Re aha motheo wa matsete

vukuzenzele unnamed

Ka tlwaelo, nakong ena ya selemo re kopanya batsetedi ho tswa dikgutlong tse nne tsa naha ya rona le ba ma tjhaba Sebokeng sa Matsete sa Afrika Borwa sa selemo se seng le se seng.
Re ile ra tshwara Seboka sa Matsete sa pele ka selemo sa 2018 e le karolo ya morero wa rona o hlwahlwa wa ho hlahisa matsete a balwang ka trilione tse 1.2 tsa diranta.
Sebokeng sena ho ne ho tlile baemedi ba fetang sekete sele mong sa 2018 le sa 2019, mme ka 2020 se ile sa tshwarwa ka mokgwa wa vidio ka lebaka la sewa sa COVID-19 .
Mmoho, diboka tsena di ile tsa hlahisa boitlamo ba matsete a kahodimonyana ho dibilione tse 770 tsa diranta ho phatlalla le makala a ma ngatanyana a moruo wa rona.
Seboka sa Matsete sa Afrika Borwa sa bone se ne se tshwanela hore e be se ile sa tshwarwa ka kgwedi ya Pudungwana selemong sa 2021, empa re nkile qeto ya ho se busetsa morao kgwe ding ya Hlakubele sele mong sa 2022 ka lebaka la diketsahalo tse ding tse re qakehisitseng nakong ena.
Tsena di kenyeletsa dikgetho tsa bommasepala, seboka sa maemo a lehodimo se bitswa ng COP26, le Seboka sa Kgwebo e Kopanyang Dinaha tsa Afrika. Lebaka le leng la ho se tshwara selemong se tlang ke hobane kanetso ya kentelo ya thibelo ya COVID-19  e tla be e se e le hodimo haholo ka nako eo, e leng se tla thusa hore batho ba tsebe ho eta le ho kgobokana habonolo.
Le ha Seboka sa Matsete sa bone se diehisitswe ka di kgwedi tse moelana, morero wa rona o hlwahlwa o ntse o tswela pele. Esita le mae mong ana a tshwenyang a tikoloho ya moruo a ba kwang ke COVID-19 , a ileng a mpefatswa ke merusu le tshenyo e ileng ya etsahala dikarolong tsa KwaZuluNatal le Gauteng ka kgwedi ya Phupu, dikhampani di ntse di tswela pele ho ikitlaetsa boitlamong ba tsona, mme di leka ho fumana menyetla ya matsete ka hare ho Afrika Borwa.
Selemong sena se fetileng feela, boitlamo ba matsete bo batlang bo etsa dibilione tse 120 tsa diranta bo ile ba thusa ho theweng ha diprojekte le katoloso. Sena se bolela hore dipersente tse ka bang 38 tsa boitlamo bohle ba matsete – kapa dibilione tse 290 tsa diranta – di se di kene mo ruong wa rona ho fihlela jwale.
Matsete a mang a fumane tiehiso ka lebaka la COVID19, haholoholo dikarolong tse thefulehileng haholo jwalo ka kaho ya matlo le bohahlaodi.
Tlhahiso ya meriana ke karolo e babatsehang e ntjha ya kgolo.
Aspen Pharmacare haufi nyane e thakgotse katoloso ya yona ya dibilione tse 3.4 tsa diranta, eo e ileng ya e pha tlalatsa Sebokeng sa Matsete sa 2018. Matsete ana a thu sitse hore setsha sa tlhahiso sa Aspen se motseng wa Gqeberha se fihlele maemo a ho ba se seng sa ditsi tse kgolo ka ho fetisisa lefatsheng bakeng la tlhahiso ya meriana e tlwaelehileng e kokobetsang mahloko, hape sa eketsa bo kgoni ba tlhahiso bo entseng hore diente tse fetang milione tsa Johnson & Johnson tse thi belang COVID-19 di hlahiswe tlasa kontraka.
Mokgatlo wa Bophelo wa Lefatshe (WHO) le ona o kgethile Afrika Borwa ho amohela setsi sa tlhahiso ya ente ya mRNA tlasa Biovac Institute, eo e leng morero o kopanetsweng ke lekala la poraefete le mmuso. Nga kaPatrick Soon-Shiong, eo e leng letswallwa la Afrika Borwa, mmoho le khampani ya hae e bitswang NantWorks ba sa tswa phatlalatsa morero o hlwahlwa wa ho theha bo kgoni ba ho tlisa tlhokomelo ya bophelo e boemong bo hodimo Afrika. Ka hodimo ho matsetse ao e tla a hlahisa, merero ena e tla ba le seabo sepheong sa rona se kopa netsweng sa hore kontinente ya Afrika e hlahise 60% ya ditlhoko tsa yona tsa kentelo ka selemo sa 2040.
