Thupello le ditshebeletso tsa mahala bakeng sa dikgwebo

Vukuzenzele Unnamed

Ditheo tse tharo tsa mmuso di tsepamisitse maikutlo ka matla mabapi le ho thusa ho nolofatsa ho kena kgwebong Afrika Borwa bakeng sa ho hodisa moruo.
Webinara ya moraorao tjena ya Vuk Talks ,  e neng e tshwe rwe ke Tsamaiso ya Dikgo  kahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso, e n e e tshwe rwe bakeng sa ho hlahisa temoso ya thomo, maano le ditshebeletso tse fanwang ke Dikhamphani le Khomishe  ne ya Thepa ya Mautlwela (CIPC), Lekgotla la Dinyewe tsa Dikhamphani (CT) le Khomishene ya Ntlafatso e Pharaletseng ya Moruo wa Batho ba Batsho (B-BBEE).
Tsena kaofela ke ditheo tsa Lefapha la Kgwebisano,Dii ndasteri le Tlhodisano.
Ho ya ka Ofentse Shakung, Molaodi wa CIPC wa Ntjha fatso le Tshebedisano le Mo  tsamaisi wa E-learning, CIPC e na le mesebetsi e fapafa  paneng, ho kenyeletsa le boi ngodiso ba dikhamphani, dikoporasi le ditokelo tsa thepa ya mautlwela (ma tshwao a kgwebo, diphate nte,meralo le ditokelo tsa kgatiso).
CIPC e hlahisitse lepatlelo la yona la BizPortal bakeng sa ho fana ka mokgwa wa ho ngodisa kgwebo ka intha nete le ditshebeletso tse ding bakeng sa ho nolofatsa mo tjha wa ho ngodisa kgwebo le ho ikobela ditlhokeho tse amehang.
BizPortal e neha ba batlang ho qala dikgwebo lepatlelo le nang le tsohle bakeng sa ho ngodisa kgwebo, ho ingo disetsa lekgetho, ho ngodisa lebitso la lepatlelo, ho etsa kopo ya setifikeiti sa B-BBEE, ho ingodisetsa Letlole la Di tlhapiso le Letlole la Inshorense ya ho Fellwa ke Mose betsi, le ho bula akhaonte ya banka ya kgwebo.
“Ke motjha o sa batleng tshebediso ya dipampiri mme khamphani e tla ngodi swa nakong ya dihora tse 24 tsa ho kenya kopo. Re boetse re ekeditse ka ditshebeletso tsa kgwebo tsa Google, tse thusang dikhamphani ho ithuela porofaele ya kgwebo le websaete e tsitsitseng ya khamphani ho Google ma  hala,” ho ile ha rialo Shakung.
Ho sebedisa ditshebeletso tsena, etela www.bizportal.
gov.za mme o tobetse ‘regi ster’ hodimo leqepheng. Ho bonolo ho sebedisa phothale ena mme e fana ka lesedi la mohato-kamohato mabapi le kamoo o ka ngodisang kgwebo kateng.
Thupello ya mahala
CIPC hape moraorao tjena e thakgotse lepatlelo la mahala la Learn-i-Biz la thupello ka inthanete bakeng sa ho thusa batsamaisi le baetapele ba dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo ho aha bokgoni ba bona ba ho tsamaisa dikgwebo tse atlehileng, ha ka nqa e nngwe ba netefatsa hore ba imatahanya le ditlhokeho tsa semolao.
“Lepatlelo lena ke tataiso ka mokgwa wa dijithale mme le kenyeletsa dithuto tsa vidiyo le diteko tseo o iketsetsang tsona bakeng sa mojule ka mong wa tse supileng,” ho ile ha rialo Shakung.
Dimojule di kenyeletsa thupello mabapi le hore kha  mphani le motsamaisi di bolela eng, batho ba ka sehloohong ka hara kha mphani, maikarabelo jwaloka motsamaisi, ditabatabelo tsa bowena tsa ditjhelete le kgohlano ya ditabatabelo,  meputso ya batsamaisi le diphepelo le boto ya batsamaisi.
Bakeng sa ho ingodisetsa thupello, etela www.elearni ng@cipc.co.za.
Lekgotla la Dinyewe tsa Dikhamphani
Ngaka Mohammed Chicktay, e leng Modulasetulo wa CT, o hlalositse ka hore setheo se thusa ho fana ka tharollo ya kapele ya dikgang tsa kha mphani, tse amanang le dikopo le ditletlebo tse entsweng ho ya ka Molao wa Dikhamphani wa bo-71 wa selemo sa 2008.
Tsena di kenyeletsa mabi tso a khamphani, botsamaisi le kotelo bakeng sa ho theha dikomiti tsa kahisano le mai tshwaro. Hape e sheba botjha ditsebiso tsa boimatahanyo tse ntshitsweng ke CIPC, tse amanang le dikatoloso tsa nako bakeng sa ho hlophisa ditatemente tsa selemo ka seng tsa ditjhelete le ho bitsa dikopano tsa kakaretso tsa selemo ka seng.
“CT e sebetsana le dikopo tse fapafapaneng. Nakong ya COVID-19, ho tea mohlala, re amohetse dikopo tse ngata bakeng sa katoloso ya letsatsi la ho bitsa kopano ya kakare  tso ya selemo ka seng,” ho ile ha rialo Chicktay.
Tshebeletso e nngwe ya mahala e fanwang ke CT ke tharollo ya dikgang. Motho a ka fetisetsa taba bakeng sa tharollo ka bonamodi, poe lano le boahlodi, e le mokgwa o mong wa ho phema ho leba kgotla. CT e sebetsa jwaloka mothusi pakeng tsa mekga e mmedi.
“CT e kgothaletsa bonamodi bakeng sa ho baballa mesebetsi, ka ho qolleha nakong ya COVID-19, mme batho ba lokela ho qala ho e sebedisa haholo,” ho ile ha rialo Chicktay.
Ha o batla ho tseba haho lwanyane ka ditshebeletso tsa CT, etela www.companiestribu nal.org.za.
Khomishene ya B-BBEE
Ho ya ka Lindiwe Madonsela, e leng Molaodi e Moholo wa Boimatahanyo wa Khomi shene ya B-BBEE, thomo ya setheo sena ke ho okamela, ho hlokomela le ho kgothaletsa ho ikobela Molao wa B-BBEE wa bo-46 wa selemo sa 2013.
E boetse e batlisisa di tlwaelo tsa ho etsa eka batho ba batsho ke bona ba etellang kgwebo pele empa ho se jwalo; e reretswe ho eketsa tsebo le ho kgothaletsa temoso ya setjhaba mabapi le B-BBEE, ka ho kenya tshebetsong mehato ya thuto le temoso; le ho fana ka tataiso setjhabeng.
Mang kapa mang ya belae llang kapa ya tsebang ka tlolo ya Molao, jwaloka moo batho ba batsho ba sebediswang eka ke beng ba kgwebo ba keng sa ho fihlella dintlha tsa B-BBEE, a ka kenya tletlebo khomisheneng.
Ho tea mohlala, basebeletsi ka hara setheo ba ka lemoha hore setheo se behile batho bao e seng bona ka pele ka ho etsa eka batho ba batsho ke boradiabo kapa bahlanka ba phethahatso empa ho se jwalo, Madonsela o ile a rialo.