Hlokomela ditlokotsebe tsa motabo 

Sphelele Ngubane

HLWELA REJISTARA ya Naha ya Ditlokotsebe tsa Motabo(NRSO) ho fumana lesedi la hore batho bao o batlang ho ba hira bakeng sa ho hlokomela bana le ba sa itekanelang dikelellong ba na le melato kapa tjhe.

Haeba o le mohi ri ya tsamaisang setsi sa bana ba dikonyana, o hara batho ba tlanngweng ke molao hore o hlahlobe haeba basebele tsi ba hao  ha ba na molato rejistareng ena.
NRSO e wela tlasa Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo mme bahiri ba lokela ho ya teng  ho hlahloba haeba bao o batlang ho ba hira ba a hlahella kapa tjhe rejistareng ena.
Ho ba mohiri ho boela ho kenyeletsa motswadi ya batlang ho hira mothusi wa lapeng, lekgotla la taolo ya sekolo kapa sepetlele. NRSO e thehilwe ka Molao wa Pala mente ka selemo sa 2007.Rejistara ena ke rekoto ya mabitso ya ba kileng ba fumanwa ba le molato wa ditlolo tsa molao tsa motabo kgahlanong le bana le batho ba sa itekanelang dikelellong.
Ntombizodwa Matjila, e leng Morejistara wa NRSO, o re rejistara e na le mabitso a ka bobedi batlodi ba molao ba banna le ba basadi.
Bana ke batho ba entseng ditlolo tsa molao kgahlanong le bana le batho ba sa iteka nelang dikelellong, tse kang; 
• Ho kena thobalanong le ngwana ya tlase dilemong; • Ho qobella kapa ho etsa hore bana ba bone diketsa-halo tsa motabo tsa ditlolo tsa molao; • Diketso tsa motabo; • Ho etsa thobalano ka tshebediso ya matla ao motho a nang le ona; • Ho bokaboketsa motho ka morero wa motabo; •  Ho pepesa kapa ho bontsha ditshwantsho tsa maponapona a bana baneng kapa bathong ba sa iteka-nelang dikelellong le ho sebedisa bana kapa batho ba sa itekanelang dikelellong bakeng sa merero ya ditshwantsho tsa maponapona. “Haeba mohiri a elellwa hore lebitso la mosebeletsi le hlahellla rejistareng, mohiri o lokela ho isa mosebeletsi eo sekgeong se seng se sa tlo mo tlosa moo a tla kopana le ngwana kapa motho e moholo ya sa itekanelang kelellong,” ho rialo Matjila. Haeba mohiri a sa kgone ho lebisa mosebeletsi sekgeong se seng, o lokela ho fedisa konteraka ya kgiro ya mose-beletsi eo.
Tlhahisoleseding e fuma nehang ka hara NRSO e kenyeletsa; Mabitso ka botlalo le sefane tsa motlodi wa molao, lebitso la papadi le mosebetsi kapa lekala la hae;  Aterese ya bodulo e tsejwang ya Motlodi wa molao, le dintlha leha e le dife tsa boiteanyo, ho kenyeletswa le aterese ya poso;  Nomoro ya boitsebiso ya motlodi wa molao kapa nomoro ya paseporoto;  Mofuta wa tlolo ya molao ya motabo.
Rejistara ha e a dume llwa hore e balwe ke ditho tsa setjhaba .
Bahiri ke bona feela ba loketseng ho kopa thuso ya ho lekolelwa mabitso a basebeletsi ba bona ho fumana ditifikeiti tsa haeba ba na le melato kapa tjhe rejistareng ena. Ke tlolo ya molao ho pepesetsa motho e mong osele tlhahisoleseding e ka hara rejistara. 