Itshireletse ho COVID-19  pele re kena mariheng

Allison Cooper

Jwalo ka ha ditshwaetso tsa Afrika Borwa tsa COVID-19 di ntse di ata pele ho leqhubu le ntseng le leptjwa la bohlano le dikgwedi tsa mariha tse seng di le haufi, mmuso o tswela pele ho kgothaletsa setjhaba ho enta kgahlano le vaerase ena le ho hlaba diente tsa tlatsetso.
Ho ya ka Letona la Bophelo Ngaka Joe Phaahla,  ka la 25 Mmesa, Afrika Borwa e hatisitse diperesente tse 137 tsa ho ata ha ditshwaetso tse ntjha tsa COVID-19, ha ho bapiswa le matsatsi a supa a fetileng, mme di nyollotswe haholo ke sekgahla se hodimo sa ditshwaetso tsa Gauteng, KwaZulu-Natal, Kapa Bophirima.
"COVID-19 e ntse e tshosa mme re ke ke ra kgona ho tlohella metjha yohle ya tshireletso," ho rialo Letona Phaahla. "Re boela re ipiletsa hore bohle ba ntse ba eso ente ba tle ba tlo enta. Re sa le ka tlasa diperesente tse 50 tsa batho ba baholo ba entileng ente e le nngwe mme seo ha se a loka. Re kgothalletsa batjha hore ba tle. Ho se tshwaetsehe ha tlhaho ho a fela ka mora nako e itseng mme ho fapana le ente, ho ke ke ha tsejwa. Re ipiletsa hore bohle ba boemong ba ho hlaba ente ya tlatsetso ba nke monyetla pele mariha a kenella," o a tlatseletsa. Lefapha la Bophelo la Kapa Botjhabela le re lesedi le hatisitsweng la naha le la matjhaba le a paka hore ho enta kgahlano le COVID-19 e sa le tshireletso e hlwahlwa ka ho fetisisa kgahlano le vaerase ena.
Ebile hona ho maleba ka ho fetisisa bakeng sa batho ba nang le masole a mmele a fokolang.
COVID-19 hae tlo fela neng kapa neng haufinyana.
Bakeng sa ho e hlola, re tlameha ho e fedisa ka ho etsa bonnete ba hore batho ba bangata ka moo ho ka kgonwang ba entile mme ba tswela pele ka ho hlaba ente ya tlatsetso, ho rialo lefapha.
Leqhubu la bohlano
Le ha e le mona ditshwaetso tsa COVID-19 di ntse di ata mme naha e lebelletse ho ba leqhubung la bohlano haufinyana, ha ho eso tsejwe hore le tla ba lebe ha kae.
"Ho se ho sa hlaka ke hore boramahlale ba rona ba re jwetsa hore leqhubu le letjha  le tla tla ka mofuta o motja o bitswang Pi, o tla hoka ho fetiswa haholo le ho baleha tshireletseho. Empa motha ting ona, ho netefaditsweng ho le ka sehloohong ke mefutafuta ya Omicron e bitswang B.4 le B.5,” ho rialo Phaahla.
Thibela tshwaetso
O ka thusa ho thibela tshwa etso ya COVID-19 ka ho etsa bonnete ba: 
• Hore o entela meento yohle ya COVID-19 (ho kenyeletsa le diente tsa tlatsetso)
• Hore meaho e fumana moya o lekaneng.
• Ho rwala semonkwana ha o le ka hara meaho ya setjhaba kapa dibakeng tse nang le batho babangata.
• Hore o entela ntaramane.
• Hore o a tseba hore o etseng ha o na le matshwao a tshwanang le a ntaramane.
• Hore o hlapa matsoho mme o tlotsa matsoho ka sebolayakokwanahloko.