BRICS ke ya mantlha kgolong ya Afrika Borwa

vukuzenzele unnamed

Selemo pele ho di kgetho tsa pele tsa demokrasi, Mopre sidente Nelson Mandela o ne a ngole taba ka leano le letjha la Afrika Borwa la nako e tlang la dikamano tsa matjhabeng makasi ning ya Foreign Policy .
E ne e re ha a lekola tsela eo dikamano tsa matjhaba di neng di fetohile ka teng ka mora Ntwa ya Tsitsipano pakeng tsa naha ya Amerika le mahlahana a yona mmoho le ya Russia le mahlahana a yona, ya ba o ngola hore dinaha di tla tlameha ho “qala botjha” haeba di batla ho una molemo ditabeng tsa matjhaba.
Haesale dintho di fetoha ka 1994, ha re a ka ra fella ka ho hlola kgethollo ya mmala feela, empa re ne re fetole dintho le matjhabeng ka hore leano la Afrika Borwa la dika mano tsa matjhabeng e be la ho “qala botjha”.
Maano a rona le dikamano tsa matjhaba a kopantse tsa moruo le dipolotiki a ke nyeletse le ntshetsopele ya Afrika, tshebedisanommoho, ho pepeswa ha demokrasi, kgotso le ditokelo tsa botho.
Ho fihlela ha jwale, re kgonne ho theha setswalle le dinaha tsohle tsa matjhaba tse ka borwa le tse ka leboya.
Ho ba setho sa dinaha tsa BRICS ha rona ka 2010 e ne e be mohato o pele wa ntshetsongpele ya naha ya rona ka ho tihisa maqhama le dinaha tse setletseng mo ruong tsa Brazil, Russia, India le China.
Ha re akaretsa, re ka re palo ya batho ba dinaha tsena tsa BRICS e etsa persente tse ka bang 41 tsa palo ya batho ba lefatshe ka bophara mme tlhahiso ya tsona ya thepa ke persente tse 24 tsa tlhahiso ya lefatshe mme e be persente tse 16 tsa kgwebisano ya lefa tsheng ka bophara. Ho ba setho sa mokgatlo ona ho re unetse molemo o moholo haholo ho tsa moruo.
Kgwebisano le dinaha tsena e hotse haholo, haholoholo le China le India ka dihla hiswa tse romelwang kantle le thepa e kenang. Dinaha tsa BRICS di ntse di tswela pele ho ba mohlodi wa matsete ho tsa matjhaba haholoholo makaleng a kang la dirashwa, makoloi, ho thothwa ha thepa, motlakase wa letsatsi, metsi le moya, la ditjhelete le la thekenoloji ya dikhomputara.
Tekolobotjha ya botho ba naha ena ho BRICS ka 2018 ke khampane ya tshebe letso tsa profeshenale e leng Deloitte, ho ile ha hlahisa hore dinaha tsena di se di tsetetse ho phetilweng hararo ho feta dilemong tse supileng pele ho 2011”. Matsete ana mmoho le diprojeke tsa ona a thehile menyetla e mangata ya mese betsi.
Haesale ho ne ho thehwe Banka e Ntjha ya Ntshe tsopele, eo kantoro tsa yona tsa lebatowa di leng Johanne sburg, Afrika Borwa haesale e fumana tshehetso ya ditjhe lete ho yona bakeng sa projeke tse kang ho thothwa ha thepa, motlakase wa letsatsi, metsi le moya, tshireletso ya tikoloho, dibopeho tsa motheo tsa metsi mmoho le ho fokotsa kgase tse silafatsang moya.
Haesale ho qala koduwa ena ya COVID-19 , Afrika Borwa e se e fumane tjhelete e ballwang ho R28 billione ho tswa bankeng ena ya Ntshetsopele e le karolo ya Lenaneo la Tshohanyetso la Tshehetso ya Ditjhelete ho thusa ho lwantsha koduwa ena le ho tsoseletsa moruo.
Re boetse ra sebedisana hantle haholo le mahlahana a rona ho BRICS bakeng sa theko ya thepa ya tshireletso ho COVID-19  le ente ya yona.
