Boloka bana ba sireletshehile inthaneteng

Vukuzenzele Unnamed

Ha lefatshe le ntse le tswela pele ho potlakisa tshebediso ya inthanete, ho bohlokwa hore bana ba sebedise menyetla ena mme ba etse jwalo ba ihlokometse.
Haufinyane Tsamaiso ya Dikgokano le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS) le Digify Africa di ile tsa tshwara kopano ya inthaneteng le Media Monitoring Africa (MMA) le Film and Publication Board (FPB) ho ruta bana, matitjhere, batswadi  le setjhaba ka mokgwa wa ho ba le boikarabelo inthaneteng.
Phakamile Khumalo, Molaodi wa Lenaneo la  Ntshetsopele ya Setjhaba le Tsebo ya Masedinyana wa MMA, o itse bana ba supi leng ho ba 10 ba arabileng dipotso tsa karolo ya Diphuputso tsa SA Kids Online ba itse ba sebedisitse inthanete ntle le tumello ya batswadi ba bona. Ke bana ba bane feela ho ba 10 ba boletseng hore ba na le tsebo e itseng ya lesedi le mabapi le polokeho ya inthaneteng.
Hona ho bontsha hore bana ba hloka tsebo le mehlodi ya ho ba thusa ho sebedisa inthanete ka mokgwa o bolokelehileng.
Mmaletjema Poto, Moofisiri wa Tshireletso ya Bana wa FPB, o itse batswadi ba hloka ho ela hloko kotsi eo bana ba bona ba tobanang le yona inthaneteng, ho kenyeletsa ho shebella difilimi tse bontshang thobalano ya bana kapa tlhekefetso ya motabo ya bana, le ho tjhoriswa ke dilalome tsa tlhekefetso ka motabo.
Bana e kaba diphofu tsa dilalome tsa tlhekefetso ka motabo tsa inthane teng ha ba batla ho itseng feela inthaneteng le ho tobetsa lehokanyi le fosahetseng.
Ebe batlodi ba molao ba hapa tshepo ya bona mme ba qale ho ba tjhorisa.
“Hangata ngwana o ba le dihlong mme kahoo o tshaba ho bua ka sena, e leng se etsang hore ho be boima ho  ba ntsha ho tebetebeng ena ya ho tjhorisetswa diketso tsa thobalano ya bana,” ho rialo Poto.
O boetse a hlokomedisa kgahlano le ho fetisetsana dividio kapa ditshwantsho tsa thobalano ya bana inthaneteng.
“E se e le tlwaelo jwale ho fetisetsana dintho marangrang.
Empa, ho fetisetsana dintho tsa mefuta o tjena ke bopaki ba tlhekefetso ya bana. Ho fumanwa o ena le dintho tsena kapa ho di fetisetsana ke tlolo ya molao,” ho rialo Poto.
Thuso e ya fumaneha
Ho na le mehlodi e mengata e fumanehang ho thusa bana ho sebedisa inthanete ka mokgwa o bolokehileng.
MMA e laola Web Rangers, lenaneo la ho ithuta ka tsa dijithale ho ntlafatsa tsebo ya baithuti, matitjhere le batswadi. Dividio tse hlokomedisang batho ka tlhekefetso ya inthane teng, ho romellana melaetsa  ya thobalano ka selefouno le ho tjhorisa bakeng sa thobalano inthaneteng, di fumaneha ho www.webrangers.co.za.
MMA e boela e thusa bana ka websaete ya  yona ya Hashplay (https://hashplay.co.za), eo e kenyeletsang mokato wa marangrang a dumella ng bana ho buisana le moeletsi wa inthaneteng ka tseo ba kopanang le tsona ho marangrang.
Digify Africa e na le Kitso WhatsApp bot (platefomo ya dipuisano) ya mahala e thusang bana ho ntshetsa pele tsebo ya ho ithuta ka tsa  dijithale. Etela https://digifyafrica.com/learnersresponsible-citizens.
O ka tlaleha tlhekefetso ya bana ka motabo kapa tlhekefetso ya bana  ka dikgokaho FPB ka ho romela imeile ho ho tline@fpb.org.za kapa wa letsetsa 012 003 1400. Tlaleo e tlangodiswa ka e le pinyane. O ka kenya tlaleo ntle le ho tsebisa lebitso la hao.
