Tshehetso ya dikgwebo le basebetsi

vukuzenzele unnamed

Ho qala le ho aha  kgwebo ho tshwana haholo le ho hodisa lelapa. Ho nka nako, mamelo, le tshehetso ya kamehla le phepo e sa fetofetong ho tloha bose-yeng ho isa boholong.
Ho beng ba dikgwebo ba ba ngata, ho bona kgwebo eo ba iqaletseng yona fatshe e sokola, kapa e qobellwa ho kwala ma mati a yona, ho utlwisa bohloko.
Ho tloha qalehong ya sewa sa COVID-19, ka maswabi bona ebile boemo boo bo tobaneng le dikgwebo tse ngata tse  kgolo le tse nyane ka bobedi, eseng feela naheng ya rona empa  lefatsheng ka bophara.
Sewa le mehato eo re  ileng ra tlameha ho e nka ho laola ho ata ha kokwanahloko ena  e bile le kgahlamelo e senya ng dikgwebong.
Ho lwantsheng sewa re ile  ra batla ho sebedisa mokgwa o nang le bopaki ba tshebetso ho leano le tshebetsong ka bobedi, ho nahanisa diphuputso tsa saense, tsebo le bokgoni ba  bongaka, le kgahlamelo makaleng ohle a setjhaba.
Re ile ra batla ho lekalekanyana ho boloka maphelo le ho boloka mekgwa ya ho iphedisa.
Re ile ra batla ho fokotsa kgahla melo ya dithibelo tsa ho kwala tse hlahlamanang ho mekgwa  ya batho ya ho iphedisa, kapa  ho ba kotsing ya sewa sa bobedi sa bofuma se ka bang mpehadi le tlala kamoso.
Matsatsing a pelepele a selemo se fetileng, re ile ra kenya mehato e jwalo ka ya Morero wa Kimollo wa Nakwana wa Mohiri/Mosebetsi (TERS) wa COVID19 , le Morero wa Netefaletso ya Loune ya COVID-19 le mekgwa e  meng e fapaneng ya ho tshehetsa dikgwebo tse thuthuhang ka ho di fa kimollo ya hanghang ya nako e kgutshwanyane ho basebetsi  le beng ba dikgwebo ba imetsweng. Hodimo ha moo, le Letlole la Kimollo la Thuso ya Setjhaba  la COVID-19 le ikgethileng le  ho atolosa phumantsho ya  matlole a setjhaba a seng a le teng di fanne ka bophelo ho batho ba futsanehileng le ho malapa a bona.
Ka bonamodi bona re ile ra kgona ho fokotsa kgahlamelo  e mpehadi ya sewa, ho thibela ho kwalwa ha dkgwebo tse ngata le tahlehelo ya mesebetsi ho ya pele. Bo ile ba re neha motheo o tiileng wa Leano la Hlaphohelo le Kahobotjha ya Moruo leo re  le thakgotseng selemong se fetileng ka Mphalane.
Jwalo ka karolo ya leano, re kentse Dihlasimollo tsa Mosebetsi tsa Bopresidente  ho fana ka lekeno le tshehetso  ya mekgwa ya ho iphe disa ho dimilione tsa ba tla  unang molemo.
Ka dihlasimollo tsena, batjha  ba fetang 300 000 ba ile ba hirwa e le bathusi ba dikolong. Dihwai tse iphedisang tse fetang 100 000 di ngodisitswe pokellotshedimo setsong ya pelepele ya mofuta  wa yona moo di tla fuma ntshwang tshehetso ya dikeletso ka dihlahiswa tsa tsona.
Batjha ba fetang 30 000 ba fuma ntshitswe menyetla ho makala a setso, boqapi le dipapadi. Ditsebi tsa batjha di ile tsa fuwa menyetla ho makala a ntshetsopele ya meralo ya metheo, tlhokomelo ya bophelo bo botle, paballo  ya tikoloho le ho makala a  mang hape a mmalwa.
