SANDF e lwantsha COVID-19

More Matshediso 

Lebotho la Tshireletso ya Naha la Afrika Borwa (SANDF) e thusa ho  lwantsha sewa sa Lefu la Kokwa nahloko ya Corona (COVID-19) Gauteng, moo leqhubu lena la boraro le qhomileng teng.
SANDF e thusa ka ho etsa setjhaba diteko ka bongata, ditlhahlobo le ka ho batla ba kopaneng le  ba tshwaedi tsweng, mme e boela e thuso dipetleleng.
SAMHS e ile ya romelwa profenseng eo ho ya imulla  morwalo o imetseng basebetsi  ba tlhokomelo ya bophelo bo botle. Sehlopha sena sa Tshebetso sa Bongaka se hlongwe Sepetlele sa Dihuto tsa Bophelo bo Botle sa Chris Hani Baragwanath, mane Johannesburg.
Ka Gauteng e nang le rekoto ya palo e hodimodimo ya ditshwa etso tsa COVID-19 nakong ya leqhubu la boraro, sepetlele sena se ile sa thongwa e le setsi sa pro fense sa bophelo bo botle mme ha jwale se iteletse bakudi ba COVID-19.
Pele ba ka qala ka mesebetsi ya bona, Sehlopha sa Tshebetso sa Bongaka se ile sa tlameha ho entwa hore se tle se kgone ho tshireletseha ha se ntse se sebe tsana le palo e eketsehileng ya bakudi ba nang le COVID-19 le ba robatswang sepetlele.
Molaedi Mokoronele Fezeka Mabona wa Sehlopha sa Tshebetso sa Bongaka, eo e  leng mooki wa setsebi, o re o se betsa dikokelong mmoho le ditho tse ding tsa sehlopha.
“Sehlopha sena se na le di tsebi tse fapaneng tsa tlhokomelo  ya bophelo bo botle, tse kenye letsang, baoki, dingaka, balekani ba bongaka le ditsebi tsa bophelo bo botle le tshireletso mosebe tsing,” o rialo.Boholo ba baoki ba na le ma ngolo a booki a boemo ba dikri, ka botsebi bo ikgethileng bo  fapaneng, ho kenyeletsa tlhokomelo ya sethatho ya bo phelo bo botle.
 “Baoki ba bang ba kwetliseditswe ho sebetsa ka fietha.
 Kaofela ha rona re kile ra sebetsa re le baoki ba kalafo, babe lehisi, baoki barupelli le balaodi ba baoki sesoleng le dipetle leng tsa mmuso,” o ya tlatseletsa.
Sehlopha se arotswe ka dihlo pha tsa tshebetso mme se sebetsa mmoho le basebetsi ba sepetlele ho ya ka ditjhifi,  ho ya ka tlhokeho e teng se tsing seo. Ha jwale sehlopha se fana ka ditshebeletso tsa tlhoko melo ya bophelo bo botle diwoteng tse tshelela.
 “Palo ya basebetsi ba sepe-tlele e ya haella ho ka kgona  ho laola palo ya ditshwaetso  tsa ha jwale. Ho bohlokwa hlokwa ho rona hore re leke  ka mokgwa oo re ka kgo  nang ho ba thusa hore kaofela  ha rona re kgone ho qoba kgatello e  fetang ena ho lekala la tlhokomelo ya bophelo bo botle,” ho rialo Mabona. O tlatseletsa ka hore tshebedi sano mmoho dipakeng tsa baoki ba SANDF le ba sepetleng sena sa mmuso e ntse e le  hantle.
Ka lebaka la palo e eketsehi leng ya ditshwaetso tsa CO VID-19, sepetlele se boetse se le beletse ho tla fumantshwa dibethe tse ding tse ngata, ho eketsa palo ya dibethe tse 96 tse teng ha jwale ho amohela bakudi ba bangata. 