Tlaleha bobodu ka mohala o tobaneng le thibelo ya bobodu

Silusapho Nyanda 

HAEBA O BELAELLA  diketso tsa bobodu, boqhekanyetsi, boshodu kapa diketso tse sa lokang tshebeletsong ya mmuso, o kopuwa ho di tlaleha.
Tshitwe 2021O e tlisetswa ke Dikgokahano tsa Mmuso (GCIS)O e tlisetswa ke Dikgokahano tsa Mmuso (GCIS)
Ho fediswa ha bobo du tshebeletsong ya mmuso ho tla dula ho le lenaneng le ka pele la tshe betso ya mmuso, mme Mohala wa Naha o Otlolohileng wa Twantsho ya Bobodu o nolo -fatsa mokgwa wa hore baahi ba tsebe ho tlaleha diketso tse belaellwang tsa bobodu.
Mohala ona o ne o thakgolwe ke Khomishene ya Tshebeletso ya Mmuso (PSC) ka selemo sa 2014, mme ho tloha hona hoo, ho se ho amohetswe ditlaleho tse fetang 100 000 tsa bobodu le diqoso tsa tsamaiso e mpe.
Ditlaleho tsena tse entsweng ke dihlabamokgosi di thusitse hore ho be le dinyewe tse  24 035 tsa bobodu, boqheka nyetsi le ditlolo tse ding tsa molao tse fuputswang, ho rialo Mokomishenara wa Tshebeletso ya Mmuso Michael Seloane, ya okamelang mosebetsi wohle o etswang ke khomishene.
Pakeng tsa selemo sa 2020 le 2021, diqoso tse 337 di tlale hilwe ka mohala ona.Tse 35 tsa tsona tse fuputswang ke PSC di amana le ho hirwa le ho rekwa ha thepa ho sa etswang ka nepo Tse setseng ho tsena di ile tsa fetisetswa mafapheng a mang a mmuso kapa sepoleseng bakeng la dipatlisiso.
Ho abuwa ha matlo a RDP, dithendara le diphallelo tsa se tjhaba ke tse ding tsa diketso tse seng setlwaeding tse ngata ka ho fetisisa tse tlalewang.
“Nakong ya ho kginwa ha maeto re amohetse ditlhoko mediso tse ngata ka imeile. Re boetse re na le sistimi e itshe betsang ya ho hatisa melaetsa bakeng sa batho ba lakatsang ho letsetsa mohala ona wa rona ka morao ho dinako tsa mose betsi,” o rialo Seloane.
O boela a re ho tloha ho nyehlisweng ha dikgato tsa ho kginwa ha maeto, ho bonahala ho bile le keketseho e tsitsitseng ya ho tlalewa ha boqhekanyetsi bo amanang le diphallelo tsa setjhaba, haholoholo diphallelo tsa Kimollo ya Setjhaba.
Ho matlafatsa mekutu ya ho lwantsha bobodu, Mmuso o ntlafaditse makala a phetha hatso ya molao ka basebetsi ba nang le tsebo, le ka ho theha Fusion Centre. Setsi sena 
ke lemulwana la makala a phethahatso ya molao a abelanang tlhahisoleseding le disebediswa ntweng ya boqhekanyetsi le bobodu bo etsahalang thekong ya thepa le ditshebeletsong tse ama nang le COVID-19 .
 Ho etsahala eng ka morao ho ho etswa ha tlhokomediso?Seloane o re ha tlhokomediso e tlalehilwe ka mohala ona, basebetsi ba tharollo ya se thato ba netefatsa hore dintlha tsa bohlokwa tsa tlhahisolese ding ena di a fanwa. Tsena di kenyeletsa dintlha tsa hore mang o entse eng, tsa hore na ketso ena e tlalewang e etsahetse hokae, le hobaneng.
O re haeba tlolo ya molao e fumanwa – le ha e ka ba diketso tse fosahetseng tsa ho reka kapa ho hira, tjotjo, bobodu bo amanang le matlo a RDP, boqhekanyetsi bo di phallelong tsa setjhaba, phallo e seng molaong, ho otla, bo shodu kapa boqhekanyetsi bo bong feela – PSC e kgothaletsa bohato ba tokiso bo tshwane lang ho nkuwa ke lefapha le amehang kapa e fetisetse qoso ena ho The Hawks, Sepolesa kapa Sehlopha sa Tshebetso sa Twantsho ya Bobodu.
Diqoso tseo PSC e di feti setsang mafapheng bakeng la dipatlisiso, di kenyeletsa:
• Basebetsi ba Mmuso ba etsang mesebetsi e meng e ka thoko e ba kenye tsang tjhelete kantle ho tumello ya mafapha a ba a sebe letsang; • Ditabatabelo tse etsang kgohlano tse sa kang tsa totobatswa le; • Boitshwaro bo sa lokang.
Seloane o re PSC e neha mafapha a mmuso matsatsi a 60 a ho etsa dipatlisiso le ho kwala nyewe. O re jwale lefapha le fa PSC tlaleho ya tseo le di fumaneng.  “Haeba re kgotsofatswa ke mehato eo lefapha le e nkileng, re tla e kwala nyewe ena, empa haeba re sa kgotsofala, re kgutlela ho bona.”Re o netefaletsa hore ha o tlo tsejwaHaeba sehlabamokgosi se sa rate hore boitsebiso ba sona bo tsejwe, mosebeletsi wa PSC ya mohaleng ona o tla nka feela nomoro ya hae ya mohala.
Sena ke sa bohlokwa hobane haeba ho ka ha hlokeha tlha hisoleseding e eketsehileng, PSC e tla tlameha ho ikopanya le yena.
Dihlabamokgosi tse tla lehang dinyewe ka mohala ona o otlolohileng wa PSC di netefaletswa hore boitsebiso ba tsona bo tla pateha, haeba di lakatsa jwalo, ho rialo Selo ane. O hlalosa hore basebetsi ba tharollo ya sethatho ba rupeletswe ho netefatsa hore boitsebiso ba sehlabamokgosi bo dule bo tshireletsehile.
Seloane o re Maafrika Borwa a tlameha ho tlaleha bobodu hobane bo utswetsa mafutsana, hape bo thiba  ntshetsopele. 