Re aha setjhaba se lokolohileng ditleneng tsa Tshusumetso e  Bolotsana Diqetong tsa Puso

vukuzenzele unnamed

Ho mamelwa ho neng ho rerilwe ha Dipatlisiso tsa Komishene ya Boahlodi e mabapi le Tshusumetso e Bolotsana Diqetong tsa Puso ho sa tswa phethe-lwa moraorao tjena, e  leng se fetang matsatsi a  1 000 kamora ho mamelwa ha bopaki ba paki ya pele.
Leha modulasetulo wa khomishene, Motlatsi wa Moahlodi e Moholo Raymond Zondo a itse ho ka nna ha hlokahala hore ho be le dipaki tse mmalwa hape tse lokelang ho paka, mose betsi wa khomishene jwale o haufi haholo le ho phethelwa.
Sena ke mokolokotwane  wa bohlokwa o re tli sang haufi le ho tobana le dikgaolo tse thefulang ka ho fetisisa nalaneng ya demokerasi ya rona.
Le pele Moahlodi Zondo a nehelana ka diphetho le dikgothaletso tsa hae ho Moporesidente, bohle re ka dumellana hore mosebetsi wa khomishene e bile wa bohlokwa.
Nakong ya dilemo tse  tharo, re utlwile bopaki bo neng bo hlalosa diketsa halo tse belaellwang e le tsa bobodu ba boemo bo phahameng. Re utlwile ka diketso tse bakileng boshodu ba dibilione tsa diranta  tsa tjhelete ya setjhaba. Re  utlwile kamoo ditheo tse ngata tsa mmuso le dikhamphani tsa mmuso di neng di putlamiswa ka boomo kateng.
Pepeso ena ya sebopeho, ho nama le botebo ba tshusumetso e bolotsana di qetong tsa puso e ne e sa  etsahale sephiring, empa e  ile ya hasetswa naha kaofela.
Ka ho etsa hore maAfri-ka Borwa kaofela a latele ditsamaiso tsa khomishene, ho thusitse ho tlisa tshepo ya setjhaba demoke rasing ya rona ka mokgwa o kgothaletsang ponaletso.
Naha e lokela ho leboha haholo bohle ba neng ba ameha mosebetsing wa khomishene ena; ho tloha ho ba neng ba batlisisa, ba fuputsa le ho hlophisa tlha hisoleseding e ngata; ho ya ho dipaki tse ngata tse pakileng le ho fana ka bopaki; ho ya ho baqolotsi ba ditaba ba tlalehileng ka bokgabane ka ditsamaiso tsena; ho ya ho maqwetha a thusitseng ka ho nehelana ka bopaki.
Re boetse re lokela ho leboha haholo batho ba ba ngata ka bo mong, bao bang ba bona ba ntseng ba sa tsejwe, bao diketso tsa bona di lebisitseng ta-beng ya ho thehwa  ha khomishene. Bana ke batho ba utullutseng diketso tsena tse belaellwang e le  tsa botlokotsebe, ba nganngeng, ba buileng le ba entseng matsholo – ka bobedi phatlalatsa le ka potelleng – ho fedisa tshusumetso e bolotsana  diqetong tsa puso. Re leboha bona ha e le mona jwale re bua ka tshusumetso e bolotsana diqetong tsa puso e le taba e fetileng.
Tshusumetso e bolotsana diqetong tsa puso ha e a iphella ka bo yona. E fedisitswe ke diketso tse kopanetsweng tsa maAfrika Borwa ho tswa ka makgalo ohle, a sebetsa dibakeng tse fapaneng ho busetsa ma-kgabane a demokerasi ya rona ya molaotheo. Mme ho matsohong a rona bohle ho netefatsa hore ditlwaelo tsena di keke tsa dumellwa ho etsahala hape.
Dilemong tse tharo tse fetileng, re nkile mehato e mmalwa ya bohlokwa ya ho sebetsana le bobodu le tshusumetso e bolotsana diqetong tsa puso. Re ne  re sebetsa ka thata ho  aha botjha makala a  akgangBolaodi ba Bo-tjhutjhisi ba Naha (NPA), Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS),  Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS) le a mang.
