Thibela dikotsi tsa ho tjha mariheng ana 

Allison Cooper

Mariha a baka hore batho ba batle ho iphuthumatsa, mme a boetse a atisa dikotsi tsa ho tjheswa ke dikerese, mello, ditofo, dihitara le metsi a belang.
“Dikotsi tsa ho tjha di ata haholo mariha mme batswadi le bahlokomedi ba bana ba lokela ho ba sedi haholo ho netefatsa hore bona le bana ba a bolokeha,” ho bolela Ngaka Gary Dos Passos.Ke Hlooho ya Yuniti ya Dikotsi tsa ho tjha Red Cross War Memorial Children’s Hospital (RCWMCH) mme o boetse ke setho sa komiti ya phethahatso sa Burn Society of South Africa.Leha dikotsi tse itlhahelang di sa lebellwa di etsahala, dikotsi tse ngata tsa ho tjha di ka thibelwa ka ho ba hloko-losi, ka tlhokomelo ya batho ba baholo e nepahetseng le ka ho nka mehato ya polokeho. “Maqeba a mollo ke dikotsi tse mpe tse nang le ditlamorao tse matla mmeleng le maikutlong le bophelong ho mahlatsipa le beng ka ona,” ho boletseNgaka Dos Passos.
Kamoo o ka qobang ho tjha kateng Dikotsi tsa ho tjha di ka thi-belwa ka lapeng. Ke tsena dikeletso: • Netefatsa hore bana ha ba fihlelle dithutswana tsa mollo, dilaetara, petrole le parafini, dikerese, kgase le mabone a parafini.• Se ka tshela petrole le parafini mollong. Sena se kotsi haholo.• Se dumelle bana ho bapalla haufi le mabone a parafini kapa a kgase kapa dihitara. • Se ka sikara ngwana ha o phehile mme o se ka siya bana ba le bang ka kitjhining kapa pela yona. • Netefatsa hore bana ha ba fihlelle ketlele. Reka ketlele e se nang thapo ebang ho kgoneha. • Se ka atamela bana o tshwere emere ya ho bedisa metsi kapa pitsa tse nang le metsi a a belang. • Fetola mehele ya pitsa hore e se shebe bokapeleng ba setofo• Kenya kerese botlolong e tebileng ya kgalase e nang le lehlabathe tlase mane le tla etsa hore kerese e time ebang e ewa. • Se ka tshela lehlabathe mollong. Motjheso o dula lehlabatheng dihora.• Tshela metsi a batang pele ka bateng, o latele ka a tjhe-sang. Utlwa motjheso wa metsi a bateng ka setswe pele. Ebang o tswa kotsi ka lebaka la malakabe a mollo, itahlele fatshe o pitike, malakabe a tlo tima. “Motjheso wa mollo, wa metsi a tjhesang kapa wa motlakase o tswela pele ho tjhesa letlalo leha motho a se a tlohile ho se mo tjhesang. “Thibela ho tjha ka ho bulela metsi a pompo a batang a tshele karolo e tjheleng ya mmele metsotso e 20. Se ka sebedisa leqhwa, metsi a tswang sehatsetsing, botoro kapa sehlahiswa sefe kapa sefe se mafura leqebeng la ho tjha,” ho bolela Ngaka Dos Passos.  vDITABA TSE AKARETSANG THE PEBBLES PROJECT  and UK-based tea company Twinings have teamed up help farmworkers stay healthy.
