Lekgetho le ntlafetseng le tshehetsa tlhaphohelo le kgolo ya moru 

Vukuzenzele Unnamed

Haufinyane, Tshebe letso ya Lekgetho la Afrika Borwa (SARS) e ile ya phatlalatsa sephetho sa yona sa tekanyo ya pokello ya lekgetho hore e bokeleditse lekgetho  le fetang R1.5 trilione dipakeng tsa Mmesa 2021 le Tlhakubele 2022.
Hona ho bolela hore lekge tho le le eketsehile ka 25% ha le bapiswa le la selemong se fetileng le ho nyolloha ka 15% ha le bapiswa le la selemong se fetileng pele ho sewa sa COVID-19.
Ha esale e ne e thehwe dilemong tse 25 tse feti leng, ka yona nako eo, SARS e ile ya boela e lefa palo e hodimodimo ya tjhelete ya pusetso ya lekgetho.
Tshebeletso ya pokello ya lekgetho e tsebang mosebetsi wa yona e bohlokwa haholo botebong ba ho aha mmuso wa naha o nang le bokgoni.
Tjhelete ya lekgetho e sebedisetswa hore ho be le ntshetsopele naheng ya rona.
Tjhelete e bokeleditsweng ke SARS e lefa phano ya ditshebeletso le meralo ya ditheo.
Ka R17.8 trilione eo SARS e bokeleditseng ho tloha ha e ne e thehwa ka 1997, re kgonne ho aha ditheo tsa setjhaba tse kang ditliniki, dikolo, dipetlele, ho ntjhafatsa le ho aha ditsela tse ntjha, le ho tshehetsa ditho tsa setjhaba tse tlokotsing ka ho fetisisa ka ma-tlole a mmuso le mekgwa e meng.
Ha ditsamaiso tsa pokello ya lekgetho le melao ya teng e tshehetsang e sebetsa hantle, e sa dubakana mme e na le tekatekano, e kgothaletsa boikamahantsho bo boholwanyane.
 Ho aha botjha botsitso le botshepehi SARS e ne e leng e nngwe ya dintlha tsa ka tse ka sehlohlolong ha ke ne ke kgethwa ho ba Mopresidente ka 2018.
Jwalo ka tse ding tsa ditsha tse bohlokwahlokwa, SARS e ile ya hahlamelwa hampe ke ditlamorao tsa ho hula mmuso ka nko, ka boitshunyatshunyo ba bahlanka ba dipolotiki, tsamaiso e bohlaswa le dintlha tse ding tse  ileng tsa ama tshebetso ya yona hampempe. Hona ho bile le ditlamorao ka kotloloho eseng feela ka ho nyahamisa mafolofolo a balefi ba lekgetho, empa ho boela ho eba le tahlehelo ya boitshepo tshebetsong ya setsha sena.
Ka 2018, ke ile ka thonya komishini ya dipatlisiso tsa tsamaiso ya lekgetho le taolo ya SARS e ileng ya etelwa pele ke Moahlodi wa Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo a seng a behile meja fatshe, Robert Nugent. Komishini e ile ya fana ka tlaelo ya yona e phethahetseng mafelong a sona selemo seo.  Ka mora dilemo tse nne, SARS e se batla e phethahaditse dikgothaletso tsohle tse 16 le dikgothaletso tse ka tlase ho tseo tse 27 ho kgutlisa botsitso ka hara setsha sena.
SARS e phethaditse lewa la ho fetola dintho ka ho ipeha ka pelepele tshebetsong le ditshebeletsong tse kgabane.
E entse leano la ho phahamisa mafolofolo a ho lefa lekgetho le boikamahantso.
