Batjha ba bohlokwa haholo ho rona 

vukuzenzele unnamed

Ka la 16 Phupjane 1976, batjha ba Soweto le ba dikarolo tse ding tsa naha ba ile ba tsohela matla bo kgopo bo neng bo amana le thuto e neng ereretswe batho ba batsho.
 Letsatsing leo le matsatsing a latelang batho ba bangata ba ile ba timela. Ba bolawa ke mmuso o kgopo o neng o sa kgathalle maphelo a batho ba batsho mme o sa qeaqee ho thunya barutwana ba sa hlomelang ba apereng yunifomo. Diketsahalo tsena di ile tsa baka hore dinaha tsa matjhaba di be le kgalefo kgahlano le mmuso wa kgethollo mme tsa matlafatsa le ntwa ya tokoloho. Batjha esale ba itlhomme pele boipelaetsong ba batho, ho tloha boipelaetsong kgahlano le bokgehlepetsi dinaheng tsa Latin America ho ella mafelong a bo 1950, le mehwantong ya boipelaetso ho phatlalla le Afrika ho ella mafelong a bo 1960.Seabo sa moloko wa 1976 boipelaetsong ba baithuti boemong ba matjhaba le ntwa ya bona kgahlano le kgatello le tlhokeho ya toka di ke ke tsa lebalwa.Ketsahalo ena ya bohlokwa ya dilemong tse 45 tse fetileng e ntse e hopolwa Afrika le lefatsheng. Ka hona ho a swabisa ho bona letsatsi la la 16 Phupjane le ntse le lebaleha batjheng ba Afrika Borwa. Sena se jele setsi batjheng ba Generation Z e leng ba hlahileng pakeng tsa 1997 le 2005.Lekgotla la Diphuputso tsa Mahlale a Batho le phatlaladitse Diphuputso tsa Maiku tlo a Setjhaba Afrika Borwa tsa 2019/2020 tse fumaneng hore batjha ba batlang ba etsa 40% ba Generation Z ha ba tsebe letho ka diketsahalo tsa la 16 Phupjane. Ba bang ba ballwang persenteng eo ba utlwile ka letsatsi lena empa ba tseba hanyenyane kapa ha ba tsebe letho ka lona.Leha ho le jwalo phuputso ena e boetse e fumane hore batjha ba moloko ona ba na le thahasello ya ho ithuta ka diketsahalo tsa kgale tsa bohlokwa mme ba dumela hore di molemo.Re lokela ho sebetsa ka matla re le naha ho netefatsa hore molaetsa wa 1976 o fetiswa hantle.Bona ke boikarabelo ba bohle ho kenyeletsa mmuso, dikolo, ditheo tsa thuto e phahameng, batswadi, malapa, dibini, ba tsa bono no, le setjhaba ka kakaretso.Moloko o hlahileng kamora ho putlama ha mmuso wa kgethollo o tswaletswe naheng e nang le Molao wa Motheo wa demokrasi le moo bolokolohi bo sireletswang.Menyetla eo batjha ba kajeno ba nang le yona e fapane haholo ha e bapiswa le ya ba kgale.Ho bua ka letsatsi la la 16 Phupjane ke sehopotso ho batjha ba kajeno, sa sehlabelo se seholo seo ba intshitseng sona molemong wa tokoloho. Letsatsi la Batjha ke sehopotso se matla ho batjha le hore ba lokela ho nka bohato ho ipetlela bokamoso bo botle. A mangata mathata a batjha ba Afrika Borwa kajeno.  Batjha esale ba itlhomme pele matsholong a ho tseka thuto e sa lefellweng,le kgahlano le mathata a setjhabeng a kang dikgoka haholoholo kga hlano le basadi le banana.Ntwa eo batjha ba e lwanang kajeno e kgahlano le tlhokeho ya mosebetsi, e mpefadi tsweng ke sewa sa COVID-19.Mosebetsi wa bohlokwa wa mmuso ke ho bulela batjha menyetla le ho netefatsa hore ba a e fihlella. Sepheo ka tsohle tseo re di etsang re le mmuso ke ho kenya letsoho ntlafatsong ya maphelo a batjha.  Ntwa kgahlano le tlhokeho ya mosebetsi batjheng e hloka hore ho potlakiswe kgolo ya mosebetsi, haholoholo makaleng a hlokang basebetsi ba bangata, ho ahwe bokgoni ba mmuso ba ho phethahatsa mosebetsi wa ona wa ho hodisa moruo le ho lwantsha bofuma. Re tsamaisa leano lena ka matsholo a kgethehileng. A kenyeletsa letsholo la mmuso la Presidential Employment Stimulus le nehang batho menyetla ya mosebetsi  le le thusang batjha ba bangata ho iphedisa. Re thakgotse mehato e meng e mengata ya ho theha menyetla, ya ho ntlafatsa ntshetsopele ya tsebo ya mosebetsi, ya ho tshehetsa beng ba dikgwebo ba banyenyane le ho thusa batjha ho kena moruong ka botlalo. Sena se kenyeletsa ho thehwa ha National Pathway Management Network, SA Youth, ho thusa batjha ho bona le ho fihlella menyetla le ho fumana tshehetso le ho kgona ho kena mosebetsing. Tsena ke tse ding tse behilweng pele ke Presidential Youth Employment Interve ntion, e thakgotsweng dibeke pele ho kwalwa ditshebeletso naheng ngwahola, eo jwale e kenang tshebetsong ka ho phethahala. Presidential Youth Emplo yment Intervention e thehilwe ho utlwisiswa hore ho lwa ntshwaha bothata ba tlhoke ho ya mosebetsi batjheng ho hloka mawa a matjha le tshebedisano pakeng tsa bohle setjhabeng.Maikemisetso a ka sehloohong ka lenaneo lena ke ho sibolla mekgwa e sebe tsang hantle, ntshetsopeleng ya tsebo ya mosebetsi kapa maanong adibakeng tsa mosebetsi, le ho hlophisa tsena ka potlako hore di finyelle batjheng ba bangata kamoo ho ka kgonehang kateng.Sa bohlokwa haholo ke hore ka lenaneo lena ho dumelwa hore batjha ba lokela ho ba pele matsapeng afe kapa afe a ho matlafatsa khiro ya bona. Batjha ba bohlokwahlokwa ho rona, mmeke sebetsa se seholo sa rona ntweng ena.Re tlotla batjha ka ho bontsha sebete,le ka seabo sa bona kahong le ntshetsopeleng ya naha ena. Ke batjha bao e leng baithaopi metseng ya rona, ba aha naha ena ka lenaneo la mmuso la Presidential Employment Stimulus la ho thusa batho ho iphedisa, ba tsamaisale dikgwebo tsa bona, ba boetse ba shebane le dithuto tsa bona ka sepheo sa ho ntlafafatsa maphelo a bona.Ke batjha ba ipetlelang tsela ya bona ba sa siye morao beng ka bona. Re tlotla batjha ba rona ba ntseng ba sebeletsa ho ntshe tsa pele maphelo a bona. Batjha ba kenya letsoho temeng; ba hloka mmuso le setjhaba sohle ho kenya letsoho. Naha ya rona e tobane le diphephetso tse matla, empa re sebetsa ka matla kamehla ho fa batho tshepo. Ke bona mahlomela a kgolo moruong wa rona, mme re na le tshepo ya hore sena se tla lebisa menyetleng bakeng sa bohle. Mosebetsi wa rona jwale ke ho netefatsa hore batjha ba malala a laotswe mme ba kgona ho fihlella menyetla ena, ba iketsetse ya bona.
