Dithuso tsa phallelo tsa dikgohola KZN le Kapa Botjhabela

Allison Cooper

Mmuso o tla thusa baahi ba KwaZulu-Natal (KZN) le Kapa Botjhabela ho aha maphelo le metse ya bona botjha ka mora hore dikgohola di siye  mophula wa lefu le tshenyo diprofenseng tsena tse pedi.
Mopresidente Cyril Ramaphosa o itse Botshwari ba Matlotlo ba Naha bo tla fana ka tjhelete malebana le matsapa a dithuso tsa phallelo bakeng la ho thusa batho bao ba anngweng ke dikgohola tsena.
“Letona la Ditjhelete le itse R1 bilione e tla fumaneha hanghang,” ho rialo Mopresidente.
Mopresidente Ramaphosa o tla boela a buisana le Palamente ho fumana mehlodi ya tlatsetso. Mmuso o sebetsa mmoho  le Letlole la Mahatammoho, lekala la poraefete le mekgatlo eo e seng ya mmuso le mekgatlo ya setjhaba ho tshehetsa diphofu.
Letlole la Mahatammoho le tla bula akhaonto ya banka e ka thoko ya koduwa ya dikgohola eo ho yona bafani ba Maafrika Borwa le ba dinaha tse kantle ba tla kenya letsoho maitekong a dithuso tsa phallelo ena.
Mmuso o tla boela o fana  ka divaotjhara ho thusa malapa ho aha botjha matlo a senyehileng hanyane, ho rialo Mopresidente .
“Tlhahlobo e batsi ya ditjeho tsa moruo tse bakilweng ke dikgohola tsena e sa ntse e tla etswa, empa ho hlakile hore e tla qosa dibilione tsa diranta ba keng sa kahobotjha ya meralo ya motheo le  bakeng la tahlehelo ya tlhahiso.” O phaelletse ka hore tjhelete ena e behelletsweng ka thoko bakeng sa diphofu tsa dikgohola e tlameha ho  finyella ho batho ba e hlokang ka ho fetisisa.
“Ho tla ba bohlokwahlokwa, hore ha re etsa mosebetsi ona, mehlodi yohle eo re  e bokellang e sebedisetswe merero eo e rere tsweng, mme e finyelle ho batho bao e ba tshwanelang. Re ke ke ra mamella bobodu, taolo e mpe kapa boqhekanyetsi ba mofuta le ha e le ofe”, Mopresidente o tiiseditse setjhaba jwalo.
Karabelo ya Mekgahlelo e Meraro
Mopresidnte Ramaphosa o itse mmuso o tla arabela koduwa ena ka mekgahlelo e meraro.
E tla qala ka ho tsepamisa maikutlo ho dithuso tsa phallelo tsa hanghang tsa setjhaba, ho netefatsa hore bohle ba amehileng o bolokehile, mme ditlhoko tsa bona tsa mantlha di a kgahlametswa.
“Ntlheng ya bobedi, re tla tsepamisa maikutlo mosebetsing wa ho tsitsisa le ho tsosoloso ya maemo, le ho boela ho fumantshwa batho ba helehetsweng ke matlo bodulo le ho busetsa motjheng phano ya ditshebeletso. Ntlheng ya boraro, re tla tsitsisa maikutlo ho kahobotjha ya naha le ya matlo”, o rialo.
Mokgahlelo wa kahobotjha ya naha le ya matlo o tla kenyeletsa kaho ya matlo dibakeng tse tshwanelang.
Lefapha la Bodulo le se le ntse le qadile ho hlahloba tshenyo e etsahetseng matlong provenseng ka bophara.
“Mosebetsi wa hanghang ke wa ho fumantsha batho ba qhalakantswe ng ke dikgohola bodulo, mme ditokisetso di  ntse di etswa tsa hore ba fumantshwe matlo a bodulo ba nakwana”,  o boletse jwalo Mopresi dente Ramaphosa.
Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha le ntse  hlwaya mobu wa mmuso o loketseng ho sebedisetswa dithuso tsa phallelo ya batho  hore ho tle ho boele ho fumantshwe batho ba amehang mahae.
