Ditoro tsa setjhaba sa Tafelkop di ya phethahala

Vukuzenzele unnamed

Sehlopha sa di hwai tsa batho ba batsho se dulang Tafelkop, mane Gro blersdal, Limpopo, ke beng ba dihektare tsa mobu tse 189 ba motlo tlo, tseo esale ba ntse ba di lema ka dilemo tse fetang 25.
Dihwai tsena tse 30 di ile tsa fumantshwa di-title deed tsa mobu ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka mora hore Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Metheo le fetisetse mobu oo sepheong sa kabobotjha.Boleng ba mobu oo bo feta R25.5 milione empa o fuwe dihwai mahala.“Ka nnete lena ke letsatsi le leholo ho setjhaba sa Ta-felkop, ho batho ba Limpopo, le Afrika Borwa ka kakaretso.“Kajeno re paka ha toro ya setjhaba e phethahatswa.Ke pono eo setjhaba sena se qetileng dilemo tse 25 tse fetileng se ntse se lwanela ho e bona e phethahala,” ho rialo Mopresidente moketeng wa phetisetso.Ho tloha ka 1996 esale dihwai tsena di atleha ho hla-hisa dihlahiswa tse fapaneng ho tswa mobung ona.Dilemong tsa bo1990 ba ile ba ikgobokanya ho ingodisa jwalo ka dihwai tsa kgwebo ka tlasa flolaga ya Tafelkop Farmers Association mme ba kena dipuisanong le mmuso.Ka 2000, Lefapha la Naha la Temothuo le ile la kena tumellanong ya khiriso le Tafelkop Farmers Association ho ya ka Kabobotjha ya Mobu ya Lenaneo la Ntshetsopele ya Temothuo.Ka 2009, Lefapha la Temothuo la Limpopo la nako e fetileng le ile la kgothaletsa Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba hore le fetisetse mobu ho dihwai tsena. Mangolo a ho ba beng ba mobu a ile a ngodiswa ka mabitso a dihwai maqalong a selemo sena.Ha jwale mobu o sebe-disetswa ho lema kwae, le khothone le meroho le ditholwana.Malapa a 32 a iphedisa ka temo le bohwai mobung ona e leng se fanang ka mesebetsi e 128 ho basebetsi ba moshwelella le mesebetsi e 320 ho basebetsi ba nakwana.
Tokoloho ya setjhabaMopresidente o itse setjhaba se ile sa mamella tshotleho ka dilemo tse ngata mme “Mangolo a ho ba beng ba mobu a tlisa toka ho setjhaba se neng se amohuwe mobu”.“Ha re so lebale kamoho, boshodu ba mobu le ho tloswa ka mahahapa ha batho ba setjhaba sena le ditjhaba tse ding tse ngatangata na-heng ka bophara di ileng tsa di mamella.“Ha re so lebala lefa le sehloho la temo mona Limpopo, moo baahi ba dipolasing ba ileng ba qobellwa ho sebetsa dipolasing e le tsela ya ho lefella bodulo ba bona mobung wa bontatamoholo ba bona, mme ba sa dumellwa ho eba le mobu kapa ho fepa ba malapa a bona kapa ho fulisa mehlape ya bona.”O ile a tlatsaletsa ka hore basebetsi ba dipolasing ba ile ba hanyapetswa le ho hle-kefetswa nakong eo profense ena e neng e bitswa Northern Transvaal“Re boela re hopola le mokgwa oo mmuso wa kgethollo ka mmala o neng o tshehetsa dihwai tsa ba basweu ka disebediswa, tshehetso ya thekheniki le ho fumantshwa mekitlana ya ho aha dikgwebo tsa bona, empa dihwai tsa batho ba batsho tse neng di thuthuha di ile tsa sokola ho iphedisa.”Ho fetola indasteri ya temothuoMopresidente o itse phano ya mobu e fana ka tshepo hobane e bontsha hore ka tshehetso le menyetla e napahetseng, indasteri ya temothuo e ka fetolwa molemong wa naha.“Re keteka kgatelopele, ho-bane letsatsi le letsatsi Lena-neo la rona la Kabobotjha ya Mobu le ntse le hatela pele.“Ho fihlela ha jwale, mmuso o se o abilebotjha dihektara tse fetang dimilione tse hlano tsa mobu, ho lekantshang dipolasi tse 5 500, ho batho ba uneng molemo ba fetang 300 000.”Ha jwale, tsamaiso ya kgutlisetso ya mobu e tswetse molemo bakenyi ba dikopo tsa mobu ba uneng molemo ba fetang dimilione tse pedi mme dihektara tse ka bang dimilione tse 2.7 di abuwe.“Kabobotjha ya mobu ha e molemong wa ho lokisa, toka le momahano ya setjhaba feela. E boela e le le ka  ntshetsopele ya moruo.Temothuo le tsamaiso ya ho eketsa boleng ho tsa te-mothuo di tlameha ho fetola meruo ya mahaeng,” ho rialo Mopresidente Ramaphosa.Mmuso o ikemiseditse ho thakgola kemedi ya tlhabollo ya tsa temo ho potlakisa kabobotjha ya mobu.“Re shebile ka mokgwa oo maano a rona a nako e fetileng a ileng a sebetsa ka teng. Re tlo shebana le ntlha ena ya kabobotjha ya mobu ka potlako.”Ho lokisa diphoso tsa nako e fetilengMopresidente o re mmuso o sebetsa ka thata ho lokisa se ileng sa senyeha nakong ya dilemo tsa mmuso wa kgethollo ka mmala le diphoso tse entsweng ka mora qalo ya demokrasi.“Re etsa sena ho ananela ba ileng ba phela hara rona; ba neng ba dula mona.”Kabobotjha ya mobu e bohlokwahlokwa ntlafatsong ya hore naha e be le dijo tse lekaneng, e ahe moruo o kenyeletsang bohle le ho ne-hela ka bokamoso bo betere ho Maafrika Borwa ohle, ho tlatseletsa Mopresidente.O ipileditse ho dihwai tsa Tafelkop ho sebedisa mobu ka bohlale moleng wa setjha-ba sa bona.“Ho nna, kajeno ke letsatsi le thabisang haholo mosebetsing wa ka; ho itlisa mona ka seqo ho tla bona ditholwa-na tsa lona.“Ha ke na qeaqeo ya hore ka boitelo le mafolofolo a ba-tho bohle ba bileng le seabo, projeke ena e tla tswella ho atleha,” o rialo.Modulosetulo wa Tafelkop Farmers Association, Jerry Sefoloshe, o lebohile mmuso ka ho phethahatsa hore dihwai e be beng ba mobu oo ba o sebeditseng ka mashomeshome a dilemo.Mopresidente Ramaphosa le dihwai tsa Tafelkop, Limpopo, tse ileng tsa fumantshwa mangolo a ho ba beng ba mobu oo di o lemang.