Re boetse ra nka karolo kopanong ya bo 13 ya BRICS e sa tswa tshwarwa eo ho yona ho dumellanweng hore dinaha tsena di tla sebedisana twantshong ya COVID-19  le ho tshehetsana ho tsa dipolo tiki mmoho le ditjhelete ho ba malala-a-laotswe ho lwantsha dikoduwa tsa nakong e tlang.
Sena se kenyeletsa ho thehwa ha Setsi sa Ntshe tsopele ya Dipatlisiso ka Ente le Leano la Tlhokomediso leo mosebetsi wa lona e tlang ho ba ho fana ka tlhokomediso ka mafu a tshwaetsanang a ka hlahang nakong e tlang.
E nngwe ntlha eo ho dumellanweng ka yona ke ya ho amohelwa ha ma ngolo a bopaki ba ho entelwa COVID-19 – ao e tlang ho ba setlamo ho ba le lona ha o etela dinaheng tsa matjhaba nakong e tlang. Taba ena ya tshebedisano e tla ba molemo haholo tsoseletsong ya moruo jwalo ka ha re tseba hore ho na le dinaha tseo moruo wa tsona o tlang ho tsoseletseha ka potlako ho ena le tse ding.
Bakeng sa tshehetsano tso seletsong ya moruo, dinaha tsena tsa BRICS di dumellane ka ho sebedisana makaleng a bohlokwa a kang la motlakase, thekenoloji ya dikhomputara, la mahlale, thekenoloji le bonono, la temo le phokotso ya tshilafalo ya moya. Ana ke makala a bohlokwa a badilweng leanong la rona le phatlaladitsweng ngwahola la Kahobotjha le Tsoseletso ya Moruo.
Tshebedisanommoho le dinaha tse ding tsa BRICS haholoholo lekaleng la dipa tlasiso ka tsa bonono e tla potlakisa tshebediso ya the kenoloji e leng se tla thusa ho fihlela dipehelo tsa tshebediso ya thekenoloji e pele dikgwe bong le tlhahisong ya thepa.
Ka lebaka lena, ho ile ha dumellanwa ka ho thehwa ha setsi se molaong sa BRICS seo ho sona dinaha tsena di tla arorelanang teng ka tsebo, bokgoni le boiphihlelo ho ke nyeletsa le yona thekenoloji.
Dinaha tsa BRICS di dume llane ka hore dinaha tse ntseng di thuthuha di hloka thuso hore di kgone ho finye lla Maemo a Ntshetsopele a behilweng ke Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba le hore dinaha tse tshepisitseng tshehetso di tswele pele ho etsa jwalo. Sena se bohlokwa mabapi le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo.
Jwalo ka dinaha tse ding, Afrika Borwa le yona e rata ho finyella maemong a tsi tsitseng a ho fokotseha ha ho silafala ha moya le hoja e sa ntsa neng e le naha e thuthuhang. Setsi sa BRICS sa Tshebedisano-mmoho ka Dipatlisiso tsa Eneji, se tla thusa haholo ho fumaneng mehlodi e fapafapaneng ya eneji.
Dilemong tse leshome le motso tseo ka tsona re bileng setho sa BRICS, naha ya rona e hatetse pele haholo. Ho ba setho sa BRICS ha rona ho ntlafaditse maemo a naha ya rona e ntseng e thuthuha.
Ho boetse ha re fa le monye tla wa ho fumana tsebo le maano a dinaha tse hatetseng pele moruong le ho fumana tshehetso Bankeng ya Naha ya Ntshetsopele.
Ho boetse hape ha matlafatsa le tshebetso ya rona matjha beng haholoholo ntlafatsong ya makala a fapafapaneng.
Re unne molemo o moholo ka ho ba karolo ya tshebedi sanommoho ya dinaha tsa matjhaba tse tsitlallelang ntshetso pele ya matjhaba le ho hlompha tekatekano ya dinaha tse ding le mebuso ya tsona.
BRICS e bohlokwa haholo ho naha ya rona, mme e tla nne e tswele pele ho ba jwalo le nakong e tlang.
