Ho fedisa bobodu tshebeletsong ya setjhaba

vukuzenzele unnamed

Tshenolo ya Pala menteng ya hore basebetsi ba mmu so ba diketekete ba ntse ba fumana matlole a dithuso tsa setjhaba ka bokunyata kgwedi le kgwedi e bo ntsha hore re ntse re sa na le leeto le le telele leo re lokelang ho le nka ho ke nya tlwaelo ya maitshwa ro a matle tshebeletsong ya setjhaba.
Pejana selemong sena, ho ile ha boela ho fumanwa hore basebetsi ba kabang  16 000 ba fumanang mokgolo mmusong ba ile ba fuma ntshwa Letlole la Dithuso la Kimollo ya Matshwenyeho la COVID-19  ka bokunyata.
Mang le mang o a tseba hore bakopi ba nang le mehlodi e meng ya lekeno ha ba tshwa nelehe ho fumantshwa Letlole lena. Ho boetse ho a tsebahala hape le hore ba fumanang lekeno ho tswa mmusong ha ba tshwanelehe ho kenya dikopo.
Le ha hole jwalo ba ile ba di kenya. Batho ba kabang  17 000 ba hirilweng mmusong wa naha le wa profense ba kentse dikopo molemong wa ho eketsa meputso ya bona ka tjhelete e reretsweng mafutsana. Ha re nahana ka sekgahla sa tlhoko naheng ena, seo basebetsi ba rona ba mmuso ba se tsebang hantle, maikemisetso ana a ka boomo a ho utswetsa setjhaba ha a tshwarelehe ho hang.
Mmuso jwale o tiisa letsoho boitekong ba ona ba ho thibela tlhekefetso ya mofuta ona le ho nka kgato kgahlano le mang kapa mang ya tshebeletsong ya setjhaba ya amehang tlo long ena ya molao.Ha morao tjena, mmuso o phatlaladitse Yuniti e ntjha ya ho Thusa ka Merero ya Mai tshwaro, Botshepehi le Di kgato tsa Kgalemelo ya Ba sebetsi Tshebeletsong ya Setjhaba. Yuniti e tla thusa mafapha a mmuso ho theha tsamaiso ya dinyewe tsa kga lemelo mabapi le maitshwaro a mabe le ho sebedisana le makala a mang a mmuso ho ahlola ba ikarabellang bobo dung.
Yuniti e tla lebisa dinyewe tsa bobodu ho Sehlopha sa Tshebetso se Lwantsha ng Bobodu mme e latele mafapha ho etsa bonnete ba hore dinyewe tsa tlolo ya molao tse kenyeletsang basebetsi ba mmuso di kenye letswa le dinyeweng tsa kga lemelo. Ka ho sebedisana mmoho le kemedi ya Setsi se Kopanetsweng ke Ditheo tsa Diphuputso tsa Melato e Meholo, yuniti e tla thusa ho hlwaya basebetsi ba nkgang lefotha dinyeweng tsa melato e meholo tse fuputswang ke maponesa.
Yuniti e tla shebana le boitshwaro ba ditlhahlobo tsa bophelo ba basebetsi ba setjhaba. Moo mafapha a tshwayang bobodu le leruo le sa hlaloseheng, dinyewe di tla fetisetswa ho Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa.
Yuniti ena e ntjha e se e qadile ka mosebetsi wa yona ka mafolofolo, e thusa ho futulla basebetsi ba mmuso ba amehang dinyeweng tse amanang le dithendara tsa COVID-19 , le bobodu ba Letlole le Ikgethileng la COVID-19  le Letlole la  Inshorense ya ho Fellwa ke Mosebetsi.
Dinyewe tsa basebetsi ba mmuso tse fetisitsweng ke Yuniti e Ikgethileng ya Di phuputso bakeng sa dikgato tsa kgalemo di tla lekolwa ke yuniti ho lekola hore na di a phethahatswa kapa tjhe.
Karolo e nngwe ya bohlokwa ya mosebetsi wa Yuniti e tla ba ho tiisa melao ya mai tshwaro a matle le botshepehi  maemong a tshebeletso ya setjhaba. Dilemong tse feti leng basebetsi ba mmalwa ba mmuso ba bile le mohopolo wa hore ho etsa le kgwebo le mmuso kapa ho una molemo o sa hlokahaleng ho tswa Mmusong ho dumeletse hile molemong wa bona, wa metswalle le wa ba malapa a bona, ha feela ho se tlolo ya molao. Re tlameha ho etsa tsohle tse matleng a rona ho fetola mohopolo ona.
Ha re ntse re sebetsa ho fedisa bobodu, ho tlameha hore ho shejwe ka ho lekana ho ruta maitshwaro a matle, hobane se ka nnang sa se ke sa ba tlolo ya molao e kanna ya ba se fosahetseng ebile se sa tshwanele mosebetsi wa setjhaba.
Yuniti e ntjha e tla beha mekgwa le maemo hodima maitshwaro a matle, botshe pehi e boitshwaro. E tla boela e thusa mafapha mererong ya ho kgalema basebetsi ba mmuso ba fumanwang ba bile le boitshwaro bo bobe. Selemong se fetileng base betsi ba fetang 200 ba ile ba kwetlisetswa ho ba baofisiri ba okametseng le bathakgodi.  Ho aha naha e nang le mai tshwaro a matle, le bokgoni e ntse e le sepheo sa puso ena.
Jwalo ka mahlabisa-dihlong a mangata a kenyeletsang basebetsi ba mmuso ba unang molemo o seng molaong ho tswa mmusong a bontshitse, motjha ona o tla ba boima mme o tla nka nako. Le ha ho le jwalo, re ikemiseditse ho dula temeng ya rona.
Naha e nang le bokgoni ke motheo wa phihlello ya dintho tsohle tse tlang pele setjhabeng. Ntle le ho ntlafatsa boikarabello le ho kgothaletsa boitshwaro bo botle, ha ho letho le tla fihlellwang.
Boholo ba basebetsi ba rona ba mmuso ba sebatsa ka boi nehelo, ba hlompha molao ebile ba na le maitshwaro a matle.
Mosebetsi o ka pele ho rona ke ho sebetsa mmoho ho fothola ba sa ikamantshe ng, le ho lokisa mohopolo o fosahetseng wa hore bohle ba hirilweng mmusong ba itjhe bile bo bona kapa ba tletse bobodu.
Re ipiletsa ho banna le basadi bohle ba sebeletsang naha ya rona letsatsi le leng le le leng hore ba itlame botjha boleng ba ho beha batho pele le tshebeletsong ya setjhaba, le ho hopola hore boitshwaro ba bona bo tlameha ho dula bo le molaong le boitshwarong bo botle ka dinako tsohle.
Ho thehwa ha yuniti ena ke e nngwe ya ditsela tseo re di sebedisang ho fedisa bobodu mmusong le makaleng ohle a naha ya Afrika Borwa.