Lekala la mmuso mmoho le la poraefete ke a bohlokwa kgolong ya moruo

Vukuzenzele Unnamed

Jwalo ka ha re ntse re sebetsa ka thata ho hodisa moruo wa rona le ho thea mesebetsi, ho na le ngangisano e matla ya hore na tema ya mmuso ha e bapiswa le ya lekala la kgwebo e tshwanela ho ba kae ha re leka ho fihlella merero ena.
Ho na le batho ba sisintseng hore re tlameha ho etsa kgetho, ka nqa e nngwe, mmuso wa ntshetsopele o nang le tema e kgolo ya ho kganna diphetoho tsa moruo le tsa setjhaba, hape, ka nqa e nngwe, lekala la poraefete le hlwahlwa, le sarolohang, le kgannang kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.
Nnete ke hore re di hloka bobedi. Re hloka mmuso wa ntshetsopele le lekala la poraefete le mahlahahlaha le le tjhatsi. Re hloka hore makala ana a sebetse mmoho, hape a thusane.
Mohopolo ona ha o motjha. Dilemong tse mashome a mararo tse fetileng, ka selemo sa 1992, African National Congress (ANC) e ile ya dumela tokomane e bitswang ‘Ready to Govern’.
Tokomane ena e lokodi sitse tataiso ya leano bakeng la Afrika Borwa e lokolohi leng, hape, nakong e batlang e feta dilemo tse mashome a mararo, ya susumetsa motjha wa maano o latetsweng ke dipuso tse ileng tsa hlahlamana tsa demokrasi.
Tokomane ya ‘ Ready to Govern’ e ile ya ba le pono ya puso ya demokrasi eo qetellong e tla fihlella boikarabelo ba ‘ho hokahanya, ho rala le ho tataisa ntshetsopele ya moruo ho ya fihlella paterone ya kgolo ka tshebedisanommoho le lekala la mekgatlo ya basebetsi, kgwebo le makala a mang a setjhaba.
E buile ka tlhokeho ya leano la moruo le tlisang demokrasi ka hara moruo le ho thea menyetla e atlehisang tlhahiso ya mesebetsi, e le moo Maafrika Borwa ohle a amohelang moputso o loketseng boiphediso ba ona.
Tokomane ena e boetse ya ba le pono ya ‘lekala la poraefete le mahlahahlaha, le sebedisang boitsebelo le boqhetseke ba Maafrika Borwa ohle hape le moo diketsahalo tsa kgwebo tse nang le seabo se matla tlhahisong ya mesebetsi di kgothaletswang ka mafolofolo.
Puong e sa tswa etswa ya Boemo ba Naha, ke ile ka lokodisa ka moo mmuso, kgwebo le basebetsi ba tshwanelang ho sebetsa mmoho kateng, moo lekala ka leng le sebedisang bokgoni ba lona bo ikgethang ho theheng mesebetsi.
Le leng la makala a atlehisang tlhahiso ya mesebetsi ke dikhampani tsa mmuso (di-SOE). Di fehla motlakase, di tsamaisa madiboho, di betla mebila, hape di fana ka phepelo ya metsi ana ao moruo o a hlokang haholo hore o tsebe ho sebetsa.
Ho tloha nakong eo re fumaneng demokrasi ka yona, di-SOE tsena di se di ile tsa atollela phano ya ditshebeletso ka mokgwa o matla ho mafutsana.
Ke ka hona karolo ya bohlokwahlokwa ya lenaneo la rona e leng ho matlafatsa dikgwebo tsa mmuso, re di buseletsa  matla a ho itjara ho tsa ditjhelete, re ntlafatsa tshebetso ya tsona ya ka mehla le ho di thusa hore di nke tema ya bohlokwa le e molemo haholwanyane moruong.
Ho ikamahantswe le tema e lohothwang ho ‘Ready to Govern’, mmuso o kganna kgolo le diphetoho ka bobedi ka meqala e kang leano la tlhodisano, dipehelo tsa matlafatso e batsi ya batho ba batsho moruong (BBBEE) le melao ya tekatekano mesebetsing, le ka ho hokela kabo ya dilaksense tse fapafapaneng ditshebeletsong tse akaretsang le mererong ya matlafatso.
