Letsholo la Operation Vulindlela le bula ditsela tse lebisang kgolong

Vukuzenzele Unnamed

Moruo wa Afri ka Borwa, jwalo fela ka moruo ofe kapa ofe, o ke ke wa sebetsa, kapa hona ho hola, ntle le tlhodisano e ntle ya marangrang a diindasteri.
Diindasteri tsena – tse akgang ya motlakase, metsi, dipalangwang le marangrang a mehala – ke tsona tsa bohlokwa moruong.
Mathata a metjha a lemohilwe kgale dikarolong tsena jwalo ka e meng ya ditshitiso tsa kgolo ya moruo wa Afrika Borwa. Ho se sebetse hantle le ditjeho tse hodimo tsa marangrang a ditshebeletso ke tshitiso ya ho etsa kgwebo ka hara naha.
Bakeng sa ho rarolla le ho hlola diphephetso tsena, re thehile Letsholo la Operation Vulindlela ka Mphalane 2020 e le boikitlahetso ba Kantoro ya Moporesidente le Lefapha la Matlotlo a Naha ba ho potlakisa phetoho ya meralo diindastering tsena tsa marangrang. Ha mafapha a ikarabellang a mmuso le makala a amehang a etsa dipheto tsena, Letsholo la Operation Vuli ndlela lona le beha leihlo, le ho hlwaya diphephetso le ditshitiso.
Moo ho hlokehang, le thusa mafapha ka tshehetso ya setekgeniki.
Tlaleho ya moraorao ya kotara ka nngwe e hlakisa tema e kgathilweng ke  Letsholo la Operation Vulindlela  le mafapha a ikarabellang ntlafatsong tsena.
Ho phatlalla le mmuso, re tsepame hodima ntlafatso  tse bohlokwa mme tse etsang phetoho; tse fetolang mokgwa oo moruo wa rona o sebetsang ka ona.
Hona ho kenyeletsa fantisi e hlokwang haholo bakeng sa marangrang a mehala, e ileng ya diehiswa ka dilemo tse fetang tse leshome mme ya qetella e phethahaditswe ka Tlhakubele. Ho fantiswa ha marangrang a mantjha ana ho tla ntlafatsa kgokahano le ho theola ditheko tsa marangrang a inthanete.
Ho thehwa ha Balaodi ba Naha ba Maemakepe jwalo ka lekala le ikemetseng la Transnet ngwahola ho ile ha diehiswa ka dilemo tse fetang tse 15. Ona e bile mohato wa pele o hlokahalang wa ho thusa mekgatlo ya poraefete ho ba le seabo le ho eketsa tshebetso ya diteishene tsa rona tsa boemakepe.
Hape re kgutlisitse le tshebeletso ya Blue Drop, Green Drop le No Drop lekgetlo la pele ho tlohka 2014 ho etsa bonnete ba hore metsi a hlwekile le hore boleng ba tlhwekiso ya ona bo hodimo. Re phatlaladitse letoto le ntjhafaditsweng la Bokgoni ba Bohlokwa, hape  e le lekgetlo la pele ho tloha ka 2014.
Ena ke emeng ya mehlala moo, ka ho tsepamisa matla le maikutlo ho palo e lekaneng ya dintlafatso tse ka sehloohong, mmuso o busang ha jwale o kgonne ho tlisa tswelopele.
Ka Letsholo la Operation Vulindlela, re kgonne le ho nka mokgwa o tsepameng o akaretsang wa ntlafatso, ho netefatsa tshebetsommoho e ntle moo ho nang le mafapha a sehlopha le ditheo tse ding.
Mohlala o motle wa sena o lefapheng la motlakase moo diphetoho tse mmalwa tsa bohlokwa tse hokahaneng le tse ding di ntseng di tla bakeng sa ho fetola mokgwa o re fehlang le ho sebedisa motlakase.
