CACH e hokahanya baithuti le menyetla ya ho ithuta

Silusapho Nyanda

Batjha ba so fumane dibaka dithe ong tsa thuto e phahameng ba ka batla thuso Setsing sa Dikopo se Thusang ho ba Fumanela Dibaka (CACH).
CACH ke tshebeletso ya mmuso e fumanehang inthaneteng e laolwang ke Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello (DHET). E thusa ba batlang ho kena diyunivesithing, dikoletjheng tsa Thuto ya tsa Matsoho le Mesebetsi e itseng le Thupello (TVET) le ba batlang ho fumana menyetla ya ntshetsopele ya bokgoni.
“Ditshebeletso tsa CACH di bile teng ho tloha ka la  24 Pherekgong 2022 mme di tla kwalwa ka la 31 Tlhakubele ho thusa ba hlokang ho kena ditheong tsa  thuto e phahameng empa ba tobane le mathata a ho fumana dibaka,” ho boletse Letona la Thuto e Phahameng le Thupello  Ngaka Blade Nzimande.CACH e ka boela e thuse ba entseng dikopo ka nako tsa ho amohelwa diyunivesithing kapa dikoletjheng ka 2021 empa ba sa fumana dibaka mananeong ao ba a kgethileng.
DHET e hlalositse hore hangata sena se etsahala ha mokopi a se na tsa bohlokwa tse hlokwang kapa setheo se se se amohetse palo e lekaneng ya baithuti bao se ka ba amohelang.
CACH e ka boela e thuse ba neng ba entse kopo ditheong tsa thuto e phahameng ba amohelwa, empa jwale ba batla ho fetola mananeo ao ba neng ba a batla.
CACH e romela bakopi moo ho fanwang ka ditshebeletso tsa ho thusa batjha ho kgetha dithuto tse tla ba lokisetsa mosebetsi mme ha ho kgonahala, e ba thuse hore ba fumane dibaka tse ntseng di le teng diyunivesithing le dikoletjheng tsa TVET, kapa e ba fumanele thuto mosebetsing ho  Bolaodi ba Thuto Makaleng le Thupello (SETA), ntle le hore batjha ba ye setheong sa thuto e phahameng.  Diyunivesithi tsohle tsa setjhaba, dikoletjhe tsa TVET le di-SETA di ka fihlella dintlha tsa CACH ho batla bakopi ba nang le tse batlehang ho tlatsa dikgeo tse ntseng di le teng.
“Ditheo di kgetha batjha ho CACH mme di ikopanye ka ho otloloha le bao di ba kgethang,” ho bolela mmuedi wa DHET Ishmael Mnisi.
Bakopi ba ingodisang ho CACH ba tlameha ho kenya dintlha tsa bona, ho kenyeletsa makala ao ba a kgethang a thuto. Bakopi ba ka dumela kapa ba hane ho bala ditheong tse ba kgethang ho CACH.
Ditheo tsa thuto e phahameng di ka fumana tlhahisoleseding ya bakopi ho CACH ha bakopi ba se ba ingodisitse ba kentse le diphetho tsa bona tsa Kereiti ya 12.
Mnisi o re CACH e boetse e thusa ba batlang ho ithuta empa ba se na bonnete ba hore ba batla ho ithutela eng ka ho ba romela Tshebeletsong ya DHET ya ho kgetha Dithuto  tsa ho Itokisetsa Mosebetsi ya Khetha.