Netefatsa hore o na le Wili!

vukuzenzele unnamed

Haeba o sena wili e nepahetseng,  o ke ke wa ba le taolo ya hore na ke mang ya tla abelwa thepa ya hao ha o hlokaha la. Sena se ka baka hore batho ba abelwe tjhelete kapa thepa ya hao, leha ebe o ne o sa batle hore ba di fumane.
Haeba motho a hlokahala a sa etsa wili, thepa eo a neng a ena le ona e tla ajwa ho latela Molao wa ho Aba Thepa ya Mofu ho ya ka Tlhatlhamano ya Malapa, ho batho ba tshwa netseng ka ho nepahala hore ba e fumane.
Molao ona o hlakisa melao ya hore na lefa le lokela ho ajwa jwang. Le ya pele ho ba lekolo, le teng le ya jwalo ka tlhatlhamano:
• Haeba mofu o hlokahe tse a na le molekane feela, molekane e tla ba yena ya abelwang lefa lohle.
• Haeba mofu o hlokahetse a sena molekane mme a na le bana feela, bana ba na ba tla abelwa lefa ka dikaralo tse lekanang.
• Haeba mofu o hlokahetse a na le molekane le bana, molekane o tla fumana karolo e lekanang le ya bana kapa R250 000, ho ya ka hore ke efe e kgolo, mme bana ba tla arolelana tjhelete e setseng. Ho etsa mohlala, haeba lefa le na le boleng ba R2 milione mme mofu a hlokahala a na le molekane le bana ba bararo, tjhelete ya ngwa na ka mong e tla lekana le R500 000. Tabeng ena hore ho fumanwe hore karolo e lekanang le ya bana ke bo kae ho arotswe boleng ba lefa ka dihlooho tse nne • Haeba mofu o hlokahetse a sena molekane kapa bana, empa batswadi ka bobedi ba ntse ba phela, batswadi e tla ba bona ba tla abelwa lefa ka dikarolo tse leka nang. Haeba motswadi a le mong o hlokahetse, empa bana ba hae ba sa phela, motswadi ya setseng o tla abelwa halofo ya lefa mme bana ba hae ba tla fumana halofo e nngwe.
• Haeba batswadi ba mofu ka bobedi ba hlokahetse, empa ba hlokahetse ba na le bana, lefa la mofu le tla arolelwa bana ba na ka dikarolo tse lekanang.
• Haeba mofu o hlokahetse a sena  molekane, bana, ba tswadi kapa bana ba haabo, lefa lohle la hae le tla abe lwa wa leloko ya amanang ka madi.
• Ya ho qetella, haeba mofu o hlokahetse a sena mang kapa mang wa leloko, Mmuso o tla ja thepa yohle ya lefa.
Ho tlaleletse se boletsweng ka hodima, ngwana eo ba tswadi ba hae ba sa nyalanang a ka kgona ho abelwa lefa hobane o amana le batswadi ba hae ka bobedi ka madi; mme ngwana wa letholwa o nkwa e le setho sa leloko sa motswadi kapa batswadi ba mo amohetseng.
Wili e nkuwa e le mo laong ha e le jwang?Wili e nkuwa e le molaong ha feela e entswe ke motho ya dilemo tse 16 ho ya hodimo, mme e tlameha ho iteanya le dipehelo tse latelang:
• E tlameha ho ngolwa, mme e saenwe qetellong ya le qephe le leng le le leng.
• E tlameha ho saenwa ke di paki tse pedi kapa ho feta tse nang le tsebo ka se wili e buang ka sona. Motho ofe kapa ofe ya dilemo di 14 ho ya hodimo e ka ba paki. Mojalefa e ka se be paki.  • O tlameha ho ngodisa dithepa tsa hao kaofela le hore o batla ho di siyela bomang, ho kenyeletsa mabitso le dintlha tsa bona.
• O tlameha ho kgetha motho ya tla ikarabella ho abeng lefa la hao (mo phethahatsi). Motho enwa ha a tlameha ho eba mo jalefa.
• O tlameha o bolele se lokelang ho etsahala ka lefa la mojalefa ya tlase di lemong.
• Haeba o na le ngwana eo e seng wa madi eo o mo hodisang, ngola hore o ba tla hore ngwana eo a sale a hodiswa ke mang.
• O tlameha ho netefatsa hore wili ya sethatho e saenweng e bolokehile, ho bane khopi e ka se sebetse.
Lesedi le tswa ho Kantoro  ya Ombud ya Bafani ba Ditshebeletso tsa Ditjhele te jwalo ka setho sa Komiti ya Naha ya Bareki ya Thu to ya Ditjhelete.
