Dikhampani tsa mmuso di tlameha ho ntshetsa pele kgolo ya moruo le diphetoho

vukuzenzele unnamed

E se e le dilengwana jwale dikgwebo tsa mmuso (di-SOE) tsa Afrika Borwa, mahlong a setjhaba, di amahanngwa le ho hulwa ha puso ka nko, tshebediso e mpe ya ditjhelete le ho se sebetse hantle.
Hodima hore mmuso o nne o di ntshe dikolotong hangatangata, tse ding tsa dikhampani tsa mmuso, tse kgolo ka ho fetisisa, tse bileng di le molemo ka ho fetisisa, di nnile tsa hloleha ho phetha merero ya tsona.Dikgwebo tsena tsa mmuso di tshwanela ho ba tsona tse hulang ka pele phetolo ya moruo le ya setjhaba. Ke boikarabelo ba tsona ho fana ka dibopeho tsa motheo le ditshebeletso tseo moruo o itshetlehileng ho tsona, le ha e ka ba lekaleng la phehlo ya motlakase, la dipalangwang tsa setjhaba, la phepelo ya metsi, la ho thothwa ha thepa kapa la dibopeho tsa motheo tsa dikgokahanyo.Ditsela tseo re di sebedisang ha mmuso o rua thepa di shebane le tlhoko ya tsa-maiso e ntle ya diindasteri tsa sehlooho, tse kang tsa motlakase le tsa madiboho, hape le tlhoko ya ho netefatsa hore ditlhoko tse mahlonoko tsa Maafrika Borwa wohle, haholoholo bafumanehi, di ka phethwa.Re kgodisehile haholo hore thuo ya thepa ya mmuso e a hlokeha makaleng a hloko-losi a moruo le hore naha ya rona e hloka dikhampani tsa mmuso tse matla tse nang le bokgoni ba ho ntshetsa pele kgolo ya moruo le diphetoho.Ena ke ntlha e tobileng phano ya thepa ya setjhaba e kang motlakase le metsi, moo dikhampani tsa mmuso di kgonang ho phetha morero wa tsona wa ntshetsopele molemong wa setjhaba, e seng feela ho phetha morero wa ho fumana kuno.Ke ka lebaka lena re entseng hore morero o ka sehloohong wa mmuso ona e be ho hlo-phisa botjha dikhampani tsena le ho tsomula bobodu, ho ntlafatsa makgotla a tsona a taolo le ho di fa bokgoni ba ho phetha tema e di tshwanelang morerong wa kgodiso ya moruo le ho thewa ha mesebetsi.Morerong wa ho fihlela tsena, re tshebetsong ya ho tlisa diphetoho tse ngata tse reretsweng ho matlafatsa dikgwebo tsena tsa mmuso, e le hore di hlahise diphetho tseo naha e di hlokang, le tseo e di lebeletseng.E nngwe ya ditlhoko tsa bohlokwahlokwa e lekaleng la motlakase. Re se re qadile tshebetso ya ho hlopholla Eskom re e etsa dikgwebo tsa mmuso tse tharo, moo e nngwe e tla ikarabella ho phe-hlo ya motlakase, e nngwe e tla ikarabella ho kgokelo ya motlakase, ha ya ho qetela e tla ikarabella phepelong ya motlakase. Sena se etsuwa ka lebaka la hobane sebopeho sa pele sa Eskom se ne se sa lokela dinako tse fetohang tsa phepelo ya motlakase. Eskom e ile ya hloleha ho sebetsa hantle, ya eba le ditshenyehelo tse fetang tekano, hape ya hloka ponahaletso e anetseng.Ho thewa ha khampani e ikarabelang kgokellong ya motlakase ho tla bolela hore Eskom e tla kgona ho reka motlakase ho tswa mefuteng e fapafapaneng ya barekisi, ba ikemetseng le ba puso. Hona ho tla ntlafatsa pona-haletso, ho eketse maemo a tlhodisano, hape ho kgotha-letse ho rekwa ha motlakase o theko e fihlellehang.Ka lenaneo la Renewable Energy Independent Power Producers Programme, ho bile le matsete a eneji a mangata ho tswa lekaleng la poraefete. Ka ditshitshinyo tsa ho phahamisa