SoNA ya selemo sa 2022: Ho Ntlafatsa Maphelo le Boiphediso

Vukuzenzele Unnamed

Mmuso o etsa boitlamo ba ho tsotella batho ho feta tsohle, mme o iphile nako ya matsatsi a 100 a ho phetha moralo o amang makala ohle a setjhaba ho hodiseng moruo wa Afrika Borwa, ho thea mesebetsi le ho lwantsha tlala.
Ntlha ena e ile ya toboketswa ke Mopresidente Cyril Rama phosa Puong ya hae ya Boemo ba Naha ya selemo sa 2022.
“Mosebetsi ona o tla tswela pele hodima motheo wa Moralo wa Kahobotjha le Tsosoloso ya Moruo, oo e ntseng e le lenaneo la rona la ka mehla la ho aha moruo wa rona botjha,” o boletse jwalo.
Ha a bua le setjhaba, Mopresidente o itse merero e itlhommeng ka pele ya mmuso ke ho hlola sewa sa Lefu la Khorona (COVID-19), ho aha metheo ya tshebetso ya moruo, ho phahamisa tlhahiso ya ka hara naha, ho thea mesebetsi le ho sebetsana le mathata a maholo a motlakase.
“Haeba ho ena le ntho e le nngwe eo bohle re dumella nang ka yona, ke hore maemo a renang ha jwale – a bofutsa na bo matla, tlhokeho ya mesebetsi le ho se lekalekane – ha a amohelehe, hape ha a na mokoka.”  
Tlhahiso ya mesebetsi
Ngwahola kotareng ya boraro, sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi se fihleletse boemo bo hodimo ka ho fetisisa bo kileng ba tlalewa, moo 34.9% ya batho e ileng ya hloka mesebetsi, e le ka lebaka la mathata a ditjhelete a bakilweng ke COVID-19.
“Bohle re a tseba hore mmuso ha o thehe mesebetsi.
Lekala la kgwebo ke lona le hlahisang mesebetsi. Mosebetsi wa mantlha wa mmuso ke wa ho etsa maemo a tla thusa lekala la poraefete – boemong ba makala a maholo le a manyenyane – ho bitoha, ho hola, ho fumana mebaraka e metjha, ho hlahisa dihlahiswa tse ntjha, le ho hira palo e eketsehileng ya basebetsi,” o itsatso.
Karolo e ka etsang 80% ya basebetsi e sebetsa lekaleng la  poraefete.
Mopresidente o itse mmuso o tla hlahisa sekema se setjha sa netefaletso ya kadimo ya ditjhelete ho thusa lekala la dikgwebo tse nyenyane ho boela di phahama.
Lenaneo la Mopresidente la Kgothaletso ya Ho Thewa ha Mesebetsi (PESP), le seng le ntse le tsheheditse menyetla ya mesebetsi e 850 000, le tla hodiswa. Bongata ba batho ba unneng molemo ho lona e bile batho ba batjha; hape karolo e etsang 60% e bile basadi.
Lenaneo lena la ho ngoka mesebetsi le tla thusa Lefapha la tsa Lehae ho thaotha batjha ba 10 000 ba sa sebetseng bakeng la ho kenya direkoto tse pampiring tsa lefapha dikhomphuteng, mme Letlole la Setjhaba la Mesebetsi (SEF) le tla thea menyetla e meng hape ya mesebetsi e 50 000. Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupelo le tla kenya mesebetsing batjha ba sa sebetseng ba 10 000 ba nang le mangolo a tekgniki le thuto le thupelo ya mosebetsi (TVET) ho tloha ka kgwedi ya Mmesa selemong sa 2022.
Polatefomo ya SAYouth.mobi , eo e thusang batjha ba batlang mesebetsi ho fumana menyetla eo, le ho ba tshehetsa, jwale e se e na le batjha ba dimilione tse 2.3 ba ingodisitseng. Ba ka hodimo ho  600 000 ba bona ba se ba ntse ba kentswe mesebetsing.
“Tshebeletso e ntjhafadi tsweng ya Batjha ya Naha e tla thaotha sehlopha sa yona sa pele sa batjha ba yona ba 50 000 selemong se tlang sa 2023, e le ho fumantsha batjha menyetla ya ho ba le seabo metseng ya habo bona, ho ntlafatsa boitsebelo ba bona le ho eketsa menyetla ya bona ya ho ka sebetsa.”
Diphallelo tsa SRD di tswela pele
Diphallelo tsa COVID-19 tsa Kimollo ya Setjhaba (SRD), tse seng di thusitse batho ba sa sebetseng ba fetang dimilione tse 10, di ekeleditswe nako ya selemo se seng hape – ho fihlela ka kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 2023.
Ka hodima mona, mmuso le balekane ba ona ba tla leka ho fumana mekgwa ya ho tswela pele ho tshehetsa batho ba imetsweng ke mathata a ho hloka tjhelete ka mokgwa oo naha e tla o kgona bakeng sa nako e telele.
