Thusa ho thibela ho ipolaya

Allison Cooper

Batho ba bangata ba hlokahala ka lebaka la ho ipo-laya ho feta ba hloka halang ka lebaka la HIV, malaria, mofetshe wa matswele, dintwa le dipolayano.
Sena ke ho ya ka dipalo palo tsa moraorao tsa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), tse bontshang hore batho ba fetang 700 000 ba shwa ka ho ipolaya selemo ka seng – hona ho bolela hore bathong ba 100 ba shwa ng a le mong ke ya ipolayang, mme ho akanyetswa hore metsotswaneng e  meng le e meng e 40 ho na  le motho a le mong ya shwang.
“Re keke – mme ha re a lokela – ho iphapanya diketso tsa ho ipolaya,” ho rialo Ngaka Tedros Adhano m Ghebreyesus, Motsamaisi-Kakaretso wa WHO.
“Ho shwa ha motho a le mong ke tahlehelo e kgolo haholo. Ho thahasella thi belo ya ho ipolaya ho bile  ho bohlokwa ho feta hajwale, kamora dikgwedi tse ngata tsa ho phela le Lefu la Sewa sa Kokwanahloko ya Corona, jwale batho ba se ba na le mabaka a mangata a kotsi ya ho ipolaya, ho latela hore ba lahlehelwe ke  mesebetsi, ho kena matha teng a ditjhelete le ho qhelelwa ka thoko setjhabeng – e leng ona mathata a ntseng a re aparetse,” o a tlatseletsa.
Letsatsi la Lefatshe la Thibelo ya ho IpolayaLetsatsi la Lefatshe la Thibelo ya ho Ipolaya le thakgotswe ka la 10 Loetse 2003, ke Lekgotla la Matjhaba la Thibelo ya ho Ipolaya (IASP).Le reretswe ho thibela ho ipolaya le boitshwaro bo nang le matshwao a ho ipo laya, ho fedisa ditlamorao  tsa hona le ho fana ka foramo bakeng sa dirutehi, ditsebi tsa boitekanelo ba kelello, basebeletsi ba dikoduwa, baithaopi le mahlatsipa  a ho ipolaya.
Ho ya ka sehlopha sa Afrika Borwa sa Tetebelo ya Mai kutlo le Letshoho (SADAG), ho na le ditlaleho tsa ho ipolaya tse 23 le tse 230 tsa maiteko a sehloho a ho ipolaya tse rekotuweng Afrika Borwa letsatsi ka leng.
“Ho ipolaya e ntse e le kgoba setjhabeng sa bo rona – ha ho motho ya batlang ho bua ka hona; ha ho motho ya tsebang ho bua ka hona le batswadi ha ba batle ho bua le bana ba bona ka hona, ka mohlomong ho ka ‘jala mehopolo e sa lokang’.
Leha ho le jwalo, ke taba ya  nnete, mme e ka bonahala ka palo e eketsehang ya mehala eo re e tholang ka letsatsi,” ho rialo Cassey Chambers, Molaodi wa Ditshebetso wa SADAG.
“Haeba batho ba bangata ba ba le tsebo e ngatanyana ka ho lemoha ho ipolaya le ho tseba kamoo ba ka thollang motho thuso pele ho senyeha, re ka thusa ho fokotsa sekgahla sa ho ipolaya,” o rialo.
Seo e ka bang matshwao a ho ipolaya:l Ha motho a bua ka ho fedisa bophelo ba hae, ho shwa kapa ho ipolaya.l Ha motho a na le takatso e kgolo ya ho shwa kapa ha motho a dula a ngongoreha ka lefu le ho shwa.l Ha motho a fana ka thepa ya hae ya bohlokwa.
l Ha motho a na le ma tshwao a ho tetebela, a kang ho halefa, ho nya -hama, ho  ikgula, bothata ba takatso ya dijo le ba boroko, le ho lahlehelwa ke thahasello dinthong tseo a tlwaetseng ho di etsa.
l Ha motho a nwa jwala kapa a sebedisa dithethe fatsi ho feta tekano.l Ha motho a fana ka monyenyetsi wa ho ba siyo kamoso kapa a le sadisa ka tsela e nngwe.
l Ha motho a fetola boi tshwaro ka tsela e makatsang.
l Ha motho a etsa ditlho phiso tsa mabaka a so kang a phethelwa. vHaeba wena kapa motho eo o mo tse-bang a batla thuso, iteanye le SADAG nomorong ya bona ya koduwa ya ho ipolaya e sebetsang bosiu le motshehare ho  0800 567 567.