Motlakase ke karolo e nngwe hape ya kgolo. Bahlahisi ba 25 ba kgethilweng mokgahle long wa bohlano wa Lenaneo la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Phumantsho ya Motlakase ka Mokgwa o sa Sebediseng Mashala mmoho ba lebe letswe ho tsetela dibilione tse ka bang 50 tsa diranta mo ruong wa rona. Ho nyollwa ha moedi o tlase wa dilaksense tsa bahlahisi ba banyenyane ho ya ho dimegawate tse 100 ho ka nna ha eketsa matsete a lekala la poraefete ka mokgwa o moholo diprojekteng tsa tlhahiso ya motlakase.
Afrika Borwa e sa tswa fumana boitlamo ba pele bo ka etsang dibilione tse 131 tsa diranta bakeng la ho e sebe disetsa ho fetohela moruong wa tshebediso e tlase ya ma shala (khabone) ka ho tsetela mekgweng ya phehlo e sa sebediseng mashala ya mo tlakase, dikoloi tse sebedisang haedrojene e sa hlahisweng ka tshebediso ya mashala le tsa motlakase. Boitlamo bona ba Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika, United Kingdom, France, Germany le European Union bo amana le Tumellano ya Paris, e tlamang dinaha tse ruileng ho tshehetsa dinaha tse ntseng di hola morerong wa ho fedisa tshebediso ya mashala le dihlahiswa tsa oli.
Matsete ana a motlakase a tla re thusa ho fedisa ho kga olwa ha phepelo ya motlakase ho kgathatsang matla hoo naha ya rona e tadimaneng le hona ha jwale, nakong eo ho hlahang phadimehelo ya tlhokeho ya mekgwa e metjha ya tlhahiso ya motlakase.
Matsete a mangata a matjha ditsheng tsa datha le tsa mehala e tsamayang ka tlasa lewatle ha a tlo tlisa feela matsete a matjha, empa a tla fana le ka metheo ya tshebetso ya moruo e hlokehang bakeng la kgolo ya theknoloji le diindasteri tsa dikgokahano.
Karolo ya bohlokwa more rong wa rona wa matsete ke diphetoho tse matla tsa taolo ya moruo tseo re di etsang di karolong tse tshwanang le tsa motlakase, tsa dikgokahano, tsa mawatle le madiboho, le karolong ya diterene. Di phetoho tsena di tla ntlafatsa tshebediso ya disebediswa e kgabane le tlhodisano, ka hona e tlise phokotso ya ditjeho tsa kgwebo ka hare ho Afrika Borwa, hape, e tla kgothaletsa haholo matsete a lekala la poraefete methe ong ya tshebetso ya moruo wa rona.
Re se re na le dibaka tse ikgethileng tsa moruo tse 13 ka hare ho naha, tse fuma ntshang batsetedi meropotso e ikgethang ya matsete, ditheolelo tse ikgethang tsa sekgahla sa lekgetho le tshe hetso bakeng la ho romela dihlahiswa tsa bona naheng tse ding. Dibaka tsena di fana ka motheo o nang le kgohedi ya ho etsa dihlahiswa bakeng la dikhampani tse batlang ho hlahisetsa mebaraka ya ka hare ho naha le ya ma tjhabeng.
Boleng ba tsona bo ekeditswe le ho feta ke ho thewa ha Le batowa la Kgwebo e Bulehi leng ya Dinaha tsa Kontinente ya Afrika (ACFTA), le qadileng kgwebo semolao maqalong a selemo sena.
Le ha sekgahla sa matsete se fokotsehile ka lebaka la sewa sa COVID-19 , mme diprojekte tse ngata di diehile ho sebetsa, tshebetso ya matsete e se e boetse e qadile ho tswela pele.
Jwalo ka ha re boetse re bontsha tswelopele malebana le phethahatso ya Moralo wa Kahobotjha le Tsosoloso ya Moruo – moo re tsitsisitseng maikutlo ho metheo ya tshe betso ya moruo, ntshetsopele ya diindasteri, tlhahiso ya mesebetsi, le diphetoho tsa taolo ya moruo – tikoloho ya maemo a kgothaletsang ma tsete e tla ntlafala le ho feta.  