Tshenyehelo e Kgolo
Dipula tsena di bakile tshenyo e kgolo matlong; dikgwebong; mebileng le maborokgong, motlaka seng, meralo ya motheo ya diporo tsa diterene le mehala ya dikgokahanyo. Dikolo, dipetlele le ditliliniki, diteishene tsa sepolesa, makgotla a bommaseterata le ona a ile a ameha, mmoho le phepelo ya mafura le dijo.
Ho lekanyetswa hore baithuti ba fetang 270 000 ba amehile, le dikolo tse ka hodimo ho 600 di se nyehile, moo tse 16 tsa tsona di sa fihlelleheng ka lebaka la tshenyo e etsahetseng mebileng le marokgong a hokelang batho  le dikolo tsena.
“Ditsi tsa bophelo bo botle tse 66 di amehile, le ha ho mpa ho bile le tshitiso e seng kae feela ditshebeletsong tsa bophelo bo botle ho boholo ba ditereke tse amehileng”, ho rialo Mopre sidente.
Mosebetsi o moholo o se o ntse o etsuwa ho busetsa tshebetsong ditshebeletso tsa mantlha dibakeng tse fapafapaneng tsa KZN.
Batho ba fetang 400 ba lahlehetswe ke maphelo a bona KZN, mme batho ba bangata ba nyametse. Ho boetse ho tlalehilwe lefu la motho ya le mong profenseng ya Kapa Botjhabela.
Mahae a fetang 4 000 a helehile mme a 8 300 ona  a senyehile hanyenyane, sena se entse hore batho  ba 40 000 ba sale lepalapaleng.
Mopresidente o itse Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le Lebotho la Naha la Tshireletso la Afrika Borwa (SANDF) e bile tsona tse etellang pele matsapa a ho batla le ho pholosa diphofu.
Matsapa ana a kenyeleditse ho romelwa ha basebeletsi ba SAPS, dihlopha tsa baqwedi, makala a dintja le diketswana tse fapafapaneng, dirwalankgwana le difofane tsa mapheo a tsitsitseng ho ya dibakeng tse amehileng ka ho fetisisa.
“Difofane tse tswang ho SANDF di ile tsa sebedisetswa ho pholosa diphofu le tsamaisong ya diphepelo tsa dithuso tsa phallelo– tse kang dijo, metsi, ditente le dikobo – ho ya bathong ba dibakeng tse sa fihlelleheng ha bonolo.
“Ke file SANDF matla a ho eketsa masole, phepelo ya ditshelo tsa metsi le ya tlhwekiso ya ona, mmoho le dihlopha tsa diinjinere ho ya thusa ka ho tsosolosa phepelo ya motlakase le ya metsi,” o rialo.
Mafapha a mmuso boemong ba naha  le ba diprovense; dimmasepala; mekgatlo eo e seng ya mmuso le dikgwebo, haesale di ntse di aba disebediswa tsa mantlha tsa dithuso tsa phallelo tse kang dijo, dikobo, dimaterase, diaparo, meriana ya mafu a sa foleng, dintho tsa ho hlapa le disebediswa tsa ho pheha.
Kabinete e sa tswa phatla-latsa Boemo ba Naha ba Koduwa ho kgahlametsana le dikgohola.
Mopresidente o hlalositse ha dikgohola tsena e le koduwa ya setjhaba e qositseng hore ho be le matsapa “a maholo le a potlakileng a dithuso tsa phallelo.”“Maphelo, bophelo bo botle le boiphediso ba diketekete tsa batho di kotsing. Dikgohola tsena di bakile tshenyo e kgolo ya moruo le ya maemo a  bophelo ba batho,” o rialoLediboho la Thekong, leo e leng la bohlokwahlokwa moruong wa Afrika Borwa,  leo e leng boemakepe bo boholo ka ho fetisisa, hape bo phathahaneng ka ho fetisisa kontinenteng ena, le amehile haholo.
“Bohlokwa ba Lediboho la Thekong le meralo ya motheo e amanang le lona bakeng la tshebetso e sebetsang hantle ya moruo wa naha bo bolela hore koduwa ena e na le ditlamorao tse fihlellang kantle  ho meedi ya KZN,” ho boletese Mopresidente.
Tswelopele e se e entswe ho busetsa tshebetso setlwaeding Ledibohong la Thekong, ka ho bula ditsela tse ding tsa dilori hore di fihlelle boemakepe ba lediboho, di tsebe ho thotha malwanlwahla a boemakepeng bona.