Lwantsha Botlokotsebe, e seng Bafalledi

Vukuzenzele Unnamed

Dilemong tse 25 tse fetileng, Molaotheo wa rona wa demokrasi o ile wa eba teng. Ka ho amohela Molaotheo ona, re tiisitse boitlamo ba rona ho setjhaba re itshetlehileng hodi ma metheo ya demokrasi, toka ya setjhaba le dirokelo tsa botho. botho.
Re ne re boetse re itlhohlolla ka botlalo diketsong tsa nako e fetileng. Ena e ne e le nako ya popeho ya setjhaba e neng e tsitsisitsweng hodima bomorabe, e iponahaditseng ka taolo ya tshubuhlelano, leeme khi rong ya basebetsi, dibaka tsa bodulo tse ajwang ho latela merabe le bukana  ya boitsebiso e soto e bitswang tompase.
Ha baholo ba rona ba ne ba rala Tjhata ya Tokolo ka selemo sa 1955, eo metheo ya yona e kenyeleditsweng ho Molaotheo wa rona, mme ba phatlalatsa hore Afrika Borwa ke ya batho bohle ba phelang ho yona, ba ne ba batla setjhaba se hlokang boratanaha bo feteletseng ba ho itshehla thajana ha merabe, kgethollo ya bomorabe, kgethollo ya morabe le kgethollo ya bong.
Ke ka hona e leng taba e ngongorehisang haholo kamoo diketsahalo tsa haufinyane tjena tsa maikutlo  a lehloyo la melata dikarolong tsa naha ya rona a boeletsang dinako tsa rona tse fetileng tsa puso ya kgethollo ya merabe.
Re bone batho ba emiswa diterateng ke baahi, mme ba qobellwa ho hlahisa boitsebiso bo netefatsang boemo ba bona ba bofalledi. Re bone baeta-pele ba itseng ba dipolotiki ba fana ka ditlaleho tse hlo kang motheo malebana le bafalledi, e le ho sebedisetsa ditletlebo tsa batho molemong wa bona wa dipolotiki.
Re bone mehwanto e lebisitsweng metseng ya batho, mme le  matlo a bona a ileng a hlaselwa ke batho ba batlang bopaki ba diketso tsa tlolo ya molao. Re bone batho ba hlaselwa, ba lematswa, esita le ho bolawa ka  lebaka la tjhebahalo ya bona kapa hobane ba ena le  sehalo se itseng.
Ona ke mokgwa oo bahatelli ba mehleng ya kgethollo ka mmala ba neng ba sebetsa ka ona.
Ba ne ba re batho ba bang ba ka phela feela dibakeng tse itseng, ba ka etsa dikgwebo tse itseng, kapa ba hirwa mesebetsing e itseng. Ka tlasa puso ya kgethollo ka mmala, batho ba batsho ba ne ba nkuwa e le babelaellwa ka lebaka feela la lebala la bona, mme ba emiswa ke mapolesa ha ba fumanwa dibakeng tseo tse neng di bitswa tsa makgowa. Batho ba batsho ba ne ba qobellwa ho hlahisa tompase, mme haeba bane ba hloleha ho etsa  jwalo, ba ne ba hlahlelwa tjhankaneng.
Re ke ke ra dumella diketso tsena tse sa lokang hore di boele di etsahale.
Diketsahalo tsa lekeisheneng la Gauteng le bitswang Diepsloot haufinyane tjena di bile sehloho.
Nakong ya mafelo a beke a le mang, batho ba supileng ba ile ba bolawa, e leng ho hoteditseng mehwanto ya boipelaetso.
Tahlehelo ena ya bophelo ha e a amoheleha ho hang, ho jwalo feela le ka ho bolawa ha Moafrika wa habo rona ya tswang Zimbabwe tlasa maemo a belaellwang e le a maqulwana a inketseng molao matsohong.
Ditlolo tsa molao ke bothata bo boholo naheng ena. Di ama metse yohle ya rona, mme batho ba a tshwanetse ho kgathatswa ke ho phela tlasa tshabo ya ditlokotsebe.
Ho fapana le ditlaleho tse etswang ke dihlotshwana tse ding le batho ba kgahlanong le bafalledi, baetsi ba ditlolo tsa molao ke ba basweu le ba batsho, ba batona le ba batshehadi, melata le baahi.
Botlokotsebe, e seng bafalledi, ke sona sera sa rona bohle, seo re tlamehang ho se lwantsha mmoho ho fihlela re se hlola.
