Thibela ho utswetswa mangolo a boitsebiso

Kgaogelo Letsebe

Shenki Mabitsela ya dilemo di 28 o ho tseba hantle ho utswe tswa mangolo a boitsebiso le diketso tsa tlolo ya molao tse etswang ka mangolo ana, hobane o ile a ba phofu ya honaMabitsela, ya tswang Modimolle provinseng ya Limpopo, o ile a etsa kopo ya kadimo ya tjhelete bankeng ka kgwedi ya Pudungwana selemong sa 2020, empa a bolellwa hore o qwetse dikolotong, mme a ke ke a adingwa. “Ke ile ka ya etsa kopo ya kadimo ya tjhelete ya nako e kgutshwane hobane ke ne ke hloka ho iphedisa ka morao ho fokotswa mosebetsing ka Phupu selemong sa 2020. Ho mmakaditse hore ke fuma-nwe ke sa lokela ho adingwa. “Sethathong ke ile ka na-hana hore mohlomong ke ka lebaka la hobane ke amohela moputso o sa tsitsang, empa lena e ne e se lona lebaka. Ke ne ke tseba hore ke na le mokitlane o le mong feela wa diaparo, mme ke se na o mong hape molato, ka hona ka kopa kgatiso ya profaele ya ka,” o rialo.Mabitsela o ile a hlokomela hore mekitlane ya difouno tse pedi le kadimo ya tjhelete ya banka ya R65 000 le mekitlane e mengatanyana ya mabenke-leng a diaparo e ile etswa ka lebitso la hae. Molato kaofela o ne o ka etsa R100 000.“Pelenyana ho qala mohato wa bohlano wa naha wa ho kginwa ha ditshebeletso le maeto, ke ile ka lahlehelwa ke bukana ya ka ya boitsebiso. Ke ile ka nahana hore e mpa e patehile ka tlung, mme ka se ke ka tshwenyeha hakaalo hobane ke ne ke se ke ena le karete ya boitsebiso” o rialo.Ka morao ho hlokomela hore ho na le motho ya etsang melato ka lebitso la hae, Ma-bitsela o ile a tlaleha ho utswetswa mangolo a boitsebiso sepoleseng sa Afrika Borwa (SAPS).O ile a tlameha ho ngola afidafiti e hlalosang hore o ile a lahlehelwa ke bukana ya hae ya boitsebiso, mme a e isa ho bao a nang le mekitlane ya bona hore a qobe ho senngwa lebitso ka ho iswa phatlalatsong ya ba hlolehang ho lefa mekitlane.Sena ha se a hlahela Ma-bitsela a inotshi. Ho ya ka tlaleho ya bobodu ya South African Fraud Prevention Service (SAFPS) ya selemo sa 2020, selemong se fetileng bobodu bo eketsehile ka 161% provinseng ya Kapa Botjhabela le 120% Gauteng.Manie van Schalkwyk, eo e leng Molaodi wa Phethahatso wa SAFPS, o re: Ho ngongorisang haholo ke hore bobodu ba ho iketsa motho e mong – bo tsejwang feela ka hore ke boshodu ba ho  utswetswa mangolo a boitsebiso – bo eketsehile ka mokgwa o nyarosang ka 337%.Van Schalkwyk o re batho ba tlameha ho tlaleha ho lahlehelwa kapa ho utswetswa bukana ya boitsebiso kapa pasporoto hanghang. “Ho tlaleha ho lahlehelwa kapa ho utswetswa mangolo a boitsebiso ho SAFPS le ho SAPS ho re thusa hore re tsebe ho kenya dintlha tsena polokelong ya rona le ho tsebisa ditho tsa rona. Ditho tsa rona di ka ba hlokolosi ha di netefatsa boitsebiso ba batho. 

