Afrika Borwa e tlotla baphahlamakunutu

vukuzenzele unnamed

Nakong ya dilemo tse tharo ho tloha ha Khomishene ya Diphuputso tse amanang le Tshusumetso e Bolotsana Diqetong tsa Mmuso e ne e qala mosebetsi wa yona, re utlwile ka matsapa ao baetsi ba diketso tsa bobodu ba a entseng ha ba pata diketso tsa bona tsa ditlolo tsa molao.
E bile mosebetsi o thata haholo wa ho qhaqholla marangrang a tshusumetso a ileng a atlehisa bobodu.
Hara tse ding, matanta a dikhamphani tsa bolotsana a ile a thehelwa ho potolo hisa ditjhelete e le ho timeletsa ditefello tse etsetswang batho ba amanang le batho ba nang le matla a sepo lotiki.
Dipaterone tse kang tsena di bonahetse diphuputsong tse ngata tse fatang bobodu tse entsweng ke Lekala le Ikge thang la Diphuputso (SPU), le Lekala la Diphuputso tse Lenaneng le Ka Pele la Ditlolo tsa Molao (DPCI), le Bolaodi ba Naha ba Botjhutjhisi (NPA) le makala a mang.
Ha diphuputso tsena di ntse di tswela pele ho atleha, mme ho atamelwa ho fumaneheng ha batlodi ba molao ba belaellwang, re bone dipaki di fumantshwa  ditshoso, ba malapa a tsona le bona ba etsetswa ditshoso, hape di iphumane di tlameha ho  ipata, kapa di be di bolawe.
Polao ya Babita Deokaran, mohlanka ya ka sehlooho ng wa lekala la ditjhelete Lefapheng la Bophelo bo Botle provenseng ya Gauteng, ke temoso e kgolo ya phephetso  e kgolo eo re shebaneng le yona letsholong la rona la  ho ripitla mofetshe ona setjhabeng sa bo rona.Leha e le mona re eso tsebe sesosa sa polao ya hae, re ka bolela hore e ne e le paki ya sehlooho diphuputsong tsa SIU tse fuputsang ho rekwa ha Thepa ya Boitshireletso  ba Batho (PPE) hona lefapheng lena.
Mmuso o thoholetsa Tshe beletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS) le dihlopha tsa balebedi ba poraefete tse ileng tsa tshwara babelaellwa ba supileng haufinyane. Dokethe ya nyewe ena e se e fetiseditswe lekaleng la di-Hawks, mme diphuputso di tla tla le tlhahisoleseding e eketsehileng malebana le hore na Mofumahadi Deokaran o bolaetsweng.
Ho sa natswe mabaka a susumeditseng polao ena, ha re qeaqee hore Mofumahadi Deokaran e ne e le mohale le seratanaha. Ho jwalo feela le ka mabotho a baphahla makunutu ba bang, bao ka ho beha maphelo a bona tsie-tsing, ba thusang ho qhibolla diketso tsa ditlolo ya molao, tsa tsamaiso e mpe, tsa khiro ya metswalle le tsa boshodu.
Ka ntle ho matsapa a bona a ho ba bahale le a kgabane, re ne re ke ke ra kgona ho pepesa batho bano ba etsang diketso tsa bobodu.
Leha haufinyane tjena ho tsepamisitswe maikutlo ho baphahlamakunutu ba lekaleng la mmuso, empa re tshwanela le ho leboha baphahlamakunutu ba leka leng la poraefete, bao diketso tsa bona di sa nkelweng hloko jwalo ka tsa tse lekaleng la mmuso, empa le tsona, ka mokgwa o tshwanang, e ntse e le tsa bohlokwa .
Baphahlamakunutu ke basireletsi ba bohlokwa ba demokerasi ya rona. Ba pe pesa diketso le mekgwa ya bobodu e etsahala ng mmusong le mekgatlong e ikemetseng.Batho bana ba hlahisa taba tsena ka morero o motle, hape ba sa  lebella feela hore mmuso o tla nka mehato ka dite moso tsa bona, empa le hore ba tla fumana tshireletso hore ba se ke ba iphumana ba ntshitswe kotsi kapa ba kgeswa ka baka la ketso ena ya bona.
