Ente ya COVID-19 : Dipotso tsa hao di arabilwe

Allison Cooper

Jwalo ka ha Le tsholo la ho Entela Kokwanahloko ya  Khorona ( COVID-19) le tswela pele Afrika Bo rwa, Vuk’uzenzele  e fu mane lesedi tabeng ena Lefapheng la Naha la Bo phelo bo Botle le arabang dipotso tse tlwaelehileng tseo setjhaba se ipotsang sona ka ente.
Potso:  Na ente e baka COVID-19  kapa e etsa ke be le yona?Karabo: Tjhe. Ha ho leha e le nngwe ya ente tse sebedi swang Afrika Borwa e nang le kokwanahloko ya COVID-19 .
E ke se o tshwaetse ka yona kapa wa ba le yona ka mora ho enta.
Potso:  Na ke nnete hore ente e na le microchip, e etsang hore ho bonahale moo motho a yang?  Karabo:  Tjhe. Ha ho microchip ho ente kapa sona sesebediswa se kgo nang ho bona moo motho a tsamayang. Bahlahise ba diente ho hlokahala hore ba bolele metswako yohle eo ba e sebedisang dienteng tsa bona Mokgatlong o Laolang Meriana Afrika Borwa pele ente e ka tjhaelwa monwana.
Potso:  Ke utlwile ba re ente e etsa o be le letshwao la se tshwantsho sa Sebata – la 666. Na ke nnete?Karabo: Tjhe. Ente ha di a amana ho hang leha e le mo kgatlo leha e le ofe feela wa tsa tumelo mme e ke se kenye batho meya e mebe kapa hoba le metswako e sa lokang.
Potso: Na ke tlameha ho enta haeba ke le mmeleng?  Karabo:  Baimana ba makgatheng a maholo a ho kudiswa ke COVID-19 . Ho enta ho ka thibela moimana hore a kule haholo. Potso: Na ke tlameha ho tlohela ho nyantsha hore ke ente?Karabo:  Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle mmoho le Lefapha la Bophelo la naha ha di kgothaletse hore motho a tlohele ho nyantsha hore a entele COVID-19 . Bomme ba nyantshang le bona ba  kgothaletswa hore ba  ente.
  Potso:  Na nka enta hang ka mora hore ke tshwaeditswe ke COVID-19 ?Karabo:  Tjhe. Motho ohle ya tshwaeditsweng ke COVID-19  o tlameha ho ema bonyane matsatsi a 30 ka mora ho fela ha matshwao a yona pele a ka enta.
Potso:  Ke na le matshwao a COVID-19  na ho bolokehile hore ke ente?  Karabo:  Tjhe. Ha o a tlameha ho enta ha o bona matshwao a COVID-19 . Seo o ka se etsang feela ke ho etsa diteko tsa yona. Potso:  Na nka kgona ho fumana tekanyetso ya bobedi ya ente ya Pfizer pele ho ma tsatsi a 42 ka mora ya pele? Karabo:  Tjhe. O ka kgona feela ho fumana tekanyetso ya bobedi ka mora matsatsi ana a 42.
Potso:  Na ke tlameha ho enta haeba ke ile ka ba le COVID-19  empa jwale ke se ke fodile? Na mmele wa ka o ke se kgone ho itwantshetsa kokwanahloko ka boona ho ena le hore ke sotlwe ke di tlamorao tsa ente? Karabo: Dipatlisiso di bontshitse hore mmele wa hao ha o na matla a makalo a ho itwanela ha o tshwerwe ke COVID-19  ha ho bapiswa le ha o entile. Ho enta ho tla etsa hore mmele wa hao o matlafale mme o kgone ho lwantsha dikokwanahloko nako e telele.
Ditlamorao tsa ente ke tsa nakwana e sa feteng letsatsi kapa a mabedi, di bobebe athe COVID-19  yona e o kodisa o be o robale sepetlele kapa o shwe. Potso:  Na batho ba nang le mafu a sa alafeheng jwalo ka kgatello e hodimo ya madi ba ka enta? Karabo: Batho ba nang le mafu a sa alafeheng ba ko tsing e kgolo ya ho kodiswa haholo ke COVID-19 . Ka le baka leo, ente e tla ba tswela molemo haholo.
Potso:  Haeba nkile ka hlolwa ke meriana kapa yona ente nakong ya pele, na ke ente? Karabo:  Mang kapa mang ya nang le nalane ya ho hlolwa ke meriana kapa ente o tlameha ho bua le mosebe letsi wa tsa bophelo bo botle pele a ka enta.
Potso: Ho kotsi ha ka kang ho hlolwa ke ente?  Karabo: Ho ba le maemo a mabe a ho hlolwa ke mori ana ha se ntho e tlwaelehileng.
Ha ngata ho hlolwa ke ente ho iponahatsa ka pele me tsotswana kapa metsotso feela ka mora ho enta. Ke ka hona batho kaofela ho hlokahalang hore ba ke ba nke metsotso e 15 ba lekolwa ka mora ho enta.
 Potso:  Na ho bolokehile ho enta haeba o hlolwa ke mahe? Karabo: O ka enta. Enteng tsena tsa COVID-19  ha e yo e nang le motswako wa mahe.
Potso:  Ke utlwile ho thwe ho teng batho ba baholo ba ileng ba hlokahala hang ka mora ho enta. Na ente tsena di bolokehile maqhekung? Karabo: Ente tsena di bolokehile di bile di sebetsa hantle ho thibela ho kudiswa haholo ke COVID-19  esitana le ho bolawa ke yona. Ke ka hona o bonang palo ya batho ba hodileng ba bolawang ke COVID-19  e theoha haholo dinaheng tse ngata.
Potso:  Hobaneng ho e na le batho ba tshwaetswang ke COVID-19  dibeke tse pedi feela ka mora ho enta? Karabo:  Taba ke hore ente ha e sebetse hang hang ha o qeta ho enta, ya ha Johnson & Johnson e sebetsa ka mora matsatsi a 30 o entile, ha ya ha Pfizer yona e sebetsa ka mora dibeke tse pedi o fumane tekanyetso ya bobedi. Ka lebaka lena, ha o ka kopana le kokwanahloko pele ho nako eo, o ka tshwaetseha.
Potso:  Na ente e thibela hore o se hlole o tshwaetswa ke COVID-19 ? Karabo: Tjhe. Leha o entile COVID-19  e ntse e ka o  tshwaetsa. Leha ho le jwalo, ente ena yona e tla fokotsa sekgahla sa hore COVID-19  e etse hore o robatswe sepetlele kapa e o bolaye.
Bakeng sa lesedi le eketsehileng kena ho  https://sacorona virus.co.za