Sohle seo o tlamehang ho se tseba ka sethwathwa

Vukuzenzele Unnamed

Bongata ba batho ba nang le sethwathwa ba ka iphelela bophelo bo tlwaelehileng haeba ba nwa meriana ya bona ka nepo mme ba laola le maemo a bona hantle.
Ho ya ka Ngaka Nhlakanipho Gumede, Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Ditshebeletso tsa Kalafo Sepetleleng sa Harry Gwala mane Pietermaritzburg, sethwathwa ha se bohloko ba kelello, kokwanahloko kapa bona bokulo, mme hape ha se tshwaetsane.
O hlalosa ha sethwathwa e le ho phatsamiseha ha ho sebetsa ha methapo ya boko le ya mmele ho phatsamisang maikutlo, ho etse hore motho a idibane mme le mmele o tsitsipane.
“Boko bo na le methapokutlo e mesesane, e dibilione, e kgonang ho sebedisana ka ho sebedisa motlakase le dikhemikhale.
Ha ho ka etsahala hore o mong wa yona o ntshe matla a mangata haholo a motlakase, mmele o tla nyaroha mme o tsitsipane.
“Ho ba le tsitsipano ha nngwe feela ha ho bolele hore o se o na le sethwathwa. O tlameha ho hlahlojwa ke ngaka hore e pake hore ho jwalo,” o rialo.
Ka ho ya ka Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Batho ba phelang le Sethwathwa, ke batho ba persente di 80 ba nang le sethwathwa ba kgonang ho se laola ka meriana ya teng.
Se bakwa ke eng sethwathwa
Bathong ba tsheletseng ho ba leshome sesosa sa sethwathwa ha se tsejwe.
Ho batho ba bane ho ba leshome teng se ka bakwa ke ho lemala hloohong kapa ho lemala nakong ya pelehi, tshebediso e bohlaswa ya tahi le dithethefatsi, botsofadi kapa ho phatsamiseha ha ho sebetsa ka nepo ha methapokutlo ya mmele.
Ngaka Gumede o bolela ha matshwao a sethwathwa a fapafapana, mme a ka iponahatsa ka ditsela tse sa tshwaneng, mme ona a kenyeletsa a manyane, a sa bonahaleng ao motho a tonang mahlo feela. Ho boetse ho na le sethwathwa se matla se bonahalang ka hore mmele o satalle pele motho a wela fatshe a raharaha, mme ho be teng le se seng se sa hlakang, se amang karolo ya boko.
Sethwathwa sena se senyane, se etsahala ka ho panya ha leihlo, mme hangata motho ha a elellwe le hore o na le sona. Motho ya nang le sethwathwa se matla yena o bonahala ka mmala o bolou ho potoloha le molomo mme mmala oo o a fela ha motho eo a qala a kgona ho hema hantle. Sethwathwa sena se matla sona se nka metsotso e mmalwa.
“Hore motho a se lemale nakong ya sethwathwa, le tlameha ho tlosa dintho tse kotsi haufi le yena mme le tshehetse hlooho ya hae hantle. Ha le a tlameha ho mo tshwara kapa hona ho mo kenya ntho ka hanong.
Mo thuse ho hema hantle ka mora sethwathwa ka ho mo robatsa ka lehlakore.
Dula le yena ho fihlela a hlaphohelwa ka botlalo.” Motho ya nang le sethwathwa se sa hlakang hantle a ka bonahala e le motho ya ferekaneng, ya phatsamise-hileng kapa ya tahilweng.
Motho eo a ka etsa dintho tse sa tlwaelehang tse kang ho hulahula diaparo tsa hae. “Tlosang dintho tse kotsi haufi le yena mme le mmehe sebakeng se bolokehileng. Bua le yena hantle o mo thobe maikutlo,” Ngaka Gumede o boletse.