Setjhaba se momahaneng se bohlokwa katlehong ya Afrika Borwa

vukuzenzele unnamed

Leha diketso tsa di kgoka le tshenyo tse sa tswa aparela dikarolo tse ding tsa Kwa Zulu-Natal le Gauteng di bakile tshenyo thepeng le mekgweng ya ho iphedisa, di boetse di bile le tshu sumetso e kgolo moma hanong ya setjhaba.
Sena se bonahetse hantle diketsahalong tsa mahlo mola tse etsahetseng Phoenix eThekwini.
Nakong ya merusu e matla  e kileng ya bonahala mmusong ona wa demo krasi, le nakong eo moya e leng wa ho se tshepane o renang, batho bao esaleng ba phela mmoho ka kgotso ba ile ba tsohelana matla.
Ho sa na le tse ngata tseo re lokelang ho di fatisisa  ka diketsahalo tsena tse bi leng teng. Ho haseha ha ditaba tseo e seng tsa nnete, ditshwantsho tse feto tsweng le tlhahisoleseding e fosahetseng di bakile hore ho be boima ho arola dintlha tsa nnete ho tse iqapetsweng.
Leha ho le jwalo ditlaleho tsa semmuso le batho ba ipone tseng ba re bolelletse hore batho ba ne ba kgethollwa ka mmala dithibelong tse seng molaong tsa mebi leng, ba bang ba ntshuwa ka dikoloing ba otlwa ha ba bang ba ne ba tlontlollwa ba tlatlapuwa. Batho ba bang ba ile ba bolawa.
Tse ngata tse etsahetseng ke sephetho se ke keng sa qojwa ha batho ba inkela molao matsohong. Ho inkela molao matsohong ho ke ke ha mamellwa naheng ena, Ke ketso ya tlolo ya molao mme ho kotsi.
Leha dintho di se di boetse setlwaeding dibakeng tse amehileng, bahlanka ba rona ba molao ba fuputsa diketso tsohle tsa tlolo ya molao.
Sehlopha sa mafokisi se kgethetswe ho sebetsana le dipolao tsena mme se sebetsa le baahi ba motse. Ho se ho tshwerwe babelaellwa mme ba nang le boikarabelo ketsong tsena ba tla shebana le molao.
Pheto ya pale ya tse etsahetseng motseng wa Phoenix e tletse boiteko ba ho qabanya merabe. E rotelletswa ke batho ba sa tsejweng diwebsaeteng tsa ho etsa setswalle le dihlopheng tse romella nang melaetsa tse iqape lang ditaba le ho kgothaletsa boiphetetso.
Ho na le ba lekang ho bontsha diketsahalo tsena e le letshwao la ho se utlwane ha serabe pakeng tsa batho ba batsho le maIndiya.
Jwalokaha ho bile le batho ba neng ba leka ho sebedisa bofokodi ba batho le ho baka meferefere, ho na le ba batlang ho kwahela ketso tsa tlolo ya molao ka ho di etsa tsa kgethollo ya mmala hobane  ba na le merero e itseng.
Ba ke ke ba tswella. Afrika Borwa e motlotlo ka nalane ya yona ya makgabane a ho se kgetholle ka mmala le tshe bedisano ya basebetsi. Batho ba batsho le maIndiya ba ne ba sebetsa mmoho ba lwantsha mmuso wa kgethollo, mme bona le ditjhaba tse ding ba ntse ba inehetse setjha beng se kopaneng sa demokrasi.
Batho ba Phoenix le metse ya boahelani ya Bhambayi,  Zwe litsha le Amaoti ba sebetsa mmoho ho lokisa tshenyo e bakilweng ke dikgohlano, ho fedisa tshabo le ho se tshe pane.
Ka thuso ya sehlopha sa tshebetso se thehilweng ke Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ka tshebedisano le baetapele ba baahi, baahi ba kopane ho tshehetsa ba anngweng ke merusu le ho bula metjha ya pontshano.
Ena ha se yona fela karolo ya Afrika Borwa e shebaneng le mathata a kang ana.
Maiteko a rona a ho kgothaletsa momahano ya baahi  a sitiswa ke meralo e sii lweng ke mmuso wa kgethollo le ho se lekane ho phehelletseng.
Metsemeholo ya rona, ditoropo le metse ya mahae di ntse di arotswe ho ya ka merabe le maemo a batho.
 Sena ha se kgothalletse tshebedisano le kutlwisisano, mme se boetse se sitisa mose betsi oo re o qadileng wa ho aha setjhaba se kopaneng.
Ho lokisa meralo ena ya tsa bodulo ho lokela hore e be karolo ya mosebetsi wa rona wa ho aha moruo o akaretsang bohle le ho ntlafatsa maemo a ho phela a Maafrika Borwa ohle.
Ke ka hona re sebetsang ka matla ho theha dikgwebo tse atlehang makeisheneng le metseng ya mahae, re tsepa misang maikutlo kgolong ya dikgwebo tse nyenyane.
Ke ka hona re tsetelang meralong ya ditshebeletso dibakeng tsena mme re sebe letsang ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso.
Re boetse re lokela ho lebana le kgethollo ya mmala setjhabeng sa rona. Re tlameha ho ba le dipuisano tsa nnete  ka maikutlo a rona ka ba  bang, le ka maemo a bophelo a re arolang.
Ha fela qeto ka kabo ya moruo le menyetla Afrika Borwa e ntse e nkuwa ho itshitlehilwe ntlheng tsa morabe le bong, re ke ke ra kgona ho aha setjhaba se kopaneng e le kannete.
Diketsahalo tsa Phoenix ke kgopotso e bohloko ya mose betsi o mongata o ntseng o lokela ho etswa wa ho aha setjhaba se momahaneng se atlehileng ho tlosa meedi ya nako e fetileng.
Diketsahalo tsena di bontsha kamoo batho ba  bang ba ikemiseditseng ho re arola, le hore re lokela ho leka ka hohle ho hanyetsana le sena.
Ke boikarabelo ba rona bohle ho tshehetsa baahi bana  ba eThekwini le ba diba keng tse ding leetong la bona le lebisang poelanong le  boiphekolong.
Demokrasi ya rona e ahilwe ke barati ba kgotso le batho ba neng ba labalabela kopano  ya merabe e fapaneng. Batho ba radileng tokoloho ya rona e ne e le banna le basadi  ba sebete ba batho ba batsho, maIndiya, Makhalate le ba basweu ba ileng ba kgetha poelano eseng boiphetetso, le kgotso bakeng sa ntwa.
Ha re tsitlallela ho ikoka maqeba a tsietsi e sa tswa re hlahela re le setjhaba,  a re kopaneng. Re hlole diphapano tsa rona re tsitlallele tse tla re tswela molemo re le mmoho.
A re sebetseng re le ngatana nngwe ho theha bokamoso bo le bong boo bohle ba nang le seabo se lekanang .
