Ho sebetsa mmoho bakeng sa ho hodisa demokerasi 

Vukuzenzele Unnamed

Ha Afrika Borwa e ne e kena selemong se setjha, re ile ra teana le le diketsahalo tse pedi tse hlokolosi tse re hopoditseng, ka di  tsela tse fapaneng, hore ke eng se re kopanyang re le batho.
Ka letsatsi la pele la selemo sa 2022, setjhaba se ile sa bokana ka moya o le mong bakeng sa ho dumedisa Moarekabishopo Desmond Tutu St George’s Cathedral ho la Motse Kapa.
E ne e le motsotso wa tsharelo e kgolo ha re ne re hopola bophelo le nyehelo ya morati wa naha eo, ka ditsela tse ngata, e neng e le mosupatsela wa boitshwaro wa setjhaba sa rona.
Hona moo, lepato la hae e ne e le keteko ya dintle tseo a neng a di phelela. E ne e le keteko ya bonngwe bo matla le ho fapana ha batho ba bo rona, le kgopotso ya boitelo bo entsweng ke batho ba bangata bakeng sa ho fihlella demokerasi ya rona.
Ka letsatsi la bobedi la selemo sa 2022, naha e ile ya  boha ka ho hlollwa ha mollo o moholo o ne o aparetse Pala mente ya rona, e leng feela dimithara tse lekgolo ho tloha moo re neng re bokane teng letsatsi pele ho moo bakeng sa ho bontsha tlhompho ya ho qetela ho Moarekabishopo Tutu.
Re phuthulohile kaha ha ho a ba le tahlelo ya bophelo le hore ha ho motho ya ileng a lemala mollong oo. Re leboha haholo ditimamollo tse ileng tsa lwantsha mollo mme qetellong tsa o tima ka ho phethahala.
Dipatlisiso tsa sesosa sa mollo hajwale di motjheng.
Re lokela ho netefatsa hore dipatlisiso tsena ke tse tebileng mme di tla phethelwa ntle le tshenyo ya nako. Naha e lokela ho tseba ho re na ho etsahetseng.
Ho ntse ho etswa ditlhophiso tsa ho netefatsa hore mosebetsi wa Palamente o ka tswella le haeba meaho eo e sa tlo kgona ho sebediswa.
Ho bohlokwa hore Palamente e tswelle ho shebana le ho tswellisa melao e tla fetola setjhaba le ho tswella ka bodisa le ho netefatsa boikarabelo ha mmuso o ntse o sebeletsa ho kenya tshebetsong thomo e tswang setjhabeng.
Ntle le ho bapa ha St Geo rge’s Cathedral le Palamente, se kopanyang diketsahalo tse pedi tsena ke hore e nngwe le e nngwe ya tsona e re hopotsa se re kopanyang mmoho re le maAfrika Borwa: demokerasi ya rona.
Re llela Desmond Tutu hobane e ne e le ntate wa semoya wa demokerasi ya rona. Re utlwile bohloko ke tshenyo ya meaho ya rona ya Palamente hobane ke bodulo ba demokerasi ya rona. Ke sebaka moo Molaotheo wa rona wa demokerasi o ileng wa amohelwa teng dilemong tse ka fetang tse 25 tse fetileng, le moo makgolo a melao ya diphethoho e fetisitsweng teng.
Re ka nna ra se lemohe sena hangata, empa mollo o bileng Palamenteng o bo ntsha haholo kamoo ma Afrika Borwa a boulelang ka demokerasi ya ona. Ke kgopotso hape ya kamoo ho leng bohlokwa hore re sebe letsa le ho matlafatsa le ho sireletsa demokerasi eno.
Leha meaho ya Palamente e sentswe hoo e kekeng ya sebediswa, setheo seo e leng Palamente se tswella ka mosebetsi wa sona wa tshebeletso ya setjhaba. Sena ke kgopotso ya bohlokwa ya hore ditheo tsa rona tsa demokerasi ha di hlaloswe ke meaho, empa di hlaloswa ke mosebetsi oo di o etsang le tshepo eo batho ba nang le yona ho tsona.
Sena ke nnete ka ditheo tsohle tsa demokerasi ya rona.
Jwalo feela kaha mollo o bileng Palamenteng o ile wa qetella o tinngwe, Motlatsi wa Moahlodi e Moholo ya Tshwereng Mokobobo Ra  ymond Zondo o nehelane ka karolo ya pele ya tlaleho ya Khomishene ya Dipatlisiso ya Tshusumetso e Bolotsana Diqetong tsa Mmuso.
Karolo ena ya tlaleho e teka ka botlalo kamoo ditheo tse ding tsa mmuso di ileng tsa kenakenwa, tsa utswetswa le ho senngwa hampempe.
Tsena di kenyeletsa dikgwe  bo tsa mmuso tse kang Tshe beletso ya Difofane ya Afrika Borwa, Tsamaiso ya Dikgoka hanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso le Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa.
Karolo ena ya tlaleho e fana ka setshwantsho se hlobaetsang sa kamoo ditheo tse ka sehlohlolong tsa demokerasi ya rona di neng di behilwe tsietsing le ho nyatsuwa ka maikemisetso a botlokotsebe. Ha ho a utsuwa feela tjhelete e ngata, empa ditheo tsena di ne di sa kgone ho sebetsa ka tshwanelo bakeng sa ho fihlella mesebetsi eo di neng di e reretswe ha di thehwa.
Diphetho le dikgothaletso tsa Khomishene ya Zondo di tla thusa naha ho aha botjha ditheo tsena le ho etsa hore ba ikarabellang ba jariswe molato. Re lokela ho netefatsa hore re ba sebedisa ho sireletsa ditheo tsena ho isa bokamosong hore di se hlole di haptjwa hape.
Re lokela ho ema kgahlanong le maiteko kaofela leha e le afe a ho nyenyefatsa demokerasi ya rona e lwanetsweng ka thata – e ka ba hore maiteko ana a nka sebopeho sa bobodu dikgwebong tsa mmuso, ho thunthetsa makala a rona a qobello ya molao, sabotasi ya infrastraktjha ya rona ya moruo, kapa ditlhaselo tsa boikemelo le boitlhompho ba makgotla a rona a dinyewe.
Re lokela ho sireletsa Mola otheo wa rona, puso ya rona ya demokerasi le tsamaiso ya dikgetho kgahlanong le mang kapa mang ya batlang ho fokodisa demokerasi ya rona le ho hanela batho ba rona ba Afrika Borwa ka toko loho ya bona e lwanetsweng ka thata.
Ho na le diqholotso tse ngata tseo re lokelang ho tobana le tsona ha re ntse re sebeletsa ho aha botjha le ho hlaphohelwa ditlamoraong tsa sewa sa COVID-19.
Ha re etsa seo, ha re tholeng matla a rona le kgothatso boi telong ba rona bo tebileng demokerasing ya rona le takatsong ya rona ya ho aha setjhaba se ipopileng, se lokolohileng le se lekalekanang.
Ke le lakaletsa tshohle tse molemo bakeng sa selemo seo re se lebileng.