Ho kenya ditletlebo ka GEPF ho nolofaditswe

vukuzenzele unnamed

Ditho, batho ba  pentjheleng le ma jalefa a Letlole la Dipentjhele tsa Basebetsi ba Mmuso (GEPF) jwale ba se ba fumana thuso ha ba ikutlwa ba sa sebeletswa hantle.
Ho netefatsa hore ditho tsa GEPF le ba malapa a tsona ba sebeletswa kantle ho leeme, boto e sa tswa theha ofisi e sebetsanang le ditletlebo.
Monamodi wa Dipentjhele tsa Basebetsi ba Mmuso (GEPO) ke ofisi e ka hare ho GEPF, empa e e ikemetse.
GEPF ke le leng la ma tlole a dipentjhele a maholo ka ho fetisisa lefatsheng, le na le ditho tse ntseng di le mosebetsing tse fetang dimi lione tse 1.2, le tse seng di le pentjheleng mmoho le bajalefa ba 450 000. Letlole lena le ne le thewe ho latela Molao wa Dipentjhele tsa Basebetsi ba Mmuso, hape le laolwa ka ona molao ona.
Moadvokate Makhado Ramabulana o hlomamisitswe jwalo ka Monamodi.
O re ofisi ena e thehetswe ho thusa batho ba tletlebiswang ke ditshebeletso tsa GEPF.
E tla tswela molemo haholo holo batho ba hlokang tjhelete ya ho hira maqwetha a ka ba thusang. Pele batho ba ka isa ditletlebo tsa bona Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba kapa makgotleng a dinyewe ba ka batla bonamodi ba Mona modi.
Ofisi ya Monamodi e tla thusa haeba ho na le tiehiso e sa hlokahaleng tshebetsong ya ho ntsha ditjhelete tse yang ho baikopedi ba lokelang. E ka thusa ho rarolla ditletlebong tse etsahetseng nakong e sa feteng dilemo tse tharo tse fetileng.
Ditaba tse ding tse matleng a GEPO di kenyeletsa:
• Ho hloleha ha basebe letsi ho etsa mesebetsi ya bona ho latela molao le melawana ya Letlole; 
• Ho hloleha ho lefa moikopedi kantle ho mabaka a utlwahalang le; 
• Tlhahisoleseding e fosahetseng kapa e lahlehisang e fanweng ke basebetsi ba GEPF.
Pele a kenya tletlebo ya hae ho GEPO, motho o tlameha ho romela tletlebo e ngo tsweng ho GEPF, ho Lekala la Tsamaiso ya Dipentjhele tsa Mmuso (GPAA) kapa ho mohiri wa hae, mme a ba fe nako ya ho lokisa taba eo.
O tlameha ho ba fa nako ya matsatsi a 30 ho lokisa ditaba tseo o ipelaeditseng ka tsona.
Haeba, ka morao ho matsatsi a 30, ditaba tsa hao di sa raro lleha, o ka romela tletlebo ya hao ho Ofising ya Monamodi” o hlalosa jwalo Ramabulana.
Ofisi ya Monamodi e ke ke ya amohela tletlebo e seng e ntse e fuputswa semolao me tjheng e meng esele.
“Nakong ya dibeke tse pedi ho tloha letsatsing leo tletlebo e amohetsweng ka lona, Ofisi ya Monamodi e tla sheba tletlebo ena e be e tsebise motletlebi hore na e ka tswela pele ho e fuputsa mme e etse qeto ka yona, kapa tjhe.”Haeba Ofisi ya Monamodi e hana ho fuputsa tletlebo, motletlebi a ka ngolla yona Ofisi ya Monamodi nakong e sa feteng matsatsi a 21, a behe mabaka a hore na ke hobaneng ha a kgolwa hore tletlebo ena e matleng a ho fuputswa ke yona.  