Phumantsho ya mobu
Mmuso o tswela pele ka diphetoho tsa mobu mme o lebeletse ka thahasello ho ananelwa ha Bili ya ho Amo huwa ha Mobu. Ho thewa ha Lekala la Ntshetsopele ya Temo le Diphetoho tsa Mobu le hona ho tla phethwa selemong sena.
“Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Metheo ya Tshe betso ya Moruo le tla phetha ho neheletswa ha dihektara tse 14 000 tsa mobu o matsohong a mmuso ho Lekala la Ntshetsopele ya Matlo a Bodulo,” Mopresidente o itsatso.
O ekeditse ka ho re ho na le mobu o anetseng wa temo malebana le ho tshehetsa dimilione tsa balemi ba banyenyane tlhahisong ya bommaditshibana, mehlape, ditholwana le meroho.
Hona jwale, balemi ba fetang 100 000 ba se ba fumantshitswe divoutjhara tsa ho kenya letsoho malebana le ho atolla tlhahiso ya bona, mme lenaneo lena le tla atoloswa hore le fihlelle ho balemi ba bangata.
Bobodu le ditlolo tsa molao
Ho tloha ho theweng ha Khomishene ya Dipatlisiso Ho hulweng ha Mmuso ka Nko, ho isa diphuputsong tsa dikontraka tsa theko ya thepa e amanang le COVID-19, Mopresidente Ramaphosa o lomahantse meno mosebetsing wa ho fedisa bobodu.
“Ha ho matsapa a rona a ho tsosolosa moruo a tla atleha haeba re sa lwantshe sewa sena sa bobodu ka bonnete,” Mopresidente o boletse jwalo.
Pele ho letsatsi la  30 Phuptjane, o tla teka moralo wa tshebetso o arabelang ditshisinyo tsa Khomishene.
O hlalositse hore makala  a fapafapaneng a mmuso a sebetsa mmoho ho tshwantsha disenyi, le ho di fumantsha kotlo, le ho fumana puseletso ya ditjhelete tsa Mmuso tse tlatlapilweng.
Polokeho le tshireletso di tla matlafatswa ka ho hirwa ha mapolesa a 12 000 le ho theha botjha diforamo tse kopanyang sepolesa le setjhaba (di-CPF).
Twantsho ya GBVF 
Mmuso o tla tswela pele ho matlafatsa ntwa kgahlanong le Dikgoka tse Amanang le Bong le Polao ya ba Batshehadi (GBVF) selemong sena ka ho phethahatsa Moralo wa Leano la Naha le malebana le GBVF.
Melao e meraro e metjha e se e ntse e le tshebetsong ya ho matlafatsa sistimi ya ho lwantsha ditlolo tsa molao le ho phethahatswa ha toka le tshehetso ya mahlatsipa.
“Ho phethahatswa ha melao ena ho tla ba le thuso e kgolo ho netefatseng hore  dinyewe di tjhotjhiswa ka katleho, le hore mahlatsipa a tshireletsehe le hore ho be le mekgwa ya thibelo ya ditlolo tsa molao e sebetsang hantle le ho feta.”O mong wa melao eo Mopresidente Ramaphosa a buang ka yona ke Molao o Lokisitsweng wa Ditlolo tsa Molao le Ditaba tse Ama nang le Tsona o tshireletsang ba fokolang diketsong tsa ho boela ba etswa diphofu.
Molao ona o dumella hore makgotla a dinyewe a kgethe bonamoledi boo ka bona ngwana e monyenyane dilemong, le motho ya nang le bokowa kapa motho ya seng a hodile a ka hlahlojwa tsamaisong ya ditshebeletso tsa toka.
Mopresidente o ne a boetse a bua ka Molao o motjha o Lokisitsweng wa Ditlolo tsa Molao (Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano le Ditaba tse Amanang le Tsona) o thibelang ho qaphatswa ka motabo le ho nyalwa ha batho ba nang le bokowa ba  kelello. Molao ona o boetse o bolela hore ditlolo tsa molao tsa thobalano kgahlanong le batho ba nang le bokowa ba kelello di tlameha ho tlalewa Rejistareng ya Naha ya Batlodi ba Molao wa Thobalano.
Molao o Lokisitsweng wa Dikgoka tsa ka Malapeng o shebane le tse ding tsa ditharahano tse hlahellang dikamanong tse nang le dikgoka tsa ka malapeng.
Molao ona o dumellana le tshebetso ya ho fumanwa ha taelo ya tshireletso, hape o atolotse maemo ao taelo ya tshireletso e ka kopuwang tlasa ona.
Mopresidente Ramaphosa o itse Molao ona o boetse o tshireletsa batho ba seng ba hodile kgahlanong le mefuta yohle ya dikgoka tsa ka malapeng, hape o dumella hore baqosi ba etse dikopo tsa taelo ya tshireletso ka mokgwa wa inthanete, molemong wa ho ba baballela nako le ditshenyehelo tsa maeto.