Nako ya ho kwalwa ha dikopo tsa ditjhelete tsa NSFAS e atometse

Sphelele Ngubane 

Baithuti le batjha ba tswang  malapeng a hlokang le ba batswadi ba sebetsang ba kgothalletswa  ho  kenya dikopo tsa ditjhelete ho tswa ho NSFAS.
Ho ya ka Lefapha la Thuto e Phahameng le Kwetliso, ditjhelete  tsa  NSFAS  di fumaneha  ho  batjha  ba  seng ba phethetse dithuto tsa bona tsa sekolo kapa ba seng ba ithuta ditsheng tsa thuto e phahameng.
Ba ka kenya dikopo tsa di tjhelete ho NSFAS ho ya ithuta yunivesithing ya mmuso kapa koletjheng ya TVET, empa  ba tlameha ho etsa jwalo  pele ho nako ya ho kwalwa ka la di 7 Pherekgong 2022.
Bakopi ba tlameha ho ba:
• Baahi ba Afrika Borwa kapa  baahi ba moshwelella ba batlang ho ingodisa kapa ba seng ba ithuta yunivesithing ya mmuso kapa kholetjheng ya TVET; 
• Baamohedi ba letlolo la Kemedi ya Afrika Borwa ya Dithuso tsa Tshireletso ya Setjhaba ya Afrika Borwa; 
• Ba tswang ho malapa a  nang le lekeno la kopanelo le sa feteng R350 000 ka selemo.
Bokamoso bo  kganyang
Nhlakanipho Mkhize (26) ke elektrishiane e nang le  mangolo, ka diteboho ho  tjhelete  tsa  NSFAS,  e  ileng ya lefella dithuto tsa hae mane Kholetjhe ya TVET ya Umfolozi e KwaZulu-Natal.
Mkhize, ya tswang Richards Bay, o ile a fumana Setifikeiti sa  Naha  (Sa  Kwetliso  ya Mosebetsi wa Matsoho) sa Kaho ya Moralo wa Motheo wa Motlakase ka 2017.Hodima ho ithutela setsheng sa borutelo, o la boela a tlameha ho phethela kwetliso ya hae mosebetsing le ho pasa teko ya ho sebetsa. Maqalong a dithuto tsa hae, Mkhize o ile a ba le monyetla wa ho  sebetsa ka seo a ithutileng sona,ho netefatsa hore o ile a fumana boitshepo ka tsebo ya motheo eo a neng a e ntshetsa pele.
“Jwalo  ka  moithuti  wa selemo sa pele, ke ne ke  se ke lokisa mathata a amanang le motlakase  motseng wa heso. Kholetjhe ya TVET ya Umfolozi  e ile ya re neha tsebo ya theori le ya tshebetso.
“Molemo oo baithuti ba TVET  ba  nang  le  ona  ha  se  feela  monyetla  wa  ho ithuta mosebetsi, empa ba boela ba tlamehile ho  fumana  monyetla  wa  ho ithuta mosebetsi tulong ya tshebetso ho tiisa hore ba fela ba tseba mosebetsi pele ba fumana mangolo a bona” o rialo.
Jwalo ka batjha ba bangata ba Afrika Borwa ba tswang malapeng a hlokang, Mkhize o ne a tseba hore o batla ho sebetsa mokgahlelong  wa  mosebetsi wa boenjenieri, empa ho ne ho se mang kapa mang lelapeng la habo yaneng a ka kgona ho lefella ditefiso tsa kholetjhe.
“Itse ha ke se ke tseba hore ho na le letlolo la NSFAS, ke ile ka tseba hore le tla nkisa moo ke neng ke batla  ho ya teng – ho ba moenjenieri,” o rialo.
Letlolo la Mkhize la NSFAS la dilemo tse tharo le ile la lefella dibuka tsa hae, ditjeo le dipalangwang, mme o ile a fumana le tjhelete ya ditlhoko tsa hae tsa ho itlhokomela.