kalafo ya diphoofolo jwaloka motjha wa mosebetsi.
Bo boetse bo tsebisitse dibasari tse 60 bakeng sa ho tobana le kgaello e hlokolosi ya dingaka tsa diphoofolo le bathusi ba dingaka tsa diphoofolo dibakeng tsa mahae tsa Afrika Borwa.
“Dibasari di reretswe ka ho toba baithuti ba dibakeng tsa metse ya mahae kaha ba ka busetsa tsebo ya bona metseng ya bo bona,” ho rialo Ngaka Nomfundo Mnisi, e leng Modulasetulo wa HWSETA.
Motlatsi wa Letona la Thuto e Phahameng, Saense le Ntjhafatso, Buti Manamela, o amohetse dibasari tsena.
Lefapha la UP la Saense ya Bongaka ba Diphoofolo le tla thusa HWSETA ka matsholo a ho ibapatsa, a  matlole a dibasari le a ho thaotha.
“Re tla boela re thuse HWSETA mabapi le ho tsamaisa dibasari, tse neng di abetswe baithuti ba selemo sa pele sa saense ya kalafo ya diphoofolo ho tswa dihlopheng tse hlokang menyetla,” ho rialo Chris van Blerk, Hlooho ya Dikgokahanyo le Merero ya Boraditaba Lefapheng la Saense ya Kalafo ya Diphoofolo la UP.
O re batjha ba lakatsang ho latela menyabuketsong ya Mthimkhulu le ho ingodisa bakeng sa lengolo la pele la dikgerata UP ba lokela hore ba be ba phethetse Setifikeiti se Phahameng sa Naha (NSC), kapa lengolo le tshwanang le lona, le ho kgema le ditlhokeho tsa mantlha.
“Bakeng sa kgerata ya Booki ba Diphoofolo, ba lokela ho kgema le Seahlolo sa Dintlha tsa Kamohelo sa 28 le NSC ka Senyesemane e le Puo ya Lapeng kapa Senyesemane e le Puo ya Pele ya Tlatsetso, mmetse, le saense kapa disaense tsa bophelo,” o a tlatseletsa.
Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng ka lekala lena, batjha ba ka iteanya le dibaka tsa bongaka ba diphoofolo kapa ba ka bua le baalafi ba diphoofolo ba tshebeletso e tlamang ya badudi (CCS) bao e leng karolo ya Lefapha la Temothuo,  Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae (DALRRD) ho phatlalla le naha.
“Lenaneo la CCS le rerile ho fana ka ditshebeletso tse fihlellehang le tse kgonehang tsa bongaka ba diphoofolo dibakeng tse  sa fumaneng ditshebeletso tse batlehang le ho haella ka mehlodi ka hara Afrika Borwa. Kahoo, dingaka tsa diphoofolo tsa lenaneo di tla dula di sebetsa jwaloka mehlodi e hlwahlwa ya tlhahisoleseding,” ho rialo Van Blerk.