Phihlello e kgolo ka ho fetisisa e kenyeletsa ho nyollwa ha bonyane ba sekepele sa dilaesense tsa ho fehla motlakase ho isa ho dimekawate tse 100, tse dumellang kgokahano ya diporojeke tsena le ho rekisetsa bareki motlakase. Re tsoseleditse  Lenaneo la Theko la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Motlakase o Ntjhafatswang  ka ho bulela dithendara tse ditjha.
Diphetoho tsa melawana ya boholo ba tlhahiso e ntjha ya motlakase di dumelletse bommasepala ho ithekela motlakase ka bobona leketlo la pele. Mme ntjhafatso ya molao e tla qetella e hlahisitse mmaraka o motjha o qothisang lehlokwa la motlakase, ka tshehetso ya phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Taolo ya Motlaka se le mosebetsi o tswelang pele wa ho lokisa Molao wa Ditheko tsa Motlakase.
Mosebetsi wa ho arola Eskom o motjheng, mme setheo se fihlelletse pehelo ya sona ya ho theha Khamphani ya Naha ya Tsa maiso ya Motlakase pele ho Tshitwe 2021.  Mono waha ka Tshitwe, re tshepa ho qeta ho arola dikarolo tsa Eskom tsa tlhahiso le tsa phepelo ya motlakase setjhabeng.
Tlaleho ya kotara le kotara e hlakisa diphihlello tse ding tsa bohlokwa, mmoho le dibaka tseo mosebetsi o matla o ntseng o etswa ho tsona.
Lefapheng la metsi, ha esale  Letsholo la Operation Vulindlela le fana ka tshehetso ya setekgeniki ho Lefapha la Metsi le Dikgwerekgwere bakeng sa ho kenya tshebetsong leano la phetoho la ho fana ka dilaesense tsa tshebediso ya metsi, ka maikemisetso a ho sebetsana le dikopo tse diperesente tse 80 matsatsing a 90.
Hape mosebtsi o tseleng wa ho theha Setheho sa Naha sa Mohlodi wa Ditshebeletso tsa Metsi se tla  etsa bonnete ba taolo e ntle ya ditshebeletso tsa rona tsa naha tsa metsi.
Lefapheng la dipalangwang, tshebetso e mpe boemakepeng le ditereneng e amme bokgoni ba rona ba ho romela dihlahiswa dina heng tse ka ntle. Mosebetsi wa ho theha tshebedisano mmoho le basebetsi ba mafapha a poraefete o tseleng bakeng sa ho tsetela ho meralo ya motheho le ho ntlafatsa taolo ya diteishene tsa dikhonthina boemakepeng ba Durban le ba Ngqura.
Pehelo setjhaba ya mmuso ka Melawana ya Diterene ya Naha, e tjhaelletsweng monwana ke Kabinete ka Tlhakubele, e hlakisa merero ya ho ntjhafatsa meaho le diporo tsa diterene le ho letla dikhamphani tse ikemetseng tsa diterene ho sebedisa diporo tsa diterene.
Transnet Freight Rail e se ntse e le mothating wa ho etsa hore ho be le dibaka tsa bakganni ba diterene ba poraefete ho marangrang a yona.
Ho thakgotswe tsamaiso e sebtsang ka botlalo ya e-Visa dinaheng tse 14, ho kenyeletsa le dimmaraka tse ding tsa rona tsa bohahlaodi. Tshekatsheko e batsi ya tsamaiso ya tokomane e dumellang batho ba dinaha tse ding ho sebetsa ka hara naha ena le yona e motjheng ho etsa hore re kgone ho hohela tsebo e hlokwang ke moruo wa rona.
Dintlafatso tsena di tliswa ke tshebedisanommoho ya mmuso ohle ka morero o le mong wa ntlafatso.
Re ipiletsa ho dikgwebo le batsetedi ho nka monyetla diphetohong tse re sebetsa nang ka tsona tsena mme ba phethahatse boitlamo le ditshepiso tsa bona ho ba dipeeletso tsa nnete, tse tla theha mesebetsi.