Ho na le disupo tse tshepi sang tsa hore moruo wa rona  o ntse o hlaphohelwa  butlebutle, ka kgolo le ho thehwa ha mesebetsi ho makala a mmalwa, ho tloha ho la tlhahiso ho ya ho la merafong le la temothuo.Ka mokgwa o tshwanang re a tseba hore ‘se bohlokwahlokwa’ ke matshediso a sa lekaneng ho basebetsi le beng ba dikgwebo  ba ileng ba sotleha haholo  nakong ya selemo se feti leng le halofo, ba neng ba tshepile hore maemo a bona a ntlafala ha  moruo o ntse o buleha hanyanehanyane.
Ho phahama ka potlako ha  tshwaetso e atiswang ke mofuta o motjha wa tshwaetso wa Delta o ile wa baka tlhokeho ya di thibelo tse matla tsa motsamao  wa batho, le tshebetso ya di kgwebo tse itseng le dikopano tsa setjhaba, ho tse ding.
Tsena e ne e se diqeto tse bobebe ho di nka, haholo ha re shebile kgahlamelo ya tsona ho mekgwa ya batho ya ho iphedisa.
Jwalo ka ha re ile ra etsa maqalong a sewa, re ile ra buisana dipuisanong le balekane ba rona ba tshebetso, kgwebo, mosebetsi le setjhaba ho bona hore na ke mehato e fe e tshwarellang ya ditjhelete eo re ka e kenyang ho tshehetsa dikgwebo le batho ba tlasa matshwenyeho nakong ena.
Dipuisano le Lekgotla la Ntshetsopele ya Moruo le Mosebetsi la Naha di ile tsa phethela ka tumellano ya hore mehato e ka tshwarellang ya  ditjhelete e ka fanang ka kimollo ka potlako ke ho atolosa moremo wa TERS wa COVID-19 ho makala a mang a ileng a hahlamelwa ke dithibelo tse feto tsweng tsa boemo ba bone.
Ho tshehetsa dikgwebo tseo dilaesense le diphemiti tsa tsona tsa tshebetso tse fele tsweng ke nako dipakeng tsa Tlhakubele 2020 le Phuptjane 2021, re atolosa nako ya tsona ya  tshebetso ho fihlela ka la  31 Tshitwe 2022. Hodima moo, dilaesense tsa kgwebo kapa diphemiti tse ntjha tse ntshi tsweng ho tloha ka la 1 Phupu le tsona di tla sebetsa ho fihlela ka la 31 Tshitswe 2022, ntle le ho lefiswa tefiso ya laesense.
Selemong se fetileng, re ne re sebetsa ntle le ho fetofe toha ho tshireletsa basebetsi bao mesebetsi ya bona e leng ko tsing, haholoholo ba maka leng a thefulehileng haholo a  jwalo ka a thekiso, dijo le dino le  indastri ya tshepe. Ka ditsa  maiso tse tsamai  swang ke Komishene ya Poelano le Bonamodi (CCMA), mesebetsi e ka  bang 58 000 e ileng ya bo lokwa.Ka sewa se sa bontsheng matshwao a ho fela hanghang, dikgwebo le basebetsi ba ntse ba le kotsing.
Ke ka lebaka la ditumellano le setjhaba re ntse re tswella ho theha hore mmuso, kgwebo le basetsi ba ntse ba kgona ho sebetsa mmoho ho tshireletsa basebetsi le dikgwebo kgahlano le kgahlamelo e boima ya sewa moruong.
Ho fihlela ha jwale, se  ka pelepele ke ho boloka  maphelo, le ho netefatsa hore  re fana ka tshehetso e hloke hang, eo re e kgonang, ho thi bela hore boholo ba dikgwebo di kwalwe le hore ha re lahlehelwe  ke mesebetsi e meng hape.Jwalo ka ha re entse ka morero wa TERS wa COVID-19, mmuso o itlamme ka botlalo ho tswella ka dipuisano tsa ona le makala  a kgwebo le mosebetsi ho fumana tharollo nakong ena e  ngongorehisang e tla boloka  maphelo le ho tshireletsa me kgwa ya batho ya ho iphedisa  ka bobedi.  