Mmuso o boetse o ameha ka kotloloho tlhahisong ya mesebetsi, e seng feela bakeng sa batho ba sebetsang tshebeletsong ya mmuso, empa le makaleng a mang. Lenaneo le Ato lotsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP), leo e sa le le qala ka selemo sa 2003, le fumantshitse dimilione tsa batho mesebetsi.
Haufinyane mona, karabelong ya maemo a hlobaetsang a bakilweng ke sewa sa COVID-19, mmuso ona o se o ile wa phethahatsa katoloso e  kgolo haholo ya mesebetsi ya setjhaba e so ka e bonwa naheng ya rona.
Kgothaletso ya Mopresidente ya Mesebetsi (PES) e se e tsheheditse menyetla ya mesebetsi e fetang 850 000 nakong ya dikgwedi tse 16 feela. Ka hodima ho atolla mesebetsi ya setjhaba, re fana ka tshehetso bathong ba batjha ba sa sebetseng ho ba lokisetsa ho ka sebetsa, ho thusa hore ba hirehe, le ho ba hokela menyetleng ya mosebetsi.
Di ngata ditsela tse ding tseo mmuso o ka bang le seabo ka tsona tlhahisong ya mesebetsi, ho kenyeletswa matsete a phatlaletseng metheong ya tshebetso ya moruo, ho thewa ha didika tse ikgethang tsa moruo, le ka tshehetso ya diindasteri tsa kgolo tse sebedisang haholo basebetsi ho feta metjhine.
Selemong sena re tsepamisitse maikutlo ka mokgwa o ikgethang dikgwebong tse nyenyane le tse mahareng (di-SMME), ho dikoporasi le lekaleng la moruo le sa hlophiswang.
Ka ho ralwa botjha ha sekema sa netefaletso ya kadimo ya ditjhelete, seo re se thehileng dikgweding tsa pele tsa sewa sa COVID-19, ho etsa hore ho fumaneha ha tjhelete ya ‘ho boya sekwele’ ho be bonolo haholo bakeng la dikgwebo.
Re atolla meropotso ya lekgetho la bahiri, hape re sheba diphetoho tse ding tsa melawana e fapafapaneng tseo re ka di etsetsang ho thusa dikgwebo tse nyenyane hore di hire batho ba bangata ho feta pele.
Jwalo ka ha ke ile ka bolela Puong ya Boemo ba Naha, ena ke e meng ya mehato eo re e nkang re le mmuso “ho etsa maemo a tla thusa lekala la poraefete – maemong a dikgwebo tse kgolo le tse nyenyane – ho bitoha, ho hola, ho fumana mebaraka, ho hlahisa dihlahiswa tse ntjha, le ho hira basebetsi ba bangata ho feta pele.
Lekala la poraefete le hira karolo e etsang dikotara tse tharo tsa basebetsi ba Afrika Borwa, hape le na le seabo se ka hodimo ho karolo ya pedi-borarong ya matsete le ditshenyehelo tsa diphuputso le ntshetsopele.
Mmoho le mmuso wa  ntshetsopele o nang le bokgoni, naha ya rona, ka hona, e hloka lekala la poraefete le atlehileng, le tsetellang hore naha e fihlelle tlhahiso e hodimo ka ho fetisisa.
Ha tlhahiso ya mesebetsi e lekaleng la poraefete e eketseha, ke ha boiphediso ba batho bo tla tshehetseha mme bo be le mokoka.
Thepa le dihlahiswa di tla fepelwa haholo, mme puso ya demokrasi e kgona ho bokella haholo tjhelete e kenang bakeng la ntshetsopele ya setjhaba.
Tokomane ya ‘ Ready to Govern’ e re tema ya mmuso “e tshwanela ho lekalekanyetswa ho latela ditlhoko tsa moruo wa naha ka mokgwa o tjhatsi”, le ha e ka ba e eketsa tema ya lekala la mmuso dikarolong tsa dibaka tsa maano, kapa e a e fokotsa ho tse ding.
Ha re sa tla fihlela boemo ba moruo o jwalo kantle ho mmuso wa ntshetsopele o nang le bokgoni le lekala la poraefete le kenyeletsang bohle, hape le holang ka potlako. Ha re a tshwanela ho bolellwa hore re kgethe e nngwe ya tsona. Re di hloka ka bobedi.