Re ke ke ra hlola botlokotsebe ka diketso tsa bohlohleletsi, dikgoka, ditshoso le ka diketso  tsa maqulwana a inkelang molao matsohong tse lebisitsweng ho matswa ntle, le hona e le tse tobisitsweng ho baahi ba tswang dinaheng tse ding tsa Afrika.
Re a dumela hore metse e mengata e tshwenngwa ke ho bonahalang eka mapolesa a hloka bokgoni ba ho tshwara batlodi ba molao. Hara mehato eo re e nkang ho matlafatsa sepolesa ke ho hirwa ha mapolesa a 12 000 a tlatsetso hodima a seng a le teng.
Re boetse re tsoseletsa diforamo tsa setjhaba tsa sepolesa naheng ka bophara. Diforamo tsena di kopanya baahi le baemedi ba sepolesa ho ntlafatsa polokeho ya dibaka tsa bodulo le ho beha mapolesa boemong ba boikarabelo. Le ha e le mona re matlafatsa ntwa ya rona  kgahlano le botlokotsebe, ho ke ke ha amoheleha hore batho ba inkele molao matsohong.
Le ha ho le  jwalo, re a dumela hore bofalledi bo  seng molaong bo beha tshireletso ya Afrika Borwa ko tsing, esita le botsitso le tswelopele ya moruo.
Bofalledi bo seng molaong bo ama phepelo ya ditshebeletso, mme bo eketsa morwalo hodima ditshebeletso tsa mantlha  tse kang tlhokomelo ya bophelo le thuto.
Jwalo ka naha e nngwe le e nngwe e ipusang ka botlalo, re na le tokelo ya ho phethahatsa maano le mehato e nang le netefaletso ya hore meedi ya rona e a hlompheha, e tshireletsa ditokelo tsa Maafrika Borwa, mme e tsa hore batho bohle ba dulang ka hare ho naha ena e be ba nang le tokelo e molaong ya hore ba be mona.
Taolo ya bofalledi ke boikarabelo ba mmuso.
Ha ho motho le a mong wa setjhaba ya nang le tokelo ya ho nka tema ya batshwari ba ditaba tsa bofalledi kapa ba phethahatso ya molao ka ho tseka hore baahi  ba dinaha tse ding ba hlahise ditokomane tsa boitsebiso.
Ka tlasa Karolo ya 41 ya Molao wa Bofalledi, ke feela setho sa sepolesa kapa ofisiri ya ditaba tsa bofalledi ya ka kopang motho e mong ho itsebisa hore na ke moahi, ke moahi  ya nang le tumello ya bodudi ya ka dinako tsohle, kapa ke moahi wa naha e nngwe.
Haeba baofisiri bana, tlasa mabaka a utlwahalang, ba kgolwa hore motho enwa o ka hara naha ka mokgwa  o seng molaong, ba ka mmeha polokelong ya sepolesa nakong eo diphuputso tsa boemo ba hae di ntseng di etswa. Ha ho ntse ho etswa jwalo, balaodi ba phethahatso ya molao ba tlameha ho hlonepha  ditokelo le seriti sa motho eno.
Phethahatso ya melao ya bofalledi ke ntlha e  ka sehloohong ya mmuso.
Re sebeletsa ho netefatsa hore dikgokanyana tse etsang boqhekanyetsi  bo amanang le bofalledi, tshebedisanong le bao fisiri ba etsang bobodu, di tliswe ka pele ho makgotla a dinyewe.
Jwalo ka dikgwebo tse ding tsohle, dikgwebo tsa matswantle di tlameha  ho ikobela melao e amanang le dikgwebo, ho kenyeletsa melawana ya bophelo bo botle le ya polokeho, di be le ditumello le dilaesense tsohle tse hlokehang, mme di lefe mefuta yohle ya lekgetho e loke lang ho lefuwa.
Re puso ya demokrasi e thehilweng hodima ho tsitsiswa ha molao. Diketso tse seng molaong tse lebisitsweng ho melata, ho sa natsehe hore na ke e na ng le ditokomane tse molaong kapa tjhe, di ke ke tsa mamellwa.
Kajeno, kgalefoya rona o ka lebiswa ho baahi ba tswang Zimbabwe, Moza mbique, Nigeria kapa Pakistan. Ka moso, kgalefo ya rona e ka lebiswa ho rona re le inotshi − e mong ho e  mong Moafrika Borwa.
Ha re tsepamiseng maikutlo ho ho lwantsha botlokotsebe, ho sa natsehe hore na bo etswa ke mang.