sekgeo se hlokang laesense bakeng sa phehlo e etswang ke dikhampani tse nyenyane – moo dikhampani di itlha-hisetsang motlakase, hape di hlahisetsang dikgwebo tse ding – ho tloha tekanyong ya megawate e le nngwe ho isa ho tse lekgolo, re ka lebella hore matsete a poraefete a tla eketseha ho feta mona.Sena ke sa bohlokwa haholo nakong ena eo naha ya rona e tshwenngwang ke kgaello e kgolo ya motlakase, ka nako e telele, hape e le moo Eskom kapa naha e sa tsebeng ho tsetela mokgweng o motjha wa phehlo ya motlakase.Seo e leng sa bohlokwa ke hore diphetoho tsena di tla neha Eskom sebaka sa ho she-bana le diphephetso tsa yona tsa ditjhelete le tsa tshebetso.Phetoho e nngwe ya bohlokwahlokwa ke ya ho thewa ha National Ports Authority, eo e leng lekala le ikemetseng la Transnet.Ena ke karolo ya bohlokwa ya leano le batsi la Transnet la ho tsosolosa dibopeho tsa rona tsa motheo tsa ho thothwa ha thepa. Transnet e rerile ho tsetela dibilione tse lekgolo tsa diranta nakong ya dilemo tse hlano tse tlang ho ntlafatseng dibopeho tsa yona tsa motheo ka bophara ba tshebetso ya madiboho. Sena se tla etsa hore madi-boho a rona a sebetse hantle, mme dihlahiswa tsa rona tse romelwang dinaheng tse ding di emelane le tlhodisano, me di tswele molemo moruo wohle wa naha.Hona ho bolela hore ho tsamayeng ha nako moreki o tla iphumana a reka thepa ka ditheko tse theohileng. Bakeng sa bahwebi ba rona ba romelang thepa dinaheng tse ding, hona ho tla eketsa dimmaraka tseo ba di rekisetsang, jwalo ka ha ba tla re-kisetsa dimmaraka tse kgolo tsa matjhaba.Ha dithomello tsa rona di hola, moruo wa rona le ona o tla hola, mme ho eketsehe mesebetsi. Madiboho a se-betsang hantle ho feta pele a tla etsa hore moruo wohle o eketse ho sebetsa hantle – mme ha methamo ya madi-boho e eketseha, mesebetsi e tla thewa madibohong moo.Ho thewa ha National Ports Authority e le lekala la Transnet le nang le lekgotla la lona la taolo, hara tse ding, ho bolela hore kuno e hla-hiswang ke madiboho ana e ka sebedisetswa ho reka thepa e ntjha le ho ntlafatsa katoloso ya madiboho a rona, e leng mosebetsi o diehisitsweng ka dilemo tse fetang leshome.Hara tse ding, diphetoho tsena di tla kgothaletsa keketseho ya matsete a poraefete dibopehong tsa motheo tsa moruo wa naha ya rona. Ho na le batho ba hlahisitseng dingongoreho tsa hore sena se tla nkela mmuso matla le ho fokotsa bohlokwa ba dikgwebo tsa mmuso. Empa, nnete ke hore sena ha se tlo etsahala.Diphetoho tsena di tla netefatsa hore le ha meralo ya metheo ya leano e ntse e le matsohong a mmuso ka thata, dikgwebo tsa rona tsa mmuso di tla sebetsa hantle le ho feta pele, mme diindasteri tseo di di tshehetsang di tla emelana le tlhodisano ho feta pele. Ka mokgwa ona wona, diphetoho tsena di bohlokwa ho netefatsa hore dikgwebo tsa mmuso di phetha merero ya tsona e pharaletseng ya ntlafatso molemong wa ho tshehetsa baahi bohle le moruo.Leano la rona e ntse e le la hore dikgwebo tsa mmuso di tlameha ho phetha tema ya bohlokwahlokwa ya ho tshehetsa kgolo ya moruo wa rona. Mosebetsi wa rona ke ho di emisa tswee, e le hore di tle di sebeletse beng ba tsona ba ho qetela – e leng batho ba Afrika Borwa.
