Letsholo la ASIDI le potlakisa ho phethahatsa phano ya ditshebeletso tsa bohlokwa dikolong

More Matshediso
 
Sekolo sa Nkululeko Ralo sa Primary School ke mohlala o motle o bontshang ka moo diphetho tse ntle di ka fihlelwang ha setjhaba le mmuso di sebedisana mmoho.
Sekolo sena, se Mthatha Kapa Botjhabela, se qadile ka karatjheng lapeng la e mong wa ditho tsa setjhaba, Nkululeko Ralo, eo se reheletsweng ka yena.
Dilemo tse fetileng, sekolo se ile sa falleswa ka makgetlo a mmalwa ha se ntse se hola. Leha ho le jwalo,  baithuti  le  mati tjhere ba ne ba soka ba eba le disebediswa tse nepahe tseng ho fihlela ha morao tjena, ha ba kena menyakong ya sekolo sa bona se setjha, sa maemo a hodimo.
Sekolo sena se ile sa phethelwa ka karolo ya Letsholo la Potlakiso ya Tshebetso ya Phano ya Ditshebeletso tsa Motheo tsa Dikolo (ASIDI), e ileng ya thakgolwa ke Lefapha la Thuto ya Motheo ka 2011.
Letsholo lena le ikemiseditse ho ntlafatsa dikolo tse behang baithuti le basebetsi kotsing, ka lebaka la kgaello ya meralo ya motheo, metsi, matlwana le motlakase.
Ho fihla ha jwale, ASIDI e se e ahile dikolo tse 266, ya kenyetsa dikolo tse 886 matlwana, ya kenyetsa tse 1030 metsi le tse 372 ka motlakase.Ha  jwale  baithuti  ba sekolo sa Nkululeko Ralo Primary School ba se ba ena le diphaposi tsa borutelo tse nepahetseng le setsi sa disebediswa t se hlokehang dithutong tsa bona, laboratori ya saense, le setsi sa merero e mengata le sa phepo.
Ho ba le pono e tshwanang
Moswehlooho Koleka Gilman o na le lerato la ho ntlafatsa thuto Mthatha. Toro ya hae ya ho theha sekolo mole mong wa setjhaba sa habo e qadile ka 1988, mme sele mong se latelang, a qala ho arolelana pono ya hae le se tjhaba sa ha habo.
“Setjhaba sa rona se ne se  tletse bana ba bangata ba  dilemong tsa ho kena sekolo mme ho sena moo ba ka yang teng bakeng sa thuto. Pono ya ka e ile ya ananelwa ke setho sa setjhaba, Nkululeko Ralo, ya ileng a nehela ka karatjhe ya hae ya lapeng hore e sebediswe e le sekolo,” ho rialo Gilman.
O tlatsetsa ka hore Ralo o ile a boela a tswela pele ka ho hlophisa khontheinara ya Telkom mme ya sebediswa e le phaposi ya borutelo ya tlatsetso. Ralo o ile a hlophisa le ditho tse pedi tsa setjhaba sa habo ho nehela dikaratjhe tsa tsona ho ba diphaposi tsa borutelo tsa tlatsetso. Ka maswabi Ralo o ile a hlokahala ka 2004.
Ka 1994, sekolo se ile sa fallela Holong ya Eli Spilkin, e hahilweng ke rakgwebo wa motse, Eli Spilkin.
“Sona selemong seo, Lefapha la Thuto le ile la re rekela matlwana a boithusetso. Mme ke ile ka batlana le ho kenya kopo ya setsha moo re  neng re tla qetella re ahile sekolo sa rona teng. Re ile  ra fumana dihektra tse hlano tsa mobu ka 1998,” ho rialo Gilman.
Diphaposi tsa borutelo tse tharo tsa nakwana di ile tsa nehelwa sekolong ke mokgatlo o sa etseng phaello o bitswang Kats and Spaks, mme  setjhaba  se  ile  sa  aha diphaposi tsa borutelo tsa mobu tse hlano.
Ka dilemo tsena tsohle, Gilman o ile a tswela pele ho buella hore sekolo se ntlafatswe  mme  qete llong, diphaposi tsa borutelo tse hlano di ile tsa fumanwa ho tswa ho Kantoro ya Tonakgolo ya Kapa Botjhabela.
Ka 2014, dintho di ile tsa ntlafala haholo ha Lefapha la Thuto, ka ASIDI, le fana ka thendara ya ho ahela sekolo sa Nkululeko Ralo Primary School moaho wa sekolo.
“Ka lebaka la ASIDI,  sekolo se qadile ho ahwa ka 2018 mme sa phethelwa ka 2021,” ho rialo Gilman.
Ho kgothaletsa ho ruta le ho ithuta 
Motlatsi  wa  Letona  la Thuto ya Motheo, Reginah Mhaule, o re lefapha le batla ho netefatsa hore meralo ya motheo ya sekolo se seng le se seng e kgothaletsa baithuti ho kena sekolole ho ithuta, le matitjhere ho ruta.
“Kaho ya sekolo sena ke mokgwa wa mmuso wa ho kgutlisetsa seriti ho bana  ba kenang sekolo ba mahaeng le ba futsanehileng le matitjhere a bona,” o rialo.
Setho sa lekgotla la bolaodi ba sekolo, Nomuntu Dlengane, o re sekolo se setjha se tla kgothaletsa mati tjhere le bana ho fihlella bokgoni ba bona ba nnete.
“Maikutlo le ho itshepa ha bana ba rona ho se ho ntlafetse ka lebaka la meralo ya motheo e metjha. Sena se  tla re thusa ho qoba katamelano ka diphaposing tsa borutelo tsa rona e le hore re ka fedisa ho ata ha lefu la kokwanahloko ya Corona,” ho rialo Dlengane.
Sekolo se na la baithuti ba 489, matitjhere a14, le ditlelereke tsa tsamaiso tse  babedi. Se fana ka dithuto  tsa dihlopha tsa Kereiti ya R ho isa ho ya 7 ebile ke sekolo se sa lefellweng.