Melao e metjha e matlafatsa ntwa kgahlano le GBV 

Vukuzenzele Unnamed

Ho ella mafelong a ngwahola, ke fumane le ngolo le tswang sehlopheng sa baahi ba ngongorehileng ba ipiletsa mmusong ho sireletsa basadi le bana ba naha ena dikgokeng.
Baahi bana ba qollotse ho eketseha ha diketso tsa peto le ditlhaselo, mme ba ngola ba re jwaloka basadi ba dula ba phela ka tshabo; mme ba fellwa ke tshepo molaong.
Ke ile ka sithabetswa ke tlhaloso ya bona ya tshabo eo basadi ba naha ya rona ba phelang ka yona letsatsi le letsatsi.
Re arabetse tshotleho eo basadi le bana ba phelang ka yona ka ho tjhaela monwana melao e etseditsweng ho ba sireletsa. Leha ho e na le dikotlo tsa ho tlosa ba molato setjhabeng, basadi le bana ba ntse ba sotlwa ba bolawa.
Ke sa tswa saena melao e meraro e hlomphang ditshe piso tsa rona tsa ho matlafatsa tsamaiso ya toka, ho kgothaletsa boikarabelo mmusong ka kakaretso  le ho beha pele tshehetso ya mahlatsipa a dikgoka.
Molao o motjha o Hlomathisitsweng wa Tlolo ya molao  le Dintlha tse ding tse Ame hang o sireletsa ba seng ba hlekefeditswe hore ba se hlekefetsehe hape ka ho dumella makgotla a dinyewe ho kgetha bathusi ba ka hlahlobang bana, ba sa itekanelang kapa ba seng ba hodile ha ho buuwa dinyewe.
Molao o boetse o dumella phano ya bopaki ka mokgwa wa ho hokahana ka video.
Sena se thusa ho sireletsa lehlatsipa kgahlano le ho utlwiswa bohloko, se thusa ho thibela ditieho tse sa tsweleng mahlatsipa molemo, mme se thuse le ho fokotsa ditjeho tsa nyewe.
Molao ona o motjha o etsa hore ho be boima hore baetsi ba bobe ba fumane beili.
Motjhotjhisi ya sa phehiseng beili dinyeweng tse loketseng o tlameha ho fana ka mabaka mme a tsebahatswe.
Lekgotla la dinyewe le lokela ho shebisisa ditshoso dife kapa dife tsa dikgoka kgahlano le moqosi le ho mamela maikutlo a moqosi ka polokeho ya hae. Beili ha e a tlameha ho dumellwa ntle  le haeba lekgotla le kgotsofetse ke mabaka ao ho fanwang ka ona a hore mme laellwa a tswe ka beili.
Molao o motjha o Hlomathisitsweng wa Tlolo ya molao (wa Ditlolo tse amanang le Motabo le tse ding tse  Amehang) o re ha ho mola ong ho sebedisa bana diketsong tsa motabo le ho sebedisa batho ba sa itekanelang kelellong, mme molao ona o re diketso tsa ditlolo tse amanang le motabo kgahlano le ba sa itekanelang kelellong di rekotwe Rejista reng ya Naha ya ba Hleke fetsang ka Motabo (NRSO).
Re arabetse boipiletso bo reng ho tiiswe tsamaiso ya NRSO.
Ba fumanweng ba le molato wa diketso tsa ditlolo tse amanang le motabo kga hlano le bana kapa ba sa itekanelang kelellong, ba kileng ba fumanwa ba le molato wa diketso tsena, mme ba  ahlolwa dikgwedi tse fetang tse 18 ba ka kenya dikopo tsa hore mabitso a bona a tloswe rejistareng kamora dilemo tse 20.
Molao ona o boetse o laola mosebetsi wa ho tlaleha wa batho ba tsebang ka ditlolo  tse amanang le motabo kgahlano le batho ba ko tsing.
Molao o motjha o Hlomathisitsweng wa Dikgoka ka Lapeng o shebisisa dintlha tse tshophodi dikgokeng tse malebana le dikamano tsa ka lapeng.
Re ntlafaditse motjha wa  ho fumana ditaelo tsa tshire letso, ra atolosa mabaka a ka etsang hore motho a etse kopo ya taelo.
Re buile ka ntlha e amang ho hlekefetswa ha basadi le bana leha ba e na le taelo ya tshireletso kapa ba ntse ba etsa kopo ya yona.
Ebang lekgotla la dinyewe le dumela hore moqosi a ka nna a ntshwa kotsi le ka ntsha taelo ya tshireletso hanghang ntle le ho tsebisa moqosuwa ka diqoso.
Sa bohlokwa ke hore ebang lekgotla le lokolla motho ya qoswang ka dikgoka tsa ka lapeng ka beili ntle le taelo ya tshireletso, lekgotla le lokela ho ntsha taelo eo kamora hore ho etswe phuputso.
Ha lekgotla la dinyewe le ntsha taelo ya tshireletso le tlameha le ho dumella ho ntshwa ha tumello ya ho tshwara e fanyehilweng, e tla nehwa ba Tshebeletso ya Mapolesa a Afrika Borwa (SAPS).
Ebang setho sa SAPS se belaela hore moqosi o kotsing ka lebaka la ho tellwa ha taelo, se lokela ho tshwara moqosuwa hanghang.
Molao o se o sireletsa ka ho hlaka ba seng ba hodile mefuteng yohle ya dikgoka, mme o dumella le baqosi ho etsa dikopo tsa ditaelo tsa tshireletso ka inthanete, ho ba bolokela nako le ditjeho tsa ho tsamaya.
Ho sireletsa moqosi tlhekefetsong e nngwe, lekgotla le ka ntsha Tsebiso ya ho Behwa leihlo ha Polokeho e tla hloka hore mohlanka wa SAPS a nne a ikopanye le moqosi ntle le tsebo ya mohlekefetsi.
Hangata mahlatsipa a dikgoka tse amanang le  bong (GBV) a lla ka tshwaro e mpe kapa ho se kgathallwe ha dillo tsa bona ha ba hlahlela dinyewe diteisheneng tsa mapolesa. Ditho tsa SAPS tse hlolehang ho phetha boikarabelo ba tsona tlasa molao o motjha di tla fumanwa di le molato wa boitshwaro bo bobe. Batho bohle ba baholo ba nang le tsebo kapa pelaelo ka dikgoka kgahlano le ngwana, motho ya sa itekanelang kelellong kapa motho ya seng a hodile ba tlameha ho tlaleha diketso tseo mosebeletsing wa setjhaba kapa mapoleseng. Ho se etse jwalo ke tlolo ya molao.
Sena se beha molaong motheo o reng twantsho ya dikgoka kgahlano le basadi  le bana ke boikarabelo ba bohle.
Ho tjhaelwa monwana ha melao ena e metjha ke mohato o motle. Leha ho le jwalo ha se tharollo. Re lokela ho thibela dikgoka le tlhekefetso di se etsahale hohang.
Re lokela ho sebetsa mmoho re le setjhaba ho sebedisa lentswe la rona, matla a rona le sebete ho fedisa dikgoka tsa banna kgahlano le basadi le bana.