Lekgotlana le ikgethileng le bontsha hore bonokwane ha bo na molemo 

Allison Cooper

Pitsong ya Mopre sidente e sa tswa tshwarelwa Mahikeng, setjhaba se ile sa tletleba ka monyebe oo letsholo la twantsho ya bonokwane le tsamayang ka ona. Ba mpole lletse seo ke seng ke se utlwileng dibakeng tse ngata tseo ke seng ke fetile ho tsona ho phatlalla le naha: dinokwane di a tsejwa hobane ha ba pate ketso tsena tsa tsona.
Leha ho le jwalo, molao o fihlella hohle. Bohle ba utsweditseng mmuso, ba se ithetse ba nahane hore ba pholohile. Ba tlameha ho tseba hore diketso tsa bona di tla ba latella, ho sa natsehe hore ke bomang, le hore ba maemong a feng.
Ba tla lemoha hore bonokwane ha bo na molemo.
Tabeng ena, sebetsa se tla re thusa ho lwantsha bobodu mmoho le kgapo ya puso, ke Lekgotlana le Ikgethileng la Lekala le Ikgethileng la Mafokisi (SIU), le thehilweng ka 2019.
Lona le shebana le dinyewe tse tswang ho SIU ha e se e phethetse diphuputso tsa yona. Lekgotlana lena le Ikgethileng, le ne le thehelwe ho potlakisa diqoso tsa bobodu. Mohato ona o potlakisa taba ya ho kgutliswa ha tjhelete le thepa ya mmuso tse lahlehang ka lebaka la bobodu mme hape le thusa ho qoba tiehiso ya diqoso makgotleng a tlwaelehileng a dinyewe moo SIU le yona e tlamehang ho emela letsatsi la nyewe jwalo ka motho ohle.
SIU e ka kgona ho kenya kopo ya ho thibela ho fetolwa ha dintho mmoho le ho hapuwa ha thepa ho etsetsa hore mmuso o se tswele pele le ho lahlehelwa. Sena se thusa haholo ha dinokwane di ka leka ho pata bopaki ba mehlala ya diketso tsa tsona tsa bobodu.
Ntle le qeaqeo, Lekgo tlana lena le Ikgethileng le tlisitse diphetoho.
Haesale le thehilwe, le se le kgonne ho kgutlisa tjhelete e fetang dibilione tse 8.6 tsa diranta ho tswa dikonterakeng tse neng di se molaong.
Katleho ya twantsho ya bobodu ha e a tlameha ho fella feela ha baetsi ba bona ba qoswa, empa tseo ba di utswitseng di tla tlameha ho fumaneha.
Tjhelete ena ke ya setjhaba, mme e tlameha ho sebedisetswa molemong wa sona.
Hona jwale, Lekgotlana lena le Ikgethileng le sa tswa laela dikhamphane tse pedi tsa kaho ho kgutlisa phaello eo di e unneng konterakeng tse neng di se molaong tsa ho teratela ledibohong la Beit Bridge. Sena se latela diphuputso tsa SIU tse utullutseng tse ngata tse kenyelletsang ho lefuwa ha dikhamphane pele di etsa mosebetsi ke Lefapha la Mesebetsi ya Mmuso le Meralo ya Motheo.
Dibekeng tse mmalwa tse fetileng feela, Lekgotlana lena le se le lekotse botjha mme la behella ka thoko dikonteraka tse neng di se molaong tse mabapi le COVID tse bitsang ka hodimo ho dimilione tse 100 tsa diranta.
Lekgotlana lena le Ikgethileng, le boetse la atleha ho kgutlisa tjhelete ho tswa ho batsamaisi ba ka sehloohong ba dikhamphane tsa mmuso ba neng ba etsa diketso tsa bolotsana. Mohlala, ngwahola e mong wa batsamaisi ba mehleng ba Transnet o ile a laelwa ho kgutlisa dimilione tse 26 tsa diranta tseo a neng a di fumane jwalo ka monga diabo khamphaneng ya dienjiniere e neng e sebedisana le Transnet nakong eo yena e sa leng mosebeletsi wa Transnet.
SIU e se e kopile Lekgo tlana lena makgetlo a mangata ho emisa hanyane ho lefuwa ha ditjhelete tsa penshene tsa basebeletsi ba mmuso ba amehang diketsahalong tsa tshebediso e bohlaswa le e sa nepahalang ya ditjhelete ho fihlela diphuputso tsa bona di fela.
Lenane la dinyewe tse ho Lekgotlana lena le Ikgethileng, di bontsha hore mosebetsi o sa le moholo wa ho netefatsa tshebetso e ntle makaleng ohle a mmuso. Ho dinyewe tsena ba fumana tshebetso e bohlaswa ho basebeletsi ba ditjhelete ba sa ikamahanyeng le melawana ya theko ya thepa ya mmuso.
Ke ile ka bolela hore ntwa kgahlano le bobodu ha se eo re ka e hlolang ha bobebe, ho tla nka nako ho rarolla pharela ena ya bona.
Ke boetse ka bolela hore re tla tlameha hape ho lwantsha le bobodu le dikhampaneng tse ikemetseng ka tsela e tshwanang hobane ha mosebeletsi wa mmuso a batla tjotjo, ho ba le motho ya batlang ho etsa kgwebo le mmuso ya tlang ho lefa tjotjo eo.
Bobodu bona bo etsa hore mmuso o se kgone ho etsa seo o tlameha ho se etsa. Diketso tsena di etsa hore mmuso o hlolehe ho fana ka ditshebeletso tse nepahetseng tsa bophelo bo botle, ho fana ka metsi a hlwekileng le phepelo e otlolohileng ya motlakase setjhabeng le dikgwebong.
Leha ho le jwalo, Lekgo tlana lena le Ikgethang, le fetola mawa. Baetsi bana ba bobe ha ba qetelle feela ka ho tshwarwa ba qoswe, empa ba boela ba amohuwa meputso eo ba e unneng diketsong tseo tsa bona tsa bolotsana.
Ho sa le hole moo re yang mme e ngata le tjhelete ya setjhaba e tlamehang ho kgutla. SIU le Lekgotlana lena le Ikgethileng di se di entse moralo o motle, mme ke a tshepa re tla bona tse fetang tsena dikgweding le dilemong tse tlang.