Mona Afrika Borwa ho na le melao e matla ya tshireletso ya baphahlamakunutu, e kenyeletsang e fumanehang Molaong wa Tshireletso ya Bapepesi, Molaong wa Dika mano tsa Bahiri le Basebetsi, Molaong wa Dikhamphani, Molaong o Kgahlano le Tlhekefetso, le Molaong wa Motheo ka bowona.Ka hodima mona, Lefapha la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, ka ho sebetsa mmoho le makala  a qobello ya molao, le tsamaisa Ofisi ya Tshireletso ya Dipaki molemong wa ho fana ka tshehetso ho dipaki tseo bophelo ba tsona bo leng kotsing le tse  etsetswang di tshoso tsamaisong le ha e le  efe ya phethahatso ya toka.
Ho kena lenaneong la tshireletso ya dipaki ke ka boithaopo, mme SAPS kapa NPA e keke ya qobella motho ho etsa jwalo. Haeba paki e ka fumana ditshoso tse behang bophelo ba yona kotsing, kapa ya ikutlwa e sa bolokeha, e tshwanela ho tlalehela bafuputsi ba nyewe taba ena, mme e etse kopo ya ho kenngwa lenaneong la tshireletso. Lenaneo lena le atlehileng le bile le tema e kgolo ntlheng ya ho hlahisa botjhutjhisi bo atlehileng ha esale le thewa, haholoholo ditabeng tsa ditlolo tsa molao tse hlophisitsweng.
Ho hlakile hore ha ntwa kgahlanong le bobodu e ntse e loela, re tshwanela ho lekola botjha ka potlako mokgwa wa rona wa jwale, e seng feela o malebana le tshireletso ya dipaki, empa le tshireletsong ya baphahlamakunutu ka bophara.
Leha re na le ditsamaiso tse ngata tse thusang ba phahlamakunutu ho tlaleha ka sekgukgu, re tlameha ho tiisa ditsamaiso tsena tse teng, mme re fane ka tshe hetso e matla haholo ya batho ba tlisang tlhahisoleseding pontsheng.Re le setjhaba, re tshwanela ho totobatsa moo melao le maano a jwale a haellang ho tshireletsa boiphediso, seriti le polokeho ya baphahlamaku nutu – mme re sebetse mmoho ho di kwala.Morero wa ditlokotsebe tse lwantshang baphahlamaku nutu ha se feela ho kwala batho ba itseng molomo – hape ke ho etsa ditshoso le ho ba ka nahang ho ba ba-phahlamakunutu kamoso. Ka letsatsi le letsatsi, MaAfrika Borwa a sebete jwalo ka Babita Deokaran a tsepame ntlheng ya  hore a keke a ina matsoho a ona diketsong tsa bobodu, hape a ikemiseditse ho ba dipaki kgahlanong le bona.
Re le batho ba Afrika Borwa re a mo tlotla le baphahla makunutu ba bang bohle ba makaleng a mmuso le a poraefete ba behang diketso tsa bobodu pepeneneng.
Batho bana ba etsa hona ba sa lebella thoriso kapa moputso.
Ketso ya bona ke sehlohlolo sa bosebeletsi ba setjhaba.Re ke ke ra ba swabisa. Re a tlameha, ebile re netefatsa hore dipepeso tsa bona di tla fihlella makgotleng a  dinyewe, mme batlodi ba molao ba tla ahlolwa, hape re tla sebetsa ka matla re  netafatsa hore baphahla-makunutu bana ba tla tshireletswa, ka hona ba keke ba ntshuwa kotsi.
Re le MaAfrika Borwa, re lakatsa ho totobatsa hore  hare tlo nyahamiswa ke ditshoso. Batho bohle ba mmomoring wa ho bo lawa ha dipaki le bapha hlamakunutu ba tla tshwarwa, mme ba tadimane le matla  a molao, ho tla ba jwalo le  ho bohle ba tla fumanwa  ba le molato wa diketso  tsena tsa bobodu tseo  babolai bana ba lekang ho  di pata.