Re thehile makala a matjha, a kang Botsamaisi ba Dipa tlisiso ka hara NPA bakeng sa ho tjhutjhisa boemo bo pha hameng ba bobodu, Lekgotla le Ikgethang la Yuniti e Ikge thang ya Dipatlisiso (SIU) bakeng sa ho busetsa matlole a setjhaba a utswitsweng. Re ntlafaditse bokgoni ba rona ba twantsho ya botloko tsebe ka ho theha Setsi  sa Kopanelo, se boka nyang mmoho makala a fapafapaneng a qobello ya molao bakeng sa ho aro lelana tlhahisoleseding le ho hokahanya dipatlisiso le botjhutjhisi ba botlokotsebe.
Re fetotse boetapele dikgwebong tse mmalwa tsa lewa tsa mmuso (di-SOE), le ho qala motjha wa ho di tsoseletsa hore di itekanele ho tsa ditjhelete le tshebetso.
Re sebeletsa ho ba le mo-tlolo o motjha wa di-SOE o kgothaletsang ponaletso, boikarabelo tse toma le ho ba tsa moshwelella.
Boholo ba mosebetsi ona bo a tswella. Ho na le dibaka moo kgatelopele e bi leng monyebe ho feta ka moo re neng re tshepile kateng, mme tsena re di she bile ka tjantjello e kgolo.
Sephetho le dikgotha letso tsa khomishene ntle le  qeaqeo di tla matlafatsa mekutu ena. Re lebeletse hore khomishene e tla hlwaya bofokodi ba tsamaiso bo entseng hore tshusumetso e bolotsana diqetong tsa puso e etsahale. Sena se tla re thusa ho nka mehato e meng ya ditokiso.
Leha re ka re nako ya tshusumetso e bolotsana  diqetong tsa puso e fetile, ha re so hlole bobodu. Bobodu le boqhekanyetsi bo dula bo le teng le ho teba makaleng ka bobedi a mmuso le a poraefete.
Leha e keke ya ba boe mong ba tshusumetso e bolotsana diqetong tsa puso, mesebetsi e jwalo ya botlokotsebe e thefula naha ya bo rona haholo, e fokodisa ditheo tsa rona le ho hlotha maAfrika Borwa ditlhoko  tse ngata tsa mantlha.
Bobodu ke ntho e mpe haholo ka dinako tsohle, e hlotha batho tse molemo hodima ba le ka hara koduwa e teng hajwale ya botho. Mona re bua ka diketso tse nyonyehang tsa bobodu selemong se feti leng mabapi le ho rekwa  ha thepa le ditshebeletso  tse neng di batleha bake ng sa ntwa ya rona kgahla-nong le sewa sa COVID-19.Re arabetse ka potlako bakeng sa ho kgina bobodu bo jwalo, ho hlwaya ba  ikarabellang le ho nka bohato kgahlanong le bona.
Sena ke bopaki ba boitlamo ba rona ba ho fedisa bobodu ka metso.
Re tiisitse melawana ya Lefapha la Matlotlo, ra theha setsi sa ditheo tsa molao tse kopanetseng mosebetsi le ho neha SIU thomo  e batalletseng ya ho batlisisa dipelaelo tsohle tse  amanang le bobodu ba dithendara tsa COVID-19.
Re phatlaladitse inthaneteng dintlha kaofela tsa dikonteraka tse amana ng le ditheko tsa mabaka a COVID-19 ditheong kaofela tsa mmuso, e leng ntho e neng e qala ho etsahala ka hara naha.
Tshenyo e entswe ng naheng ya rona ke tshusumetso e bolotsana diqetong tsa puso e tebi leng. Ditlamorao tsa yona di tla utlwahala bakeng sa dilemo tse ngata tse tlang.
Feela, ka ho sebetsa mmoho, re qadile ho lokisa dintho. Re qadile ho aha botjha le ho tsoseletsa.
Re ka lebella hore sephetho sa Khomishene ya Zondo  se tla matlafatsa maiteko ana haholo. Se tla re neha monyetla wa hore re qete  le ho lebala ka ho phe thahala ka dinako  tsa tshusumetso e  bolotsana diqetong tsa  puso.
Ho sa na le mosebetsi  o mongata o re emetse ng, mme ho sa na le diqholotso tse ngata tseo ho lokelwa ng ho tobanwa le tsona.
Feela re motjheng wa ho aha setjhaba se lokolohi leng ditleneng tsa tshusu metso e bolotsana di qetong tsa puso le bobodu. 