Ba entseng bobodu ka COVID-19 ba nkelwa mehato ya molao

Vukuzenzele Unnamed

Batho le dikhampani tse bileng le seabo dike tsong tsa bobodu tse amanang le dithendara tsa thepa le ditshebele tso tsa Lefu la Coronavi rus (COVID-19) ba nkelwa mehato ya molao.
Tlaleho ya ho qetela ya Yuniti e Ikgethang ya Diphuputso (SIU) e batlisitseng ka dipelaelo ka tshebediso e mpe ya ditjhelete tsa COVID-19, makaleng ohle a mmuso le a poraefete e sa tswa tjhaelwa monwana ke Presidente Cyril Ramaphosa hore e phatla latswe.
Tlaleho ena ke mohato wa bohlokwa twantshong ya bobodu le tsamaiso e mpe makaleng a setjhaba le a poraefete, ho boletse yena.
Ka Phupu 2020, Presidente Ramaphosa o dumelletse phuputso ya SIU. Nakong eo  o ile a itlama ka hore eba ng SIU e fumana bopaki bo reng ho tlotswe molao, e tla tlameha ho fetisetsa bopaki boo ho Bolaodi ba Naha ba Botjhutjhisi (NPA). SIU e ile ya boela ya dumellwa ho nka mehato ya molao molemong wa ho kgutlisa ditshenyehelo kapa ditahlehelo tsa mmuso.
Diphetho tsa tlaleho
SIU e fupuditse dikontraka tse 5 467 tse nehilweng bafani ba ditshebeletso ba 3 066, tsa boleng ba dibiliyone tse R14.3.
Phuputso ya dikontraka tse 4 549 e phethetswe, mme tse 2 803 tsa tsona di fumanwe ka tsela e seng molaong. Ena ke 62% ya diphuputso tse phethetsweng.
“Phuputso ena e ne e tobane le batho le ditheo tse neng di dumela hore di ka sebedisa nako ya bohloko ho rua le ho ruisa bao ba neng ba sebetsa le bona ka ho senya disebediswa tsa setjhaba,” ho boletse Presidente.
O boetse a re ha ho amoheleha hore dikontraka tse ngata ka mokgwa ona tsa ho pholosa maphelo a batho le ho sireletsa boiphediso ba batho di be le bomenemene, di fapane le molao kapa di  be le manyofonyofo.
“Phuputso ena e bontsha maikemisetso a rona a ho lwantsha bobodu le ho nkela babelaellwa ba ketso tsena  mehato ya molao,” ho boletse Presidente Ramaphosa.
Tlaleho ya makgaolakgang e na le dintlha tseo SIU e di isitseng ho NPA, mafa pheng le ditheong tse lekaleng la setjhaba le ba bang. NPA e tla phethela motjha wa ho qosa ba tlotseng molao le ho sebetsana le bofokodi bo hlwauweng ke phuputso ya SIU,  ho hlalositse Presidente.
Mehato e nkilweng 
Ho tloha maqalong a phuputso, SIU e entse kgatelopele ena e sebetsa mmoho le mekgatlo e meng:
• Dinyewe tse 45, tsa boleng ba dibiliyone tse R2.1 kaofela, di kentswe Lekgotleng le Ikgethang la Dinyewe tsa Bobodu, Manyofonyofo le Phallo ya Tjhelete e fumanweng ka tsela e seng Molaong. 
Lekgotla lena le ikgethang le na le tumello ya molao ya ho kgutlisa ditjhelete tsa setjhaba tse utswitsweng ka bobodu, manyofonyofo le phallo ya ditjhelete tse fumanweng ka mokgwa o seng molaong, le ho nka mehato ya molao kgahlano le ba belaellwang ka ketso tseo;
• Dinyewe tse 224 di fetiseditswe pele bakeng sa mehato ya kgalemo kgahlano le bahlanka ba mmuso ba mafapheng kapa ditheong tsa mmuso;
• Tse 386 di lebisitswe ho NPA, mme tse tharo di tla nkelwa mohato boe mong ba phethahatso;
• Tse 330 di tla nkelwa mohato o kenyele tsang ho thibelwa ha batho kapa beng ba dikhampani tseo ho fumana dithendara (di se hlole di sebeletsa mmuso).
Ho ya ka tlaleho, ke dimiliyone tse R551.5 kaofela (e leng tjhelete le thepa) e lokelang ho kgutliswa, mme ho se ho fumanwe dimiliyone tse R34.2 ho fihlela jwale. Phuputso e thibetse tahlehelo ya dimiliyone tse R114.2, mme ya behella thoko dikontraka tsa boleng ba  dimiliyone tse R170.4.
SIU e lebelletse hore ditaba tsena di phethelwe pakeng tsa Tlhakubele le Mmesa 2022, pele Preside nte a nehwa tlaleho ya tlatsetso mafelong a Phuptjane.
Tlaleho ena ha e kenyeletse dintlha tse amanang le diphuputso tse ntseng di tswela pele tse mabapi le diqoso tseo SIU e di fumaneng ho se ho behilwe letsatsi la ho ntsha tlaleho ya ho qetela.
Tsena di kenyeletsa diphuputso tsa bafani ba ditshebeletso ba 476, ba amahanngwang le diko ntraka tse 964, tsa boleng ba dimiliyone tse R961.6. Ho tla fanwa ka diphetho tsa diphuputso tsena tlalehong ya Phuptjane, ho boletse ofisi ya Presidente.
Presidente o lebohile SIU ka mosebetsi oo e o entseng dikgweding tse 18 tse fetileng, le ba ileng ba hlaba mokgosi ka bobodu le dipaki tse ding tse faneng ka tlhahisoleseding ho bafuputsi.