Ditjeo tse hodimo tsa ha jwale tsa dintho tse bohlokwa, di baka hore lekgetho la dikoporasi le eketsehe, mme di bile le seabo ho eketseng pokello ya lekgetho ya dikgwebo. Ho hong ho bapetseng karolo ke mehato ya SARS ya ho ntlafatsa theknoloji ya lesedi le ditheo tse ding tsa yona, ho ntjhafatsa bolaodi ba mmedi, ho hira batho ba nang le bokgoni, mme le ho lwantshana le ho qoba ha ho lefa lekgetho  le ho fedisa diketso tse seng molaong.
E nngwe ya dikgothaletso tsa Komishini ya Nugent e ne e le hore SARS e hire botjha basebetsi ba tla hlahloba le ho fuputsa dikgwebisano tse seng molaong.
Yuniti ya Moruo o Seng Molaong e ileng ya thehwa botjha ka 2018 mme e fihleletse dikatleho tse mmalwa ho lwantsheng dikgwebisano tsa moruo tse seng molaong, ho kenyeletsa le ho tsepama ho bolaodi ba meedi bo sa ikamahantsheng le molao.
Pokello ya lekgetho ho tswa ho dikgwebo tse ngodisitsweng Johannesburg Stock Exchange (JSE), dinaha tse fapaneng le boleng ba lekeno la motho kang di se di laolwa ka mokgwa o nepahetseng ke Yuniti ya yona ya Dikgwebo tse Kgolo, e ileng ya thakgolwabotjha ka 2020.
Mme ka lebaka lena phahello ya SARS e tswang boikamantsho ba ho lefa lekgetho e ntlafetse haholo ho lekgetho la motho kang, lekeno la dikoporasi le ho Lefa o Ntse o Fumana Moputso.
SARS e fedisa mahlahahla a ba tlwaetseng ho qoba lekgetho, ba unang molemo  ho tsamaiso ya ditlolo tsa molao, le ba nang le seabo diketsong tsa bobodu.
Ho se ho totobetse hore ‘ralekgetho’ ke e nngwe ya disebediswa tse sebe tsang haholo ho fedisa bobodu.
Maemong ao mekgwa ya ho phela ya batho e sa tsamaelane le tseo ba di phatlaladitseng, SARS e ntse e etsa bolekudi ba mekgwa ya bona ya ho phela. Selemong se fetileng, SARS e ile ya phethela bolekudi  ba mekgwa ya ho phela e ileng ya baka hore ho bokellwe R474 milione.
Ha re tswelapele ho ba le kgatelopele ka maiteko a ho matlafatsa basebetsi ba mmuso le ho aha ditsha tse ileng tsa qhwadiswa ke ho haptjwa ha naha, ho sa na le tse ngata tseo re tla e thutang tsona ho tswa ho tseo SARS e di fihletseng ka nako e kgutshwanyane haholo.  Ha ditsha tsa mmuso di tsamaiswa le ho sebetsa hantle, ha di bontsha botshepehi le hloka leeme tshebetsong ya tsona, sena se ba le seabo ho eketseng maemo a tshepo mmusong. Boitshepo ba kgwebo le botsetedi le bona bo ya ntlafala, mme hona ho kgothalletsa  letsete le kgolo ya moruo.
Ketapele le basebetsi ba SARS ba tshwanetswe ke thoriso ka mosebesi wa bona o bokgabani. Diteboho di tlameha ho boela di lebiswa ho balefi ba lekgetho ba Afrika Borwa ya tshepahalang. Ntle le tshebedisano mmoho ya bona, makgetho a ha  mmamorao tjena ekabe a sa phethahala. SARS e atolotse motheo wa lekgetho ka 1.8 milione wa boingodiso bo botjha nakong ya dilemo tse fetileng e leng katleho e nngwe e kgabane.  Re ka kgona ho aha Afrika Borwa botjha ha feela re tswella ho ikamaha ntsha le boitlamo ba rona ka kopanelo, mme re tiisa mosebetsi o ntseng o phethahala ha jwale ho netefatsa hore  makgetho a sebediswa hantle ka kela hloko.