Phepo e ntle ya dijo dikolong e netefatsa hore bana ha ba lape 

Vukuzenzele Unnamed

Bana ba fetang milioni tse robong ba fumana dijo tse  nang le phepo e ntle sekolong ka diteboho ho Lenaneo la Naha la Phepo e Ntle la Dikolo (NSNP), le ileng la thakgolwa ka 1994.
Lenaneo lena le ikemiseditse ho ntlafatsa bokgoni ba bana ba ho ithuta, ka ho fokatsa kgaello ya phepo e ntle, tlala le ho ntlafatsa palo ya bana ba tlang sekolong, haholoholo ba  dikolong tse hlokang menyetla.
“Lenaneo lena le bohlokwahlokwa bakeng sa ho ntshetsapele ditokelo tsa baithuti tsa molaotheo tsa phepo e ntle le thuto ya motheo,” ho hlalosa Motlatsi wa Letona la Thuto ya Motheo, Ngaka Reginah Mhaule.
Ka lebaka la NSNP, boholo ba bana ba fihla sekolong ka nako le ho tla sekolong kgafetsa, mme le ho mamela ka hloko ha bona ka phaphosing ya borutelo ho ntlafetse. Ho ya ka Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE), baithuti ba rutwa mekgwa e metle ya ho ja dijo tse matlafatsang mmele le ditsela tse ntle tsa mokgwa wa ho phela. Dikolo di kgothaletswa ho lema dirapa tsa tsona tsa dijo ho tlatseletsa lenane la dijo tsa NSNP. Baithuti, matitjhere le batswadi ba rutwa ho itemela dijo.
Dikgao tsa NSNP
Sekolo sa Thabang Primary se Bethlehem, Freistata, ke se seng sa dikolo tse unang moleng ho NSNP.
Haufinyane se ile sa hapa Kgao ya Sekolo se Hlwahlwa sa NSNP.
Dikgao di ne di keteka mananeo a dikolo a phepo e ntle ka ho sheba ditlwaelo tsa tsona tsa bohlweki le boitshireletsi, dijo tse nang le phepo e ntle, dirapa tsa dijo le thuto ya phepo e ntle.
“Ke lebohile haholo hore sekolo se hapile kgao,” ho rialo Seyanokeng Sejake, eo a nang le dilemo tse 24 e  le mosuwehlooho wa Thabang Primary.
Sekolo sa Thabang Primary esale se tsamaisa lenaneo la sona la phepo e ntle ho tloha ka 1994. Ha jwale, se netefatsa hore bana ba sona ba 1 065 ba fumana dijo tsa hoseng tse kwenneng letsatsi le letsatsi tse rekwang ho kgwebo ya lehae.
Dijo di phehwa ke ditho tsa setjhaba tse hlo kang mesebetsi, bao ba ileng ba hlwahwa ke lekgotla la tsamaiso ya sekolo (SGB).
“Baithaupi ba rona ba tshelela ba hiruweng ba hlophisang dijo (VFH) ba pheha dijo tse fepelwang ke Lefapha la Thuto ka dikabelo tsa matlole ho sekolo,” ho rialo Sejake.
Ka bong, di-VFH ba fumana meputso bakeng la ho hlophisa dijo.
Sekolo sa Thabang Primary se hapile kgao e ka sehlohlolong dikgaong ka lebaka la  ho sebetsa ka thata le boitelo ba SGB ya sona, sehlopha sa tsamaiso le komiti ya NSNP e sebetsang, ho rialo Sejake.
“Ho fihla ka nako ke setlwaedi. Ha re dumelle bolofa, ntle le lebaka le utlwahalang, mme ha re na baithuti ba tlohelang sekolo ba soka ba phethela dithuto tsa bona.
Ho mamela ka hloko le ho sebetsa hantle ha baithuti ba rona mesebetsing ya bona kaofela ya sekolo di ntlafetse le tsona,” o rialo.  Hobane moputso wa ho hapa kgao ke kitjhine ya majabajaba e hauweng ke Tiger Brands Foundation, mme lenaneo la phepo e ntle la sekolo le tla ntlafala  le ho feta.
Sekolo sena se netefatsa hore ho na le phepelo e leka neng ya dijo e tla tsamaiswa hantle, ho netefatsa hore ho dula ho ena le dijo bakeng la lenaneo lena.
“Ho etsa mohlala, re na le serapa sa dijo se fepelang meroho e tlatsele tsang dio tsa NSNP,” ho hla losa Sejake.
Bahlodi ba dikgao
Mokgahlelong wa Dikolo tse Hlwahlwa, Grootdrink Inte rmediate, se mane Seterekeng sa Mgcawu, Kapa Leboya, se nkile boemo ba bobedi; mme Sekolo sa Aaron Gqedu Primary, se Nelson  Mandela Bay mane Kapa Botjhabela, sa nka boemo ba boraro.
Di tla fumana disebediswa tsa kitjhine ho tswaho Lefapha la Thuto ya Motheo.
Kgao ya Setereke se Hlwahlwa e hapuwe ke Umzinyathi (KwaZuluNatal). Le Setereke sa ZF Mgcawu (Kapa Leboya) se tswileng boemong ba bobedi le Metro North (Kapa Bophirima) se boemong ba boraro. Setereke kang ka seng se hapile disebediswa tsa dikantorong le disebe diswa tsa dikhomphutha.
Ka 2020/21, NSNP e ile ya fepela dijo ho bana ba dikolo tse 21 189.