Thusa barutwana ho emelan a le COVID-19

More Matshediso

BATSWADI LE MATITJHERE  ba ka thusa barutwana ho laola ho tshwenyeha le kgatello ya maikutlo tseo ba ka bang le tsona ka lebaka la sewa sa lefu la Coronavirus.
 Barutwana ba ile ba tobana le diphe  phetso tse ngata ka lebaka la Lefu la Coronavi rus (COVID-19) le dithibelo tsa ho kwalwa ha ditshebe letso naheng.
Ho bile le diphetoho tsa kgafetsa dithutong diko long tsa Afrika Borwa, tse  ka beng di bakile hore barutwana ba tshwenyehe le ho tshoha.
Barutwana ba ile ba tlameha ho itlwaetsa ho emelana le mokgwa o motjha wa ho ithuta ka inthanete le dithuto tse diehileng, ho se be le ba bang, tahlehelo, tsharelo le matshwenyeho, e leng ntho tse ka bakang ngongoreho le kgatello ya maikutlo.
Setsebi se eletsang ka mafu a kelello Boitumelo Tlhapane, se sebeletsang Yuniti ya Thuto e Akaretsang bohle, Lefapheng la Thuto Freistata, o re ke ntho e tlwaelehileng ho ikutlwa o ngongorehile kapa o na le kgatello ya maikutlo dinakong tsena tsa mathata a kang ana.  “Ke selemo le halofo jwale barutwana ba tlameha ho  itlwaetsa mokgwa o motjha wa ho ithuta, ba sa kopane haholo le ba bang mme le nako ya ho ithuta e fokotsehile.
“Bongata ba bona ba ile  ba tlameha ho ithuta ka bobona, ba se na bonneteba bokamoso ba bona  le tshusumetso ya COVID-19  ditabatabelong le di  torong tsa bona, ho beng ka  bona le phedisanong le  batho ba bang,” ho boletse Tlhapane.  Kamoo ba ka emelanang le  tsena kateng  Tlhapane o hlalosa hore ngongoreho ke ho tshaba kapa ho kgathatseha ka seo o se nang bonnete ba sephetho sa sona. Ho thusa barutwana ho tswelella, o fana ka dikeletso tse latelang: • Utlwisisa hore ho tlwaele hile ho kgathatseha kapa ho tshoha. Sena ha se bolele hore o a fokola. Ho lokile ho se ikutlwe hantle.  • Se bohlokwa ke seo o se etsang ka ho tshoha ha  hao. Na o hlompha melao ya COVID-19  e  e t s e d i tsweng ho o sireletsa le ba bang? Ke dife tse ding tseo o ka di etsang ho netefatsa hore wena le ba bang le bolokehile?  • O na le tlhahisoleding e tshepehang ka COVID-19  ebang wena kapa wa le loko a tshwaetseha?  • Na o na le tshehetso ya matitjhere, ba lelapa  le metswalle ba ka o  thusang ha o sa ikutlwe hantle kapa o hatellehile maikutlong kapa o ngongorehile? Sena se bohlokwa haholo.  Matitjhere a ka boela a fana ka tshehetso ntle le ho  kopana le barutwana ka ho ba romella disebediswa tsa ho bala ka inthanete le ho etsa dihlopha  tsa ho bala ka  inthanete; ka ho etsa dikgopotso molemong wa  ho kgothaletsa bana ho balla hae; le ka ho ba kgothaletsa ho bua ka dingongoreho tsa bona ka sekolo.
“Se bohlokwa sena, haho loholo bakeng sa dithuto tse ba thatafallang,” ho bolela Tlhapane.
Ba lelapa le metswalle ba ka fa barutwana tshehetso ya maikutlong, ka ho ba kgo thaletsa kgafetsa, ho bolela Tlhapane.
“Barutwana ba hloka ho hopotswa nako le nako hore maiteko a bona le boinehelo ba bona bo a bonwa le ho ananelwa, mme sena se tla etsa hore ba itshepe ho feta.”Kamoo o ka fokotsang ngongoreho kateng Tlhapane o re ho na le me kgwa e fapaneng e ka sebedi swang ke batswadi le barutwana ho lwantsha  ho ngongoreha. E kenyeletsa:  • Ho netefatsa hore ho na le melao e thata e lao lang dinako tsa ho bala, ho robala le ho ba le ba bang.
Sena se tla thusa barutwana ho fihlella dipheo tsa bona le ho phethela mosebetsi ka nako, se boele se ba thuse hore ba ikutlwe ba le tao -long ya dithuto tsa bona.  • Barutwana ba tlameha ho sebedisa disebediswa tsohle tse fumanehang seko long le mananeong a thuto a haswang thelevishe neng le seyalemoyeng, ba ikamahantse le kharikhu lamo.
• Batswadi ba ka thusa ka ho netefatsa hore barutwana ha ba mamele ditaba tse ama nang haholo le COVID-19 , haholoholo tsa ho hloka hala le tsa merero e mebe, hobane sena se ka totisa ho tshoha ha bona sa eketsa le mafu a kelello.
• Barutwana ba lokela ho fokotsa nako ya bona diwebsateng tsa ho etsa setswalle hobane hoo ke tshenyo ya nako le tshitiso e kgolo.
• Lelapa le ka fetola mokgwa oo le phelang ka ona ka ho kenyeletsa mesebetsi ya ho itlhokomela, e kang boi kwetliso ba mmele le ho bapala.  “Ebang morutwana a lahle helwa ke eo a phelang le yena, a ka nna a ba le matshwao a kgatello maikutlong kapa a ho ngongoreha.  “Ho bohlokwa hore sekolo  le batswadi ba batlele barutwana thuso ya ho thoba maikutlo,  e fumanehang Lefapheng la Thuto ya Motheo, kapa ho fumanwe thuso  e sa lefellweng kapa ba iswe tliliniking ya lehae e tla ba romela  moo ba tlamehang ho fumana thuso teng,” ho bolela  Tlhapane.  Matshwao a ho sarelwa Batswadi ba lokela ho fadi meha ba shebe matshwao a fapaneng a ka bontsha ng hore ngwana o tshwenye hile. A kenyeletsa:
• Ho ikgula ha ngwana ho ba bang a batla ho ba mong.
• Ho se je le ho se robale  hantle ka dinako tse tlwae lehileng.  • Ho phahama maikutlo ho kang ho nna a lla, a teneha kapa a ba pelo e nyane.
• Ho se kgone ho tsepamisa maikutlo.
• Ho se qete mosebetsi wa sekolo le e meng.
• Mathata a boitshwaro a kang leqhoko.
• Mabaka a sa utlwahaleng a ho se batle ho ya sekolong.  • Ho dula a le moha leng kapa diwebsae teng tsa ho etsa setswalle.
• Ho hloleha ho phethela mesebetsi e meng yaletsatsi le letsatsi.
Bakeng sa thuso batswadi le barutwana ba  ka etela diofisi tsa setereke tsa lefapha.
Ba ka boela ba letsetsa Mokgatlo wa Afrika Borwa o eletsang ka Kgatello Maikutlong le Ngongoreho, ho 0800 567 567 kapa ba romela SMS ho 31393 mme moeletsi o tla ba letsetsa.