Ho emiswa ha Boemo ba Koduwa ho se ho le haufi bakeng sa Afrika Borwa

Vukuzenzele Unnamed

Mopresidente  Cyril Ramaphosa o sa tswa phatlalatsa Puong ya hae ya Boemo ba Naha ya selemo sa 2022 (SoNA) hore mmuso o rera ho suthisa boemo ba Naha ba Koduwa nakong ena naha e kenang mohatong o motjha wa taolo ya sewa sa lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19).
“Ke maikemisetso a rona ho emisa Boemo ba Naha ba Koduwa hanghang ha re se re phethile mehato e meng e tlasa Molao wa Naha wa Bophelo le melao e meng e reretsweng ho kgina sewa sena,” ho boletse Mopresidente.
Mohla la 15 Tlhakubele selemong sa 2020, Mopresidente Ramaphosa o ne a phatlalatse Boemo ba Naha ba Koduwa ho latela Molao wa Taolo ya Koduwa, a ba a phatlalatsa mefutafuta ya mehato ya ho kgina ho qhoma ha sewa sa COVID19.
Mopresidente Ramaphosa o itse e batla e le tsohle dithibelo tse amang tshebetso ya moruo le diketsahalo tse amang setjhaba e seng e emisitswe, mme ho lebohuwa lenaneo la ho thakgolwa ha kentelo.
O hopoditse baahi hore kentelo ke mokgwa o molemo ka ho fetisisa wa ho itshireletsa kgahlanong le ho kula, lefu le COVID-19, e seng e nkileng maphelo  a batlang a etsa 100 000 ka hara naha.
“Ke hlola ke hlahisitse maikutlo a ka ke re, hoja ke ne ke eso ka ke entwa, ka kgwedi ya Tshitwe ngwahola ha ke ne ke tshwaetswa ke COVID19, mohlomong nka be ke sa ema mona hona jwale,” o itsatso.
Mopresidente o nkile monyetla wa ho kgothaletsa Maafrika Borwa ho iphumanela ente ena e pholosang bophelo le hore a tswele pele ho phetha mehato ya mantlha ya bophelo bo botle le ho dula a le sedi ka dinako tsohle.
“Re tla kgona ho tswela pele ka maphelo a rona, le ha re ntse re na le kokwa nahloko ena mehopolong  ya rona,” o boletse jwalo, a boetse a eketsa hore sewa sena se mpefaditse phapang e pakeng tsa ba sebetsang le bao ba hlokang mesebetsi.
Letlole la Mahatammoho
Mopresidente Ramaphosa o phatlaladitse hore Letlole la Mahatammoho le bokeletse dibilione tse 3.4 tsa diranta ho tswa ho Maafrika Borwa a fetang 300 000 le dikhampani, ha batho ba fetang 400 le dikhampani tse 100 ba ile ba ithaopela ho nyehela ka nako ya bona le ditshebeletso.
“Letlole lena le phethahaditse tema ya bohlokwahlokwa ka ho tshehetsa karabelo ya naha  ya bophelo bo botle le ho fokotsa mathata a setjhaba a ileng a tjamela naha ya rona le batho ba habo rona.”O lebohile bohle ba kentseng letsoho letloleng lena, ho kenyeletswa ditho tse ding tsa Palamente, esita le diketso tse ding tse etseditsweng ho tshehetsa batho ba anngweng ke sewa sena.
Mopresidentse o boetse a thoholetsa basebetsi ba bangata ba tlhokomelo ya bophelo le ba moleng o ka pele ba etsang tema ya bohlokwa ntweng ya COVID-19.
“Naha ya rona e ke ke ya leboha ka ho anetseng basebetsi ba ikitlaetsang ba bophelo bo botle le basebetsi ba bang ba moleng o ka pele ba behang maphelo a bona kotsing ka ho hlokomela ba kulang le ba fokolang nakong ena,” o itsatso. – SAnews.gov.za