Hlwaya matshwao a temoso ya mafu a mofetshe o tshwarang bana e sa le ka pele

Allison Cooper

KGWEDI YA TLHOKOMEDISO ya Lefu la Mofetshe o Baneng, e tshwarwang ka kgwedi ya Loetse selemong se seng le se seng, e hlokomedisa setjhaba ka mafu a mangata a mofetshe o tshwarang bana.
Mafu a mofetshe o tshwarang  bana a bonahala a eketseha lefatsheng ka bophara, moo ho lekanyetswang hore ngwana a  le mong ho ba 408 lefatsheng ka bophara o fuma-neha a ena le mofetshe pele a ba le dilemo tse 15.
Ho ya ka Taryn Seegers, Mohokahanyi wa Dikgoka hanyo wa Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mafu a Mofetshe o Tshwarang Bana (CHOC), ho dumelwa hore tekano ya diphesente tse 67 tsa bana ba tshwerweng ke mofetshe ha ba ke ba fu mane kalafo, mme hangata bao ba fumanang kalafo bona ba e fumana ba se ba kula haholo.
Ho tloha ka selemo sa 2011, CHOC haesale e sebetsa mmoho le Lefapha la Bo-phelo bo Botle le baetapele  ba setso ho fumantsha  ditsebi tsa bophelo bo botle, basebetsi ba tsa tlhokomelo ya bakudi, dingaka tsa setso le setjhaba tsebo ya mafu a mofetshe o tshwarang bana.
“Batho bana ba rutwa ka matshwao a sethathong, le hore ba tsebe ho netefaletsa setjhaba mafu ana, esita le ho tlosa sekgobo se amahanngwang le mafu ana setjha beng”, ho rialo SeegersMatshwao a sethathong a temoso ke ana:
• Batla thuso ya bongaka e sa le kapele ha o bona matshwao a ho kula a sa dumeleng ho fola.• Leihlo: Letheba le lesweu ka hara leihlo, leihlo le pelekanang, bofokodi bo botjha ba ho se bone, ponahalo ya leihlo le ruru hang•Lekukuma: Mpeng le nokeng, hloohong le mola leng, maotong le matso hong, dithong tsa botona le ditshwelesa.• A sa hlaloseheng: Feberu e nkang nako e fetang dibeke tse pedi e sa kgaotse, ho fokola mmeleng, phokolo ya madi, mokgathala, ho kgumuha habonolo kapa ho tswa madi.
• Ho opelwa: Masapo ng, manonyeletso ng, mokokotlong le ho robeha ha bonolo.
• Matshwao a amang methapokutlo: Ho fetola motsamao kapa ho ritsa ha kgatelopele ya ho tsamaya, ho thekesela ha a tsamaya kapa ho se bue hantle, ho ritsa ha matshwao a bontshang kgatelopele  ya ho hola, ho tshwarwa ke hlooho ka nako e fe tang beke mmoho le lehlatso kapa ka ntle ho lehlatso, le hlooho e holang ho feta tekano.
Mafu a mofetshe o tshwarang banaMafu a mofetshe o tshwarang bana a fapane le a mofetshe o tshwarang batho ba baholo. A atisa ho ba dithong tsa mmele, a bonahale a fapane ha a she jwa ka maekroskhoupu, hape  a phekoleha ha bonolo ho  feta a mofetshe o tshwa rang batho ba baholo, ho  rialo Seegers.
”Sekgahla sa phekolo bakeng la bongata ba mafu a mofetshe o tshwarang bana se hod imo haholo ho feta sa bongata ba mafu a mofetshe o tshwarang batho ba baholo.
Kajeno, dinaheng tsa moruo o sa ntseng o hola, boholo ba mafu a mofetshe o tshwarang bana bo ka phekoleha hantle haholo, mme a pakeng tsa diphesente tse 50 le tse 60 a ka fodiswa ka botlalo. Dinaheng tse ruileng, sekgahla sa phodiso se pakeng tsa diphesente tse 85 le tse 90.”Hore sekgahla sa phodiso se tle se phahame, ho tshwa nela hore e be bana ba bangata haholo ba hlahlojwang nakong eo lefu lena le sa  ntseng le le dikgatong tsa lona tsa mantlha, mme ba fumane kalafo e nepahetseng – le teng ba e fumantshwe ditsing tse kgethehileng tsa kokelo, hape ba phekolwe ke ditsebi tsa bongaka tse nepahetseng.  vO ka fumana tlhahiso-leseding e eketsehileng ka ho letsetsa CHOC mohaleng wa thuso ho  0800 333 555. 
