Ha ho na lebaka la ho etsa diketso tsa Tlhekefetso ya Bong

Vukuzenzele Unnamed

Haeba semelo sa naha se ka ahlolwa ho ya ka hore na naha e tshwara basadi le bana ba yona jwang, ho tjhong re wela boemong bo fatshefatshe haholo.
Dipalopalo tsa moraorao tsa botlokotsebe tse loko llotsweng  ke  Tshebeletso  ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) di bontsha keketseho ya peto, tlhekefetso ya ka malapeng, mme, mohlomong le se tshwenyang ka ho fetisisa, dipolao tsa bana.
Pakeng tsa Phupu le Loetse 2021, batho ba 9 556, bao bongata ba bona e neng e le basadi, ba ile ba betwa.
Dipalopalo tsena di eketsehile ka 7% ho feta nakong e fetileng ya ditlaleho.
Ho  dinyewe  tsa  tlhaselo tse kabang 73 000 tse ileng  tsa  tlalehwa  nako ng eo, tse fetang 13000 e ne e le tse amanang le tlhekefetso ya ka malapeng. Sekgahla sa dipolao tsa bana se nyolohile ka palo e ka etsang boraro ha ho ba piswa le nakong e fetileng  ya ditlaleho.
Re ile ra tjho nakong e fetileng hore ditlolo tsa molao tsa tlhekefetso ka banna ho basadi ke sewa sa bobedi seo naha ya rona e tlamehang ho tobana le sona, mme jwalo ka COVID-19 se ka hlolwa haeba bohle re ka sebedisana mmoho.
Re le mmuso, re na le mose betsi le boikarabelo ba ho fana ka mehlodi e hlokehang holwantshwa ditlolo tsa molao tsa tlhekefetso  ya bong.
Haesale re thakgola Leano la Lewa la Naha la ho Lwa ntsha Tlhekefetso ya Bong le  Polao ya Basadi (NSP) ka 2020, ho bile le bonamodi bo mmalwa ho arabela diketso tsa GBV.
Sena se kenyeletsa phetholo e kgolo ya molao, tshehetso ho mahlatsipa ka ho fana ka disebediswa tse bokellang bopaki ba peto diteisheneng tsa sepolesa  le ditshebeletso tsa tlhabollo ya maikutlo le kelello, ho theohwa ha Letlole la GBVF le tshehetso ya marangrang a Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela le tsa Khuseleka.
SAPS e bontshitse hore re ntse re hatela pele ho fokotsa tshallomora e kgolo ya ho manolla DNA, e leng se bohlokwa bakeng  sa ho fumanela mahlatsipa  a ditlolo tsa molao tsa tlhekefetso ya motabo toka.
SAPS e boela e sebetsa ka  ho hlophisa ditafole tsa ditlaleho tsa GBV tse 134 diteisheneng tsa sepolesa naha ka bophara mme e motjheng wa ho theha tse ding hape.
Tlhekefetso ya bong ke bothata ba dikgoka ka  banna. Hangata ke banna ba betang. Haholoholo banna ke bona bao e leng bahlekefetsi ka malapeng.
Ka hobane banna ke bona bao e leng bahlekefetsi ba ka sehloohong, ho lokela ho ba banna ba etellang pele ho bua kgahlano le ho tlaleha tlhekefetso ya bong, ho hlokomedisa batho, ho ruta bomphato ba bona le bo ha le seabo matsholong a ho thibela tlhekefetso.
Ho lokela ho ba banna ba maemong a bolaodi makaleng a rona a thuto, ekaba  mesuwehlooho  ya dikolo, matitjhere kapa barupelli, ba lokelang ho etsa hore dikolo le dibaka tsa thuto e phahameng e  be dibaka tse sireletse hileng bakeng sa barutwana le bathuiti ba basadi, mme le ka mohla, ba se sebedise maemo a bolaodi ho batla menyetla ya ho fumantshwa thobalano.
Banna ba boela ba lokela  ho bapala karolo ya bohlokwa le ho ba teng malapeng a bona, haholoholo ho hodiseng bara ba bona ho bontsha bonna bo nepahetseng, bo lokileng mme bo hlo mphang basadi le bana.
Baahi le mekgatlo ya baahi e tlameha ho sebedisana mmoho le mmuso ho tla  ka  mehato  e  metjha  ya  ho hlalosa seo monna e leng sona hore re tle re tsebe ho hodisa banna ba nang le kutlwelobohloko, mamello le tlhompho.
Ho fedisa tlhekefetso ya bong e ka se be maikarabelo a mmuso o le mong feela, joko eo ya ho fedisa maemo a tshosang a dikgoka le tlhekefetso kgahlano le bona, e ka se jarwe ke basadi le bana feela.  Banna ba Afrika Borwa ba hloka ho bapala karolo e kgolo ho thibeleng GBV. Ba hloka ho utlwisisa hore na keng se bakang tlhekefetso ya bong, haholoholo dikgoka ka tlhekefetso ya motabo.
Dipalopalo tsa moraorao tsa ditlolo tsa molao di bontsha hore batho ba ka  bang 4 000 ba ile ba betelwa ka matlong a bona kapa ntlong ya mohlekefetsi, mme  ho  dinyewe  tse tlalehilweng tse 400, lehlatsipa le ne le ena le dikamano le mohlekefetsi. Sena se sisinya hore banna ba bang ha ba utlwisisi hore thobalano ntle le tumello e qaqileng ke tlolo ya molao.
Banna ba tlameha ho hlompha basadi le dikgarebe tsa bona mme ba utlwisise hore ho ba dikamanong tsa marato le molekane wa hao ha ho bolele hore tlhekefetso ya ka malapeng e amohelehile.
Haeba monna ka mong a ka bokella banna ba babedi mme boraro ba bona ba itlama hore ba keke ba beta mosadi, ba ke ke ba beha mosadi letsoho mme ba tla arabelana ka boitlamo bona, re ka qalaho  hlola  tlhekefetso  ya bong naheng ya rona ka nnete.
Ha ho a lekana ho namola ha  nngwe  feela  ha  bahlekefetsi  ba  kwalla tjhankaneng.  Re  tlameha  ho thibela tlhekefetso ya bong pele e etsahala.
Ke ipiletsa ho banna ba Afrika  Borwa  ba  batjha  le ba baholo, ba dulang ditoropong le ba mahaeng, ba  sejwalejwale  le  ba setso, ba nyetseng le ba  sa nyalang, ho ba karolo ya matsholo a boiteko ba ho thibela tlhekefetso a hlokehang haholo malapeng le baahing ba rona.
Ka ho hana ho dumella tlhekefetso ya basadi le bana, ka ho se be le seabo tlhekefetsong le ka ho tlaleha diketso tse jwalo, o fa bo mphato ba hao mohlala o motle, haholoholo bahlankana le bashanyana.
O tla be o romela mola etsa o hlakileng o reng ho ba leloko, setswalle kapa  ho ba le botshepehi ha se lebaka la ho se emele ditokelo